LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w23 February maq. 8-13
  • O ka Fumana Molemo Jwang ho Seo o se Balang Bibeleng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Fumana Molemo Jwang ho Seo o se Balang Bibeleng?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BALLA HO UTLWISISA
  • BALLA HORE O FUMANE DITHUTO TSA BOHLOKWA
  • DUMELLA LENTSWE LA MODIMO HORE LE O FETOLE
  • HO BALA LENTSWE LA MODIMO HO TLA RE THABISA
  • “Le Etse Dintho Tseo Lentswe la Modimo le di Buang”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • O ka Fumana Molemo Ofe ha o Bala Bibele?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • “Lentswe la Modimo . . . le Fana ka Matla”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Bibele e ka Nthusa Jwang?—Karolo ya 3: Rua Molemo ha o Bala Bibele
    Batjha ba a Botsa
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
w23 February maq. 8-13

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 7

O ka Fumana Molemo Jwang ho Seo o se Balang Bibeleng?

“Na o a o utlwisisa?”​—LUKA 10:26.

PINA YA 97 Lentswe la Modimo le a Phedisa

SEO RE TLO ITHUTA SONAa

1. Keng e bontshang hore Jesu o ne a nka Mangolo e le a bohlokwa?

O KA inahanela hore na ho ne ho le jwang ho mamela ha Jesu a ruta. Hangata o ne a qotsa Mangolo a Halalelang ka hlooho. Ha e le hantle, Jesu o ile a qotsa Mangolo ha a ne a bua mantswe a pele ka mora hore a kolobetswe le ha a ne a bua mantswe a ho qetela pele a shwa.b (Deut. 8:3; Pes. 31:5; Luka 4:4; 23:46) Nakong ya dilemo tse tharo le halofo, pakeng tsa diketsahalo tsena tse pedi, hangata Jesu o ne a balla batho Mangolo, a a qotsa ebile a a hlalosa.​—Mat. 5:17, 18, 21, 22, 27, 28; Luka 4:16-20.

Ditshwantsho: 1. Ha Jesu a sale monyenyane o ne a mamela batswadi ba hae ha ba bua le yena. 2. Ha Jesu e se e le motjha, yena le lelapa labo ba mametse ka hloko ha ho balwa Mangolo ntlong ya thapelo. 3. Ha a se a hodile, Jesu o bala moqolo.

Jesu o ile a bontsha hore o rata Mangolo mme a a dumella hore a susumetse tsela eo a etsang dintho ka yona (Sheba serapa sa 2)

2. Keng e ileng ya thusa Jesu hore a tsebe Mangolo hantle ha a ntse a hola? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

2 Dilemo pele Jesu a qala tshebeletso ya hae, hangata o ne a bala le ho utlwa Lentswe la Modimo. Ha ho pelaelo hore ha ba le lapeng, Jesu o ne a utlwa Maria le Josefa ba qotsa Mangolo ha ba qoqa e le lelapa.c (Deut. 6:6, 7) Re ka kgodiseha hore Jesu o ne a dula a ya ntlong ya thapelo ka Sabatha e nngwe le e nngwe le lelapa labo. (Luka 4:16) Ha a le moo, e tlameha ebe o ne a mamela ka hloko ha Mangolo a balwa. Ha nako e ntse e eya, Jesu o ile a ithuta ho bala Mangolo a Halalelang a le mong. Ka hoo, Jesu ha a ka a tseba Mangolo feela empa o ile a boela a a rata mme a dumella hore a susumetse tsela eo a etsang dintho ka yona. Ka mohlala, hopola hore na ho ile ha etsahalang ka tempeleng ha Jesu a le dilemo di 12. Mesuwe e neng e tseba Molao wa Moshe hantle, e ne e “makatswa ke dikarabo tsa [Jesu] le hore o tseba dintho tse ngata.”​—Luka 2:46, 47, 52.

3. Re tlo ithutang sehloohong see?

3 Ka tsela e tshwanang, le rona re ka tseba le ho rata Lentswe la Modimo haeba re le bala ka mehla. Seo re se balang se ka re tswela molemo jwang? Re tla ithuta ho seo Jesu a ileng a se bua ho batho ba neng ba tseba Molao e leng bakopitsi, Bafarisi le Basaduse. Hangata baetapele bao ba bodumedi ba ne ba bala Mangolo empa a ne a sa ba tswele molemo. Jesu o ile a bua ka dintho tse tharo tseo banna bana ba neng ba lokela ho di etsa e le hore dintho tseo ba di balang Mangolong di ba tswele molemo. Mantswe ao a ileng a ba bolella ona a ka re thusa hore re ntlafatse bokgoni ba rona ba (1) ho utlwisisa seo re se balang, (2) ho fumana dithuto tsa bohlokwa le (3) ho dumella Lentswe la Modimo hore le re fetole.

