Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • wp21 No. 3 leq. 3
  • Motho e Mong le e Mong o Batla ho Phela ha Monate

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Motho e Mong le e Mong o Batla ho Phela ha Monate
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Selelekela
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Ka Moo o ka Fumanang Bophelo bo Thabisang ka Teng
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Na ho ba Motho ya Lokileng ho ka Etsa Hore o Dule o Thabile?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Na Thuto e Phahameng le Tjhelete di ka Etsa Hore o Dule o Phela ha Monate?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
Bala Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
wp21 No. 3 leq. 3
Lelapa le shebile botle ba dithungthung tsa sefate.

Motho e Mong le e Mong o Batla ho Phela ha Monate

O batla ho phela bophelo bo jwang? Ha ho pelaelo hore le wena jwalo ka batho ba bangata o batla hore lelapa la hao le atlehe, le phele ha monate, le dule le thabile, le sa kule le bile le ena le kgotso.

Le ha ho le jwalo, batho ba bangata ha ba sa na tshepo ya hore ba tla ke ba phele bophelo boo ba bo batlang. Ka mohlala, ho ba le dintho tse etsahalang ka tshohanyetso mme di ama tsela eo batho ba phelang ka yona hampe. E nngwe ya tsona ke Coronavirus, e entse hore batho ba futsanehe mme e bolaile batho ba bangata. Sena se entse hore batho ba ikutlwe eka ha ho mohla ba tla ke ba phele ha monate.

Ka lebaka la ho fetofetoha ha maemo, batho ba ikemiseditse ho batla ntho e tla ba thusa hore ba dule ba thabile. Ba bang ba nahana hore ba tla dula ba thabile hobane Modimo o rerile esale pele hore na ba tla phela jwang. Ba bangata ba ya diyunivesithi, ba batla ho ba barui e le ha ba nahana hore dintho tsena di ka etsa hore ba fumane seo ba se batlang. Ba bang ba nahana hore ho ba motho ya lokileng, ke yona ntho eo ba e hlokang e le hore ba phele ha monate.

Na hara dintho tsee ho na le e ka o thusang hore o phele bophelo boo o bo batlang? E le hore o fumane karabo o lokela ho nahana ka dipotso tsena:

  • O ka tseba bokamoso ba hao jwang?

  • Na thuto e phahameng le ho ba le tjhelete di ka etsa hore o phele ha monate?

  • Na ho ba motho ya lokileng ho ka etsa hore o phele ha monate?

  • Ke eng e ka o thusang hore o dule o thabile bophelong?

Makasine ena ya Tora ya ho Lebela e ka o thusa hore o fumane dikarabo tsa dipotso tsena.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela