LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp23 No. 1 maq. 6-7
  • 1 | Thapelo “Lahlelang Dintho Tsohle Tse le Tshwenyang ho Yena”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 1 | Thapelo “Lahlelang Dintho Tsohle Tse le Tshwenyang ho Yena”
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Taba ee e Bolelang?
  • Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Jwang?
  • Bibele e Reng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • O ka Etsang ha o Tshwenyehile?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Bibele e re Rutang ka Thapelo?
    Bibele e re Rutang?
  • Thapelo e ka o Thusa ho ba Motswalle wa Modimo
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
wp23 No. 1 maq. 6-7
Motjha ya tshwenyehileng o behile letsoho la hae sefubeng ha a ntse a rapela.

1 | Thapelo “Lahlelang Dintho Tsohle Tse le Tshwenyang ho Yena”

BIBELE E RE: “Lahlelang dintho tsohle tse le tshwenyang ho [Modimo] hobane o a le tsotella.”​—1 PETROSE 5:7.

Taba ee e Bolelang?

Jehova Modimo o batla hore re mo bolelle dintho tsohle tse re tshwenyang. (Pesaleme ya 55:​22) Jehova o a re tsotella ebile o utlwisisa hantle ka moo re ikutlwang ka teng. Ka hoo, re lokela ho mo rapela ho sa tsotellehe hore na ntho e re tshwenyang e kgolo kapa e nyenyane hakae. Ho mo rapela ho bohlokwa hobane ho tla etsa hore re be le kgotso.​—Bafilipi 4:​6, 7.

Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Jwang?

Ha re ena le kgatello ya maikutlo re ka ikutlwa eka batho ba bang ha ba re tsotelle. Ha se ka mehla batho ba bang ba ka utlwisisang hore na re ikutlwa jwang. (Diproverbia 14:​10) Empa Modimo yena o a utlwisisa ebile o tla dula a re mamela ha re mo bolella hore na re ikutlwa jwang. Jehova o a re bona, o tseba bohloko boo re bo utlwang le mathata a re hlahelang mme o batla hore re mo bolelle dintho tsohle tse re tshwenyang.​—2 Dikronike 6:​29, 30.

Ho rapela Jehova ho ka re kgodisa le ho feta hore o a re tsotella. Re ka ikutlwa jwalo ka mongodi e mong wa pesaleme ya ileng a re ha a rapela: “O bone mahlomola a ka. O a tseba hore ke tshwenyehile haholo.” (Pesaleme ya 31:7) Ho tseba hore Jehova o a hlokomela hore na re tshwenngwa keng ho ka re thusa hore re nne re mamelle mathata. Empa ha se yona feela ntho eo Jehova a e hlokomelang. O utlwisisa tsela eo re ikutlwang ka yona ho feta motho le ha e le ofe mme o re tshedisa le ho re kgothatsa a sebedisa Bibele.

Bibele e Thusitse Julian

Ka Moo ho Tshwenyeha ho Etsang Hore ke Ikutlwe ka Teng

Julian.

“Ke motho ya tshwenyehang ebile ke na le bothata ba ho nahana ka dintho tse etsang hore ke tshwenyehe haholo. Bothata bona bo itlhahela feela ke sa lebella. Ke tla be ke ntse ke ikutlwa ke le hantle ebe hang feela ke utlwa ke se ke tshwenyehile haholo ho se na letho le lebe le etsahetseng. Hangata ke tshwenyeha haholo ha ke le hara batho ba bang. Ke tshwenyeha ka hore na ba nahanang ka nna.

Metswalle ya ka e tsebang hore ke na le bothata bona ba ho tshwenyeha e leka ka hohle ho nthusa. Ke nnete hore ka dinako tse ding ba na le ho bua dintho tse sa nthuseng empa ke ananela hore ebe ba leka ho nthusa.

Ka dinako tse ding ke na le ho utlwa ke thatafallwa ke ho rapela ka lebaka la bothata boo ke nang le bona ba ho tshwenyeha haholo. Ho ba thata hore ke laole kelello ya ka ha ke rapela Jehova. Ke nahana dintho tse ngata ka nako e le nngwe hoo ke qetellang ke se ke ferekane. Ha ke sa kgone ho laola maikutlo a ka le dintho tseo ke di nahanang, ho ba thata hore ke hlalosetse Jehova hore na ke ikutlwa jwang kapa hore na ke nahanang.”

Bibele e Nthusitse

“Ho ithuta Bibele ho nthusitse ho bona hore ha ho hlokahale ke rapele nako e telele e le hore Modimo a mamele dithapelo tsa ka. Ka dinako tse ding ha ke sa kgone ho hlalosetsa Jehova hore na ke ikutlwa jwang, ke re ha ke rapela: ‘Jehova ke kopa o nthuse.’ Ke a tseba hore Jehova o a utlwisisa hore na ke ikutlwa jwang mme o mpha ntho eo ke e hlokang ka nako eo. Ke nnete hore ho rapela ho ile ha nthusa empa ke ile ka boela ka batla thuso ya dingaka. Ho rapela le ho kopa thuso ya dingaka ho nthusitse haholo mme hona jwale ke ikutlwa ke le betere. Le hoja ho le thata hore ke hlalosetse Jehova ka moo ke ikutlwang ka teng, ke ntse ke bua le yena hobane ke a tseba hore o a nthata ebile o batla ho nthusa.”

Ntho e ka Thusang Batjha

Video ya “Eba Motswalle wa Jehova​—Rapela ka Dinako Tsohle.”

Kena websaeteng ya jw.org/st-za e le hore o ithute hore na ke hobaneng ha o ka kgodiseha hore Jehova o utlwa dithapelo tsa hao ebile o a di arabela.

Shebella video ya Eba Motswalle wa Jehova​—Rapela ka Dinako Tsohle.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share