BALLA HO UTLWISISA

4. Keng seo Luka 10:25-29 e re rutang sona ka ho bala Lentswe la Modimo?

4 Re batla ho utlwisisa dintho tseo re ithutang tsona Lentsweng la Modimo. Ho seng jwalo, ho bala ho ke ke ha re tswela molemo. Ka mohlala, hlokomela puisano eo Jesu a ileng a ba le yona le “monna e mong wa setsebi sa Molao.” (Bala Luka 10:25-29.) Ha monna eo a botsa Jesu hore na o lokela ho etsang e le hore a fumane bophelo bo sa feleng, Jesu o ile a mo thusa hore a fumane karabo Lentsweng la Modimo. O ile a mo botsa a re: “Molao o reng, na o a o utlwisisa?” Monna eo o ile a fana ka karabo e nepahetseng ka ho qotsa Mangolo a buang ka ho rata Modimo le moahisani. (Lev. 19:18; Deut. 6:5) Monna eo o ile a re: “Hantlentle moahisani wa ka ke mang?” O ile a bontsha hore ha a utlwisise seo a se badileng. Ka hoo, o ne a sa tsebe hore na a ka sebedisa seo a ithutileng sona jwang bophelong ba hae.

Re ka ithuta ho utlwisisa seo re se balang

5. Ho rapela le ho bala o iketlile ho ka o thusa ho utlwisisa seo o se balang jwang?

5 Re ka utlwisisa Lentswe la Modimo haeba re lokisitse maikutlo a rona pele re le bala. Dintlha tsena tse latelang di tla o thusa. Rapela pele o bala. Re hloka hore Jehova a re thuse hore re utlwisise Bibele. Ka hoo, re ka kopa moya wa Modimo o halalelang ho re thusa hore dikelello tsa rona di se ke tsa lelera ha re bala. Bala o iketlile. Ha o etsa jwalo o tla utlwisisa seo o se balang. O ka nna wa fumana ho balla hodimo kapa ho bala o tsamaisana le Bibele e rekotilweng ho o tswela molemo. Haeba o utlwa mantswe a rekotilweng ebile o a bona, sena se tla o thusa hore o utlwisise, o hopole le hore o ithute haholwanyane ho seo o se badileng Lentsweng la Modimo. (Josh. 1:8) Ha o se o qetile ho bala, rapela hape ho leboha Jehova ka mpho eo a o fileng yona e leng Lentswe la hae le ho mo kopa hore a o thuse ho etsa seo o se badileng.

Ditshwantsho: 1. Moradiwabo rona o ngola ntlha eo a tla e kenya Bibeleng ya hae. 2. Morabo rona o tshwaya le ho ngola dintlha sehloohong seo a se balang thaboleteng ya hae. 3. Moradiwabo rona o tshwaya le ho ngola dintlha Bibeleng ya hae a sebedisa “JW Library” app.

Ke hobaneng ha ho ngola dintlha tse kgutshwanyane ho ka o thusa hore o utlwisise le ho hopola seo o se balang? (Sheba serapa sa 6)

6. Ke hobaneng ha ho ipotsa dipotso le ho ngola dintlha tse kgutshwanyane ho ka o thusa ha o bala? (Sheba setshwantsho.)

6 Dintlha tse ding tse pedi tse ka o thusang hore o utlwisise Bibele ke tsena. Ipotse dipotso ka seo o se balang. Ha o bala ka ntho e itseng Bibeleng, batla dikarabo tsa dipotso tsena: ‘Ho buuwa ka bomang? Ke mang ya buang? O bua le mang, hona hobaneng? Ke hokae moo ketsahalo ee e etsahetseng teng, hona e etsahetse neng?’ Dipotso tsena di tla o thusa ho nahana le ho ithuta dintho tsa bohlokwa ka seo o se badileng. O ka boela wa ngola dintlha tse kgutshwanyane ha o ntse o bala. Ha o ngola seo o se badileng, o tla nahana haholwanyane ka seo o se ngotseng mme seo se tla o thusa ho utlwisisa haholo. Ho ngola ho ka boela ha o thusa hore o hopole seo o se badileng. O ka ngola dipotso, dintho tseo o di fumaneng ha o etsa dipatlisiso, dintlha tsa bohlokwa, hore na o ka etsa seo o se badileng jwang kapa o ka ngola hore na o ikutlwa jwang ka seo o se badileng. Dintho tseo o di ngotseng di ka o thusa hore o nke Lentswe la Modimo e le molaetsa o tlang ho wena.

7. Keng eo re lokelang ho ba le yona ha re bala, hona hobaneng? (Matheu 24:15)

7 Jesu o ile a re re lokela ho ba le temoho e le hore re utlwisise seo re se balang Lentsweng la Modimo. (Bala Matheu 24:15.) Ho ba le temoho ho bolelang? Ke ho ba le bokgoni ba ho utlwisisa ntho e sa hlakang le hore na e amana le ho fapana jwang le dintho tse ding. Jesu o ile a bontsha hore re lokela ho ba le temoho e le hore re bone diketsahalo tse phethahatsang boprofeta ba Bibele. Re boetse re hloka temoho e le hore re ka rua molemo ho seo re se balang Bibeleng.

8. Re ka sebedisa temoho jwang ha re bala?

8 Jehova a ka thusa bahlanka ba hae hore ba be le temoho. Ka hoo, o ka rapella hore o be le yona. (Diprov. 2:6) Ke jwang o ka etsang dintho tumellanong le seo o se rapeletseng? Hlahloba dintho tseo o di badileng mme o ngole hore na di amana jwang le dintho tseo o di tsebang. Sebedisa dingolwa tsa rona ho o thusa ho etsa sena. Ka mohlala, o ka sebedisa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Dingolwa tsena di ka o thusa ho utlwisisa se bolelwang ke seo o se badileng Bibeleng le ho bona hore na o ka se sebedisa jwang bophelong ba hao. (Baheb. 5:14) Ha o bala o sebedisa temoho, o tla utlwisisa Bibele haholwanyane.

BALLA HORE O FUMANE DITHUTO TSA BOHLOKWA

9. Ke thuto efe ya bohlokwa e hlahang ka Mangolong eo Basaduse ba ileng ba iphapanyetsa yona?

9 Basaduse ba ne ba tseba dibuka tsa pele tse hlano tsa Mangolo a Seheberu hantle empa ba ne ba iphapanyetsa dithuto tsa bohlokwa tse Mangolong ao. Ka mohlala, hlokomela seo Jesu a ileng a se bua ha Basaduse ba mo botsa ka tsoho. O ile a re ho bona: “Na ha le a ka la bala bukeng ya Moshe moo ho buuwang ka sehlahla se meutlwa, hore Modimo o ile a re ho yena: ‘Ke nna Modimo wa Abrahama, Isaka le Jakobo’?” (Mar. 12:18, 26) Le hoja Basaduse ba ile ba bala ka taba eo ka makgetlo, potso eo Jesu a ileng a ba botsa yona e ile ya bontsha hore ba iphapanyetsa thuto ya bohlokwa e hlahang ka Mangolong e mabapi le tsoho.​—Mar. 12:27; Luka 20:38.d

10. Keng eo re lokelang ho e ela hloko ha re bala?

10 Re ithutang? Ha re bala Bibele, re lokela ho ela hloko dintlha tsohle tseo re ka ithutang tsona temaneng e itseng kapa tlalehong ya Bibele. Le hoja re batla ho utlwisisa dithuto tse bonolo, re boetse re batla ho utlwisisa le dithuto tsa bohlokwa le melaomotheo.

11. O ka sebedisa 2 Timothea 3:16, 17 jwang ho fumana dithuto tsa bohlokwa Bibeleng?

11 O ka fumana dithuto tsa bohlokwa jwang ha o bala Bibele? Hlokomela hore 2 Timothea 3:16, 17 e reng. (E bale.) Temana ena e re “Mangolo ohle a . . . molemo” hobane a a (1) ruta, (2) a a kgalemela, (3) a lokisa dintho ebile (4) a a laya. O ka fumana molemo wa dintlha tsena tse nne le dibukeng tseo o sa tlwaelang ho di sebedisa. Batlisisa hore na seo o se balang se o rutang ka Jehova, morero wa hae le melaomotheo ya Bibele. Hlokomela ka moo e leng molemo bakeng sa ho kgalemela. O ka etsa sena ka hore o ngole ditemana tse o thusang hore o hlokomele le ho qoba dintho tse mpe le hore o dule o tshepahalla Jehova. Batlisisa hore na seo o se balang se ka o thusa jwang ho lokisa ntho e fosahetseng eo e ka nnang yaba motho e mong o e buile tshimong. O ka boela wa batla tayo eo ditemana tseo di fanang ka yona e tla o thusa hore o nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka yona. Ha o hopola dintlha tsena tse nne o tla fumana dithuto tsa bohlokwa tse tla o thusa hore o fumane molemo ha o bala Bibele.

DUMELLA LENTSWE LA MODIMO HORE LE O FETOLE

12. Ke hobaneng ha Jesu a ile a re ho Bafarisi: “Na ha le eso bale”?

12 Jesu o ile a boela a re ho Bafarisi: “Na ha le a ka la bala?” ho bontsha hore ba ne ba ena le maikutlo a fosahetseng ka seo ba se balang Mangolong. (Mat. 12:1-7)e Ketsahalong eo, Bafarisi ba ile ba re barutuwa ba Jesu ba tlotse molao wa Sabatha. Ha Jesu a ba araba, o ile a bua ka mehlala e mmedi e hlahang ka Mangolong, a ba a qotsa temana e hlahang lengolong la Hosea ho bontsha hore Bafarisi ba ne ba sa utlwisise hore na ke hobaneng ha molao wa Sabatha o ne o entswe le hore ba hlolehile ho bontsha mohau. Ke hobaneng ha banna bana ba sa fetolwa ke seo ba se balang Lentsweng la Modimo? Hobane ba ne ba ikgohomosa mme seo se ne se etsa hore ba se ke ba utlwisisa seo ba se balang.​—Mat. 23:23; Joh. 5:39, 40.

13. Re lokela ho ba le maikutlo afe ha re bala Bibele, hona hobaneng?

13 Mantsweng a Jesu re ithuta hore re lokela ho ba le maikutlo a nepahetseng ha re bala Bibele. Ho fapana le Bafarisi, re lokela ho ikokobetsa le ho ikemisetsa ho ithuta. Ka boikokobetso, re lokela ho ‘dumella Modimo hore a kenye lentswe la hae ka dipelong tsa rona.’ (Jak. 1:21) Haeba re ikokobeditse, re tla dumella Lentswe la Modimo hore le re fetole. Dintho tseo re ithutang tsona Bibeleng ka mohau, qenehelo le lerato di ka re fetola ha feela re qoba ho ikgohomosa.

Re ka bontsha jwang hore re dumella Lentswe la Modimo hore le re fetole? (Sheba serapa sa 14)f

14. Re ka bontsha jwang hore re dumella Lentswe la Modimo hore le re fetole? (Sheba ditshwantsho.)

14 Tsela eo re tshwarang batho ba bang ka yona e ka bontsha hore na re dumella Lentswe la Modimo le re fetole kapa tjhe. Bafarisi ha ba a ka ba dumella hore Lentswe la Modimo le ba fetole, ho ena le hoo ba ile ba “ahlola ba se nang molato.” (Mat. 12:7) Ka tsela e tshwanang, tsela eo re nahanang le ho tshwara batho ba bang ka yona e a bontsha hore na re dumella hore Lentswe la Modimo le re fetole. Ka mohlala, na re tlwaetse ho bua ka dintho tse ntle tseo batho ba bang ba di etsang kapa re potlakela ho bua ka diphoso tsa bona? Na re bontsha batho ba bang mohau le ho ikemisetsa ho ba tshwarela kapa re ba tshwayatshwaya diphoso le ho dula re ba kwatetse? Dikarabo tsa rona dipotsong tsena di tla bontsha hore na re dumella seo re se balang se fetole tsela eo re nahanang ka yona, maikutlo a rona le tsela eo re etsang dintho ka yona.​—1 Tim. 4:12, 15; Baheb. 4:12.

HO BALA LENTSWE LA MODIMO HO TLA RE THABISA

15. Jesu o ne a ikutlwa jwang ka Mangolo a Halalelang?

15 Jesu o ne a rata Mangolo a Halalelang mme mantswe a ho Pesaleme ya 40:8 a bontsha ka moo Jesu a neng a tla ikutlwa ka teng ka Lentswe la Modimo. Mantswe ao a re: “Ke thabela ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka, molao wa hao o ka pelong ya ka.” Ka ha Jesu o ne a rata Mangolo, o ne a dula a thabile mme o ile a tswela pele a sebeletsa Jehova. Le rona re ka thaba le ho atleha haeba re bala Lentswe la Modimo ebile re le rata.​—Pes. 1:1-3.

