LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w21 October maq. 29-31
  • 1921—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 1921—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BABOLEDI BA SEBETE
  • BORAPEDI BA LELAPA LE HO ITHUTA BIBELE
  • BUKA E NTJHA!
  • MOSEBETSI O LARILENG KA PELE
  • Kamehla Jehova o a re Hlohonolofatsa ha re Etsa Seo a se Batlang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • 1922​—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • 1923—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
w21 October maq. 29-31

1921—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

“KE MOSEBETSI ofe o potlakileng oo re lokelang ho o etsa selemong see?” Tora ya ho lebela ya January 1, 1921 e ile ya botsa Diithuti Tsa Bibele potso ena. Karabo ya potso eo e ne e qotsitswe lengolong la Esaia 61:​1, 2, e neng e ba hopotsa ka mosebetsi wa bona wa ho bolela ditaba tse molemo. “Jehova o ntlotseditse hore ke bolelle ba bonolo ditaba tse molemo . . . , ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Modimo wa rona.”

BABOLEDI BA SEBETE

Diithuti Tsa Bibele di ne di lokela ho ba sebete e le hore di etse mosebetsi wa boboledi. Mosebetsi wa tsona e ne e le ho bolella batho ba bonolo “ditaba tse molemo” le ho bolella batho ba kgopo ka “letsatsi la phetetso.”

Morabo rona J. H. Hoskin ya neng a dula Canada, o ile a bolela ditaba tse molemo ka sebete ho sa tsotellehe kganyetso. Maqalong a selemo sa 1921, o ile a kopana le moruti wa kereke ya Wesele. Morabo rona Hoskin o ile a qadisa moqoqo wa hae ka ho re: “Re lokela ho dumellana ka Mangolo empa haeba re sa dumellane dinthong tse ding, re lokela ho qetella moqoqo wa rona re ntse re ena le kgotso.” Empa ha ho a ka ha eba jwalo. Morabo rona Hoskin o hopola se ileng sa etsahala, o re: “Re buile nako e seng kae feela yaba moruti eo o kgahlela lemati hoo ke neng ke nahana hore kgalase ya lemati e ne e tla ptjhatleha.”

Moruti eo o ile a mo omanya a re: “Ke hobaneng ha o sa bue le bahetene?” Morabo rona Hoskin o ile a itholela yaba ha a ntse a tsamaya o a ipotsa hore na ebe o ntse a sa bue le mohetene na.

Letsatsing le latelang ha moruti eo a ntse a rera kerekeng ya hae, o ile a bua Morabo rona Hoskin hampe. Morabo rona Hoskin o re: “Moruti eo o ile a bolella ditho tsa kereke ya hae hore ke motho ya leshano ho feta batho ba motseng oo kaofela ebile ke lokela ho bolawa.” Ho sa tsotellehe taba eo, o ile a tswela pele a bolella batho ba bangata ditaba tse molemo. O re: “Ha ke eso thabele mosebetsi wa boboledi hakaalo. Hape batho ba bang ba ne ba re: ‘Re a tseba hore o etsa mosebetsi wa Modimo.’ Ba ne ba boela ba ithaopela ho mpha dintho tseo ke neng ke di hloka.”

BORAPEDI BA LELAPA LE HO ITHUTA BIBELE

E le ho thusa batho hore ba utlwisise Bibele haholwanyane, Diithuti Tsa Bibele di ne di hatisa makasine wa The Golden Agea o neng o ena le dipotso tse arajwang ke Bibele. Makasineng oo ho ne ho ena le dipotso tsa Bibele bakeng sa batjha tseo batswadi ba neng ba ka buisana le bana ba bona ka tsona. Batswadi ba ne ba “botsa bana ba bona dipotso tsena mme ba ba thusa hore ba fumane dikarabo ka Bibeleng.” Ho ne ho ena le dipotso tse ding tse ba rutang ka Bibele tse kang, “Bibele e na le dibuka tse kae?” Le “Na Mokreste e mong le e mong o lokela ho lebella hore o tla hloriswa ka tsela e itseng?” Dipotso tsena di ne di hlomella bana hore e be baboledi ba sebete.

Ho ne ho boetse hape ho ena le dipotso tsa Bibele le dikarabo bakeng sa batho ba neng ba ena le tsebo e eketsehileng ka Bibele. Dikarabo di ne di fumaneha bukeng ya pele ya Studies in the Scriptures. Babadi ba bangata ba ile ba ithuta dintho tse ngata ho tswa dipotsong tseo empa ka di 21 tsa December 1921, makasine wa The Golden Age o ile wa tsebisa hore dipotso tseo ha di sa tla hlola di eba teng. Ke hobaneng ha ho entswe phetoho eo?

BUKA E NTJHA!

Buka ya The Harp of God

Karete e bontshang moo o lokelang ho bala teng

Dikarete tse nang le dipotso

Barababo rona ba etellang pele ba ile ba hlokomela hore baithuti ba Bibele ba batjha ba ne ba hloka ho ithuta nnete ya Bibele ka tsela e hlophisehileng. Ka hoo, ka November 1921 buka e ntjha ya The Harp of God e ile ya lokollwa. Batho ba neng ba nka buka eo ba ne ba boela ba ngodisa hore ba kenele lenaneo la ho ithuta Bibele ba le bang la The Harp Bible Study Course. Lenaneo lena la ho ithuta o le mong le ne le thusa batho hore ba utlwisise hore “Modimo o ne a batla hore batho ba phele lefatsheng ka ho sa feleng.” Lenaneo leo le ne le hlophisitswe ka tsela efe?

Ha motho a ne a nka buka eo, o ne a boetse a fumana le karete e nyane e mo bolellang hore na a bale maqephe afe bukeng eo. Ebe bekeng e latelang, o fumana karete e nngwe hape e nang le dipotso mabapi le dintho tseo a di badileng. Qetellong ya karete eo ho ne ho ngotswe maqephe a latelang ao a neng a lokela ho a bala bukeng.

Lenaneo lena le ne le nka dibeke tse 12 mme moithuti o ne a fumana karete beke le beke e rometsweng ke phutheho e haufi. Hangata mosebetsi ona wa ho romela dikarete o ne o etswa ke batho ba seng ba hodile kapa ba neng ba se ba sa kgone ho etsa mosebetsi wa ntlo le ntlo. Ka mohlala, moradiwabo rona Anna K. Gardner wa Millvale Pennsylvania, U.S.A., o re: “Ha buka ya The Harp of God e lokollwa, e ile ya thusa ausi wa ka Thayle haholo ya neng a ena le bothata ba ho tsamaya hore le yena a kgone ho etsa ho eketsehileng hobane o ne a kgona ho romela dikarete tse nang le dipotso beke e nngwe le e nngwe.” Ha motho a ne a se a qetile lenaneo la ho ithuta Bibele a le mong, ho ne ho romelwa motho ho tswa phuthehong hore a mo etele le ho mo thusa hore a ithute Bibele ka ho eketsehileng.

Moradiwabo rona Thayle Gardner o dutse hodima wheelchair

MOSEBETSI O LARILENG KA PELE

Ha selemo se fela, Morabo rona J. F. Rutherford o ile a romela lengolo diphuthehong. O ile a re: “Mosebetsi wa Mmuso o fihlile le dibakeng tse hole mme o thusitse batho ba bangata ho feta selemo le ha e le sefe pele.” Yaba o eketsa ka ho re: “Empa mosebetsi o mongata o ntse o lokela ho etswa. Ka hoo, kgothalletsang ba bang hore le bona ba inwese ka nkgo mosebetsing ona.” Diithuti Tsa Bibele di ile tsa kenya seo tshebetsong hanghang. Ka selemo sa 1922 di ile tsa phatlalatsa molaetsa wa Mmuso ka sebete ho feta le ha e le neng pele.

Metswalle e Sebete

Diithuti Tsa Bibele di ile tsa bontshana lerato la bara ba motho ka hore di thusane. E ne e le metswalle e sebete e “tswaletsweng ha ho ena le mahlomola,” jwalo ka ha re tla bona tlalehong e latelang.​—⁠Liprov. 17:⁠17.

Ka Labobedi la di 31 tsa May 1921, monna e mong wa morabe wa batho ba batsho ya dulang motseng wa Tulsa, Oklahoma, U.S.A., o ile a kenngwa teronkong hobane a ne a qosetswa hore o ile a hlasela mosadi ya mosweu. Ka mora ketsahalo eo banna ba basweu ba ka hodimo ho sekete ba ile ba lwantsha sehlopha se senyenyane sa banna ba batsho. Ntwa eo e ile ya nama hoo e ileng ya fihla sebakeng se bitswang Greenwood, e leng moo batho ba bangata ba batsho ba neng ba dula teng. Matlo le dikgwebo tse ka hodimo ho 1 400 di ile tsa nkuwa ka mahahapa le ho tjheswa. Ditlaleho di bontsha hore batho ba 36 ba ile ba shwa empa e ka nna yaba ho ile ha shwa ba ka bang 300. Moferefere ona ha morao o ile wa bitswa Tulsa Race Massacre.

Morabo rona Richard J. Hill, e leng e mong wa Diithuti Tsa Bibele ya motsho ebile e le moahi wa Greenwood, ha a hopola se ileng sa etsahala o re: “Bosiung boo ha ho ne ho ena le moferefere, re ne re le dibokeng jwalo ka ka mehla. Ka mora seboka re ile ra utlwa modumo wa dithunya o tswang toropong, re ile ra ba ra ilo robala ho ntse ho lla dithunya.” Ka Laboraro la 1 June hoseng, boemo bo ne bo mpefetse le ho feta. “Batho ba bang ba ile ba tla ho rona mme ba re haeba re batla ho pholoha re lokela ho ya Holong ya Setjhaba.” Morabo rona Hill, mosadi wa hae le bana ba bona ba bahlano ba ile ba balehela Holong eo ya Setjhaba. Hoo e ka bang banna le basadi ba batsho ba ka bang 3 000 ba ile ba sireletswa ke masole a neng a rometswe ke mmuso hore a ilo thibela ntwa Holong eo.

Hoo e ka bang ka nako eo, Morabo rona Arthur Claus ya mosweu o ile a etsa qeto e neng e mo hloka sebete. O re: “Ha ke ne ke utlwa ka se neng se etsahala Greenwood, ke ile ka etsa qeto ya ho ya ho motswalle wa ka e leng Morabo rona Hill ho ilo bona hore na o ntse a ya jwang.”

Morabo rona Arthur Claus o thusitse bana ba 14 hore ba ithute Bibele ba sebedisa buka ya The Harp of God

Ha a fihla ho Morabo rona Hill o ile a kopana le moahisane ya mosuwe a tshwere sethunya. Moahelane eo le yena e ne e le motswalle wa Morabo rona Hill, o ne a nahana hore Morabo rona Arthur e ne e le e mong ya neng a baka moferefere. O ile a bua a halefile a re: “O behwa keng mona?”

Ha Morabo rona Arthur a hopola se ileng sa etsahala o re: “Haeba ke ne ke mo file karabo eo a neng a sa e thabele a ka be a ile a nthunya. Ke ile ka mo kgodisa hore ke motswalle wa Morabo rona Hill le hore ke dula ke tla mona ka makgetlo.” Morabo rona Arthur le moahisane ba ile ba kgona ho sireletsa thepa ya Morabo rona Hill hore e se ke ya nkuwa.

Ha morao Morabo rona Arthur o ile a fumana hore Morabo rona Hill le lelapa la hae ba ne ba le Holong ya Setjhaba. Morabo rona Arthur o ile a bolellwa hore batho ba batsho ba ne ba sa lokela ho tloha moo ntle le haeba molaodi wa lebotho e leng Barrett a ne a ka re ba tlohe. Morabo rona Arthur ha a hopola o re: “Ho ne ho se bonolo ho bua le molaodi eo wa lebotho. Ha ke ne ke mo bolella hore ke batla ho ntsha lelapa leo ka hare ho Holo ya Setjhaba, o ile a re: ‘Na o tla thusa lelapa lee le ho le hlokomela ka dintho tseo le di hlokang?’ Ke ile ka dumela ke sa hlathe kwana le kwana.”

Ka mora ho fumana tumello morabo rona Arthur o ile a potlakela Holong ya Setjhaba. O ile a bontsha ofisiri pampiri ya tumellano eo a e fumaneng yaba ofisiri o bua ka ho makala o re: “Ha e ka pampiri ee e saennwe ke molaodi wa lebotho tje! Na o a tseba hore ke wena motho wa pele wa hore o tlo lata batho kajeno?” Morabo rona Arthur le ofisiri ba ile ba fumana Morabo rona Hill le lelapa la hae. Kaofela ba ile ba kena ka koloing ya Morabo rona Arthur mme ba ya hae.

“Ha hona motho ya bohlokwa ho feta e mong ho bahlanka ba Modimo ba inehetseng”

Morabo rona Claus o ile a etsa bonnete ba hore Morabo rona Hill le lelapa la hae ba sireletsehile. Mohlala wa Morabo rona Claus wa ho bontsha sebete le lerato la bara ba motho o ile wa kgahla batho ba bangata. Morabo rona Arthur ha a hopola o re: “Moahisane ya ileng a thusa ho sireletsa thepa ya Morabo rona Hill o ile a hlompha Dipaki ho feta le ha e le neng pele. Batho ba bangata ba ile ba kgahlwa ke molaetsa wa Bibele hobane ba ile ba hlokomela hore bahlanka ba Modimo ha ba kgetholle motho ho ya ka morabe kapa setso sa hae le hore ha hona motho ya bohlokwa ho feta e mong ha ra bona.”

a Makasine wa The Golden Age o ile wa fuwa lebitso la Consolation ka selemo sa 1937 yaba ka 1946 o bitswa Fadimehang!

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share