LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp21 No. 2 maq. 7-9
  • Jesu o ile a re Lefatshe le Tla Fediswa Neng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu o ile a re Lefatshe le Tla Fediswa Neng?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • NAHANA KA DINTHO TSENA TSE PEDI TSEO JESU A ILENG A DI BUA MABAPI LE BOFELO BA LEFATSHE:
  • MATSHWAO A MEHLA YA BOFELO
  • “MATSATSI A HO QETELA”
  • LEFATSHE LA PARADEISE LE HAUFI!
  • Na Bofelo ba Lefatshe bo Haufi?
    Bibele e re Rutang?
  • Keng e Bontshang Hore re Phela “Mehleng ya Bofelo”?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
wp21 No. 2 maq. 7-9
Jesu o hlalosetsa baapostola ba hae matshwao a tla bontsha matsatsi a ho qetela.

Jesu o ile a re Lefatshe le Tla Fediswa Neng?

Sehloohong se fetileng, re ithutile hore ha Bibele e bua ka bofelo ba lefatshe ha e bue ka ho fediswa ha lefatshe lena leo re dulang ho lona kapa batho kaofela. Ho e na le hoo, ho tla fediswa dintho tse mpe le batho ba di etsang. Na Bibele e a re bolella hore na lefatshe le tla fediswa neng?

NAHANA KA DINTHO TSENA TSE PEDI TSEO JESU A ILENG A DI BUA MABAPI LE BOFELO BA LEFATSHE:

“Ka hona, le dule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa yona hora.”​—MATHEU 25:13.

“Dulang le tadimile, le dule le fadimehile, ka ha ha le tsebe hore na nako e behilweng e tla ba neng.”​—MAREKA 13:33.

Ha ho na motho ya tsebang hantle hore na lefatshe le tla fediswa neng. Le ha ho le jwalo, Modimo o na le “nako e behilweng,” e leng ‘letsatsi le yona hora’ eo ka yona bofelo ba lefatshe bo tla tla ka yona. (Matheu 24:36) Na see se bolela hore ha ho na tsela le ha e le efe ya ho tseba hore na bofelo ba lefatshe bo tla tla neng? Tjhe. Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae dintho tse tla etsahala tse neng di tla bontsha hore bofelo bo atametse.

MATSHWAO A MEHLA YA BOFELO

Matshwao ao e ne e tla ba pontsho ya “qetello ya tsamaiso ya dintho.” Jesu o ile a re: “Setjhaba se tla tsohela setjhaba matla le mmuso o tla tsohela mmuso matla, mme ho tla ba le dikgaello tsa dijo le ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng.” (Matheu 24:3, 7) O ile a boela a re ho tla ba le “mafu a sewa.” (Luka 21:11) Na o bona dintho tsee di etsahala?

Kajeno batho ba utlwiswa bohloko ke dintwa, tlala, ditshisinyeho tsa lefatshe le mafu a fapafapaneng. Ka mohlala ka 2004, ho ile ha e ba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe Indian Ocean mme ya baka tsunami e ileng ya bolaya batho ba ka bang 225 000. Ka dilemo tse tharo feela, COVID-19 e bolaile batho ba ka bang dimilione tse 6.9 lefatsheng lohle. Jesu o ile a bolela hore diketsahalo tsena di ne di tla bontsha hore bofelo ba lefatshe bo haufi.

“MATSATSI A HO QETELA”

Bibele e hlalosa nako ya pele ho bofelo e le “matsatsi a ho qetela.” (2 Petrose 3:​3, 4) Ho latela lengolo la 2 Timothea 3:1-5, matsatsing a ho qetela batho ba ke ke ba ba le boitshwaro bo botle. (Sheba lebokose le reng, “Pele Lefatshe le Fediswa.”) Kajeno batho ha ba nahanele batho ba bang, ba meharo, ba bohale bo tshosang ebile ha ba na lerato. Bona ke bopaki ba hore bofelo ba lefatshe bo haufi haholo.

Matsatsi a ho qetela a tla nka nako e kae? Bibele e re ho setse “nako e kgutshwanyane.” Ka mora moo Modimo o tla fedisa batho “ba senyang lefatshe.”​—Tšenolo 11:​15-18; 12:⁠12.

Dintwa

Masole a ntweng a thunya a ipatile ka lerako.
  • Dipakeng tsa 2007 le 2017, diphesente tsa batho ba ileng ba shwa ka lebaka la dintwa le bokgukguni di ile tsa phahama ka diphesente tse 118

Ho kula

Ntate a kulang o robetse betheng sepetlele.
  • A mang a mafu a bolayang batho haholo ke lefu la pelo, setorouku, lefu la matshwafo, mafu a amang masea, letshollo, kankere le lefuba [TB]

Tlala

Ngwana ya lapileng o tshwere sekotlolo.
  • Ka 2021 batho ba etsang diphesente tse 9.8 lefatsheng kaofela ba ne ba se na dijo tse lekaneng. Baneng ba dilemo tse ka tlase ho tse hlano, a le mong ho ba bararo wa bona o ne a haellwa ke phepo ebile a sa hole hantle

Ho Ruta Batho Bibele

Dipaki Tsa Jehova di eme pela teroli di bua le mohlankana.
  • Dipaki Tsa Jehova tse fetang dimilione tse 8.6 di fana ka dingodilweng ka dipuo tse fetang 1 000 dinaheng tse 240

LEFATSHE LA PARADEISE LE HAUFI!

Modimo o se a behile letsatsi le hora eo ka yona a tla fedisa lefatshe lena. (Matheu 24:​36) Ditaba tse ding tse monate ke hore Modimo “ha a lakatse hore le ha e le mang a timetswe.” (2 Petrose 3:9) Ke ka hoo a re fang monyetla wa hore re ithute melao ya hae le hore re mo mamele. Hobaneng? Hobane o batla hore re pholohe ha batho ba kgopo ba fediswa mme re phele lefatsheng la hae le letjha leo e tla beng e le paradeise.

Modimo o lokiseditse hore batho bohle ba ithute hore na ba lokela ho etsang e le hore ba phele lefatsheng le letjha ha Mmuso wa hae o se o busa. Jesu o ile a re ditaba tse molemo tse mabapi le Mmuso wa Modimo di tla bolelwa “lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona.” (Matheu 24:​14) Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle di qeta dihora tse dibilione di ruta batho molaetsa wa Bibele o fanang ka tshepo. Jesu o ile a re batho ba ne ba tla rutwa molaetsa wa Bibele lefatsheng lohle pele bofelo bo ka tla.

Mebuso ya batho e haufi le ho fediswa. Ditaba tse monate ke hore o ka pholoha ha lefatshe lena le fediswa mme wa phela lefatsheng la paradeise leo Modimo a re tshepisitseng lona. Sehloohong se latelang re tla ithuta hore na re lokela ho etsang e le hore re phele lefatsheng leo le letjha.

PELE LEFATSHE LE FEDISWA

“Matsatsing a ho qetela ho tla ba le dinako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etswe batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, ba ikgopolang ho tlola, ba ikgohomosang, banyefodi, ba sa mameleng batswadi, ba se nang teboho, ba sa tshepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano le ha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitshwaro, ba bohale bo tshosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho di thata, ba ikgohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e na le ho rata Modimo, ba nang le ponahalo ya boinehelo ba bomodimo empa ba se na nnete matleng a bona.” ​—⁠2 TIMOTHEA 3:​1-⁠5.

Boprofeta ba Jesu bo mabapi le “matsatsi a ho qetela” bo re fa tshepo

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share