16. O ka etsang e le hore o fumane molemo ha o bala Lentswe la Modimo? (Sheba lebokose le reng, “Mantswe a Jesu a ka o Thusa Hore o Utlwisise Seo o se Balang.”)

16 Re lokela ho etsisa mohlala wa Jesu ka hore re ntlafatse tsela eo re balang Bibele ka yona. E le hore re utlwisise Bibele re lokela ho rapela, ho bala re iketlile, ho ipotsa dipotso le ho ngola dintlha tse kgutshwanyane. Re ka sebedisa temoho ka hore re etse dipatlisiso ka seo re se balang re sebedisa dingolwa tse thehilweng Bibeleng. Re ka ntlafatsa tsela eo re sebedisang Bibele ka yona, esita le ditlaleho tsa Bibele tseo re sa tlwaelanang le tsona ka hore re batle dithuto tsa bohlokwa ditlalehong tseo. Re ka dumella Lentswe la Modimo hore le re fetole ka hore re dule re ena le maikutlo a nepahetseng ha re le bala. Ha re leka ka hohle ho etsa dintho tsena, re tla fumana molemo ha re bala Bibele ebile re tla ba metswalle ya Jehova.​—Pes. 119:17, 18; Jak. 4:8.

Mantswe a Jesu a ka o Thusa Hore o Utlwisise Seo o se Balang

  • Leka ho utlwisisa seo o se balang mme o lwanele ho lemoha hore na o ka se sebedisa jwang.​—Mat. 24:15; Luka 10:25-37.

  • Hlahlobisisa ditlaleho tsa Bibele ka hloko e le hore o fumane dithuto tsa bohlokwa tseo ho seng bonolo hore o di fumane.​—Mar. 12:18-27.

  • Dumella Lentswe la Modimo hore le o fetole e le hore o ka tshwara batho ba bang hantle.​—Mat. 12:1-8.

HA O NTSE O BALA BIBELE, KE ENG E TLA O THUSA HORE O . . .

  • utlwisise seo o se balang?

  • fumane dithuto tsa bohlokwa?

  • dumelle Lentswe la Modimo hore le o fetole?

PINA YA 95 Lesedi le Kganya ka ho Eketsehileng

a Barapedi ba Jehova ba leka ho bala Lentswe la hae letsatsi le letsatsi. Batho ba bangata le bona ba bala Bibele. Le ha ho le jwalo, ha ba utlwisise seo ba se balang. Sena se ile sa etsahalla le batho ba bang ba mehleng ya Jesu. Ha re hlahloba seo Jesu a ileng a se bua ho batho ba balang Bibele, re tla ithuta dintho tse ka re thusang hore re fumane molemo ha re e bala.

b Nakong eo Jesu a neng a kolobetswa le ha a ne a tlotswa ka moya o halalelang, Modimo o ile a mo hopotsa dintho tseo a neng a di tseba ha a ne a le lehodimong.​—Mat. 3:16.

c Maria o ne a tseba Mangolo hantle a bile a a qotsa ha a bua. (Luka 1:46-55) E ka nna yaba Josefa le Maria ba ne ba se na tjhelete e lekaneng ya ho reka dikopi tsa Mangolo. E tlameha ebe ba ne ba mamela Lentswe la Modimo ka hloko ha le balwa ntlong ya thapelo e le hore ba ka le hopola ha morao.

d Sheba sehlooho se reng “Atamela ho Modimo”​—‘Ke Modimo wa ba Phelang’” ho Molula-Qhooa wa February 1, 2013.

e O ka boela wa sheba Matheu 19:4-6, moo Jesu a ileng a botsa Bafarisi potso e tshwanang ha a re: “Na ha le eso bale?” Le hoja ba ile ba bala tlaleho e buang ka popo, ba ile ba iphapanyetsa seo e se rutang ka tsela eo Modimo a tadimang lenyalo ka yona.

f DITSHWANTSHO: E mong wa barababo rona ba thusang ka ho letsa mmino le ho bapala divideo o etsa diphoso tse ngata nakong ya diboka Holong ya Mmuso. Le ha ho le jwalo, ka mora diboka barababo rona ba a mo babatsa ka mosebetsi oo a o etsang ho ena le ho bua ka diphoso tsa hae.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share