PALE YA BOPHELO
Ke Bone ha Batho ba Tshepahalang ba Atleha
E KA nna yaba o hopola meqoqo eo o kileng wa ba le yona e bileng bohlokwa ho wena. Moqoqo oo nke keng ka o lebala ke oo nkileng ka ba le wona le motswalle wa ka dilemo tse ka bang 50 tse fetileng ha re ntse re dutse mollong Kenya. Re ne re qetile dikgwedi tse ngata re ntse re tsamaya mme re tjhesitswe ke letsatsi. Ha re ntse re dutse mollong re ile ra bua ka filimi e neng e bua ka ditaba tsa bodumedi mme motswalle wa ka o ile a re: “Ha e bue nnete ka Bibele.”
Ke ile ka tsheha hobane ke ne ke sa bone eka ke motho ya ka thahasellang dintho tsa bodumedi. Ke ile ka re: “O tseba eng ka Bibele?” O ile a dieha ho nkaraba. Empa qetellong o ile a mpolella hore mme wa hae ke Paki ya Jehova mme o ile a ithuta dintho tse ngata ho yena. Ke ne ke batla hore a mpolelle dintho tse ding tseo a ithutileng tsona ho mme wa hae. Ka hoo, ke ile ka mo phehella hore a mpolelle.
Bosiung boo, re ile ra qeta nako e telele re ntse re bua. Motswalle wa ka o ile a mpolella hore Bibele e re Satane ke yena ya busang lefatshe. (Joh. 14:30) E ka nna yaba o tsebile taba ena bophelo bohle ba hao empa nna ke ne ke qala ho e utlwa mme ke ne ke batla ho tseba haholwanyane ka yona. Ke ne ke dula ke utlwa ho thwe lefatshe le buswa ke Modimo hape ho thwe Modimo o mosa ebile o lokile. Empa taba eo e ne e sa utlwahale ho latela hore na ke ne ke bona ho etsahala eng bophelong. Ke ne ke le dilemo di 26 feela empa ho ne ho se ho etsahetse dintho tse ngata tse ntshwenyang.
Ha ke ne ke le ngwana, ntate wa ka o ne a kganna difofane tsa sesole sa Amerika. Ka hoo, haesale ke tseba hore ntwa ya dibomo tsa nuclear e ka qhoma neng kapa neng. Masole a ne a dula a le malala a laotswe hore a betse bomo. Ho bile le ntwa Vietnam nakong eo ke ntseng ke le kholejeng California. Ke ile ka kenela ditoitoi tsa bana ba sekolo. Mapolesa a ile a re lelekisa ka melangoana le ho re fahla ka khase e llisang mahlo (tear gas). Ha re ntse re baleha, re ne re sa bone hantle ebile re qhwelwa ka lebaka la kgase eo. Batho ba bangata e ne e le marabele mme ho ne ho le morusu. Batho ba ne ba etsa ditoitoi mme baetapele ba dipolotiki ba bolawa. Motho e mong le e mong o ne a ena le maikutlo a hae ka hore na ho lokela hore ho etswe eng. Ho ne ho hlile ho le moferefere.
Ke tloha London ke ya Afrika
Ka 1970, ke ile ka sebetsa karolong e ka leboya ya Alaska mme ka etsa tjhelete e ngata. Ka mora moo, ke ile ka ya London, ka reka sethuthuthu yaba ke ya ke lebile borwa ke ipoleletse hore ke tla thulwa ke thaba feela. Dikgwedi ha morao, ke ile ka fihla Afrika. Ha ke le tseleng, ke ile ka kopana le batho bao le bona ba neng ba lakatsa eka ba ka baleha mathata a bona.
Dintho tseo ke ileng ka di bona le ho di utlwa di ile tsa etsa hore ke dumellane le thuto ya Bibele ya hore lefatshe le laolwa ke Satane. Empa ke ne ke batla ho tseba hore na Modimo yena o ntse a etsa eng haeba ha se yena ya laolang lefatshe.
Dikgweding tse ileng tsa latela ke ile ka fumana karabo. Ha nako e ntse e eya, ke ile ka tseba ka ba ka rata batho ba ileng ba bontsha ka diketso tsa bona hore ba tshepahalla Modimo wa nnete ho sa tsotellehe maemo.
IRELAND LEBOYA, “NAHA YA DIBOMO LE DIKULO”
Ha ke se ke kgutletse London, ke ile ka kopana le mme wa motswalle wa ka yaba o mpha Bibele. Ha morao ke ile ka ya Amsterdam, Netherlands. Ka letsatsi le leng ke ne ke dutse tlasa lebone la tseleng ke ntse ke bala Bibele eo. Paki e nngwe e ile ya mpona mme ya nthusa hore ke utlwisise Bibele. Ka mora moo ke ile ka ya Dublin, Ireland yaba ke fumana ofisi ya lekala ya Dipaki Tsa Jehova. Ha ke fihla, ke ile ka kokota monyako mme ke moo ke ileng ka kopana le Morabo rona Arthur Matthews ya bohlale le ya nang le boiphihlelo. Ke ile ka kopa hore a ithute Bibele le nna mme o ile a dumela.
Ke ile ka tjhesehela ho ithuta mme ke ne ke rata ho bala dibuka le di makasine tseo Dipaki Tsa Jehova di di hatisitseng. Ke ne ke boetse ke bala Bibele. Ke ne ke thabile haholo. Ha ke le dibokeng, ke ne ke bona le bana ba banyenyane ba tseba dikarabo tsa dipotso tseo batho ba rutehileng ba nnileng ba ipotsa tsona ka dilemo tse makgolo tse kang, ‘Ke hobaneng ha ho ena le bokgopo? Modimo ke mang? Ho etsahala eng ha motho a eshwa?’ Metswalle ya ka kaofela e ne e le Dipaki Tsa Jehova. Ho ne ho le bonolo hore metswalle ya ka e be Dipaki feela hobane ho ne ho se na batho bao ke ba tsebang naheng eo. E ile ya nthusa ho rata Jehova le ho etsa thato ya hae.
Nigel, Denis le nna
Ke ile ka kolobetswa ka 1972. Selemo ha morao, ke ile ka ba pulamadiboho yaba ke kopanela le phutheho e nyenyane e neng e le Newry, Ireland Leboya. Ke ile ka hira ntlo e nyenyane lehlakoreng la thaba thoko le motse. Ho ne ho ena le dikgomo haufi le moo. Ke ne ke ema ka pela tsona ha ke itokisetsa ho fana ka dipuo mme di ne di bonahala eka di mametse ka hloko ha di ntse di thuisa. Di ne di ke ke tsa bua hore na ke lokela ho ntlafatsa hokae empa di ne di nthusa ho sheba bamamedi ha ke fana ka dipuo. Ka 1974 ke ile ka ba pulamadiboho e kgethehileng mme ke ile ka sebetsa le Nigel Pitt, eo e bileng motswalle wa ka ho tloha ka nako eo.
Ka nako eo, ho ne ho dula ho eba le dintwa Ireland Leboya. Batho ba bang ba ne ba re Ireland Leboya ke “naha ya dibomo le dikulo.” E ne e le ntho e tlwaelehileng ho bona batho ba lwana, dikoloi di phahlolwa ka dibomo le batho ba thunngwa. Mathata a mangata a ne a le teng ka lebaka la dipolotiki le bodumedi. Le ha ho le jwalo, Maprostanta le Makhatholike a ne a hlokomela hore Dipaki Tsa Jehova ha di kenelle dipolotiking. Ka hoo, re ne re kgona ho paka ka bolokolohi ebile re sireletsehile. Batho bao re ba pakelang, hangata ba ne ba tseba hore na ho tla ba le dintwa neng le hore na di tla ba hokae. Ka hoo, ba ne ba re bolella e le hore re ka qoba dibaka tse jwalo.
Ho ne ho ntse ho ena le maemo a kotsi. Ka letsatsi le leng, re ne re ruta batho Bibele le Denis Carrigan toropong e haufi moo ho neng ho se na Dipaki. Denis e ne e le pulamadiboho. Re ne re kile ra ya moo hanngwe feela. Ha re le moo, mme e mong o ile a re re masole a Brithani a mautlwela, mohlomong hobane ka bobedi ba rona re ne re sa bue jwalo ka batho ba Ireland. Ntho eo e ile ya re tshosa. o ne o ka bolawa kapa wa thunngwa lengoleng hobane feela o buisitse lesole hantle. Ha re ntse re emetse bese re le bang ebile re hatsetse, re ile ra bona koloi e fihla e ema ka pela shopo. E ne e le moo re ileng ra kopana le mme ya ileng a re re masole a Brithani a mautlwela. Mme eo o ile a tswa, a bua le bontate ba neng ba le ka koloing a ntse a re supa. Koloi eo e ile ya atamela ho rona yaba bontate bao ba re botsa dipotso tse seng kae ka hore na bese e fihla le ho tsamaya neng. Ha bese e fihla, ba ile ba buisana le mokganni wa yona. Re ne re sa utlwe hore na ba ntse ba reng. Ka ha e ne e le rona feela ba palamang, re ne re nahana hore ba ntse ba rera ho re ntsha kotsi ha re le ka ntle ho toropo empa seo ha se a ka sa etsahala. Ha re theoha bese, ke ile ka botsa mokganni hore na ho na le ntho eo bontate bao ba e botsitseng ka rona. O ile a re: “Ke a tseba hore le Dipaki Tsa Jehova ka hoo, ke ile ka ba bolella. Le se ke la tshwenyeha, le sireletsehile.”
Ka letsatsi la rona la lenyalo ka March 1977
Ka 1976 ha re le kopanong ya setereke, ke ile ka kopana le Pauline Lomax eo e neng e le pulamadiboho e kgethehileng e tswang Engelane. E ne e le moradi wa bo rona ya ratang Jehova haholo, ya ikokobeditseng le ya ratehang. Yena le kgaitsedi ya hae Ray, ba ithutile ka Jehova ba sa le banyenyane. Selemo ha morao re ile ra nyalana yaba re tswela pele re ntse re le bopulamadiboho ba kgethehileng Ballymena, Ireland Leboya.
Ka nakwana, re ile ra ba mosebetsing wa potoloho Belfast, Londonderry le dibakeng tse ding tse kotsi. Re ile ra kgothatswa ke ho bona tumelo eo bara le baradi ba bo rona ba neng ba ena le yona. Ba ne ba ile ba tlohela ditlwaelo tsa bodumedi, kgethollo le lehloyo e le hore ba sebeletse Jehova. O ile a ba sireletsa a ba a ba hlohonolofatsa haholo.
Ke ile ka dula Ireland ka dilemo tse leshome yaba ka 1981 re memelwa ho ya tlelaseