Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • wp22 No. 1 maq. 6-7
  • 1 | O se ke wa ba Leeme

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • 1 | O se ke wa ba Leeme
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Seo Bibele e se Rutang:
  • Seo Temana Ena e se Bolelang:
  • Seo o ka se Etsang:
  • 3 | Ntsha Lehloyo ka Pelong ya Hao
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Re ka Etsang Hore re Hlole Lehloyo?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Ke Hobaneng ha Batho ba Hloyane Hakaale?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Re ka Kgona ho Hlola Lehloyo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
Bala Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
wp22 No. 1 maq. 6-7
Ntate ya motsho o tshwere setshwantsho sa ntate ya mosweu ya thabileng le ntate ya mosweu o tshwere setshwantsho sa ntate ya motsho ya thabileng. Ka mora tsona ke ditshwantsho tsa batho ba halefileng.

RE KA ETSANG HORE RE HLOLE LEHLOYO?

1 | O Se Ke Wa Ba Leeme

Seo Bibele e se Rutang:

“Modimo ha a leeme, empa setjhabeng se seng le se seng motho ya mo tshabang le ya sebetsang ho loka wa amoheleha ho yena.”​—LIKETSO 10:​34, 35.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Jehovaa Modimo ha a re ahlole ho ya ka morabe wa rona, mmala, setso kapa hore na re tswa hokae. Ho ena le hoo, o ela hloko dintho tseo re di labalabelang le dintho tseo re di nahanang. Ke nnete hore “motho o bona se bonahalang mahlong, empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”​—1 Samuele 16:7.

Seo o ka se Etsang:

Le hoja re ke ke ra tseba seo batho ba nahanang, re ka leka ho etsisa Jehova ka hore re se ke ra ba leeme. Leka ho bona batho ka bomong eseng e le sehlopha. Haeba o utlwa o ena le maikutlo a fosahetseng ka batho ba merabe e meng, rapela Modimo hore a o thuse ho lwantsha maikutlo ao. (Pesaleme ya 139:​23, 24) Haeba o kopa Jehova hore a o thuse hore o tlohelle ho ba leeme, o ka kgodiseha hore o tla mamela thapelo ya hao mme a o thuse.​—1 Petrose 3:⁠12.

a Jehova ke lebitso la Modimo.​—Pesaleme ya 83:⁠18.

“Ke ne ke eso ka ke dula fatshe le motho ya mosweu ka kgotso . . . Jwale ke ne ke le setho sa mokgatlo wa nnete wa bara ba motho.”​—TITUS

Pale ya Bophelo​—TITUS

O Ile a Hlola Lehloyo

Titus.

Titus o ne a halefisitswe ke kgethollo ya morabe, ka hoo o ile a ikopanya le banna ba bang ba kotsi ba neng ba ikutlwa ka tsela e tshwanang. O re: “Re ne re ya dibakeng tseo batho ba batsho ba neng ba sa dumellwa ho ya ho tsona, tse kang dihoteleng le dibareng e le feela ho qholotsa ntwa.” Titus o re o ne a ena le lehloyo, mme le ile la etsa hore a be mabifi. O re: “Haeba ke ne ke phehisana kgang le motho, ebang ke monna kapa ke mosadi, e ne e le nna ya mo otlang pele.”

Titus o ile a fetoha ha a ne ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Ha a ntse a bala Bibele, o ile a qala ho nahana ka tsela e fapaneng. O ile a hlollwa ha a bala ka tshepiso ya hore “lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng. Dintho tsa pele di fetile.”​—Tšenolo 21:​3, 4.

Qalong Titus o ile a thatafallwa ke ho hlola lehloyo. O re: “Ho ne ho le thata haholo ho fetola tsela eo ke neng ke nahana ka yona le eo ke neng ke etsa dintho ka yona.” O ile a thuswa ke seo a ileng a ithuta sona lengolong la Liketso 10:​34, 35, le bontshang hore Modimo ha a leeme.

Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Titus o a hlalosa: “Ke ile ka kgodiseha hore bodumedi ba Dipaki Tsa Jehova ke ba nnete ha ke bona lerato leo di ratanang ka lona, ho sa tsotellehe hore na ke tsa morabe kapa mmala ofe. Le pele ke eba Paki e kolobeditsweng, motho e mong ya mosweu eo e leng setho sa phutheho o ile a mmemela dijong ha hae. E ne eka ke a lora. Le ka le badilweng ke ne ke eso ka ke dula fatshe le motho ya mosweu ka kgotso, ke se ke sa re letho ka ho ja le yena ke le ha hae. Jwale ke ne ke se ke le setho sa mokgatlo wa nnete wa bara ba motho.”

O ka bala pale ya Titus ho Molula-Qhooa wa August 1, 2009, leqhepheng la 28 ho ya ho la 29, o fumanehang ho  jw.org/st.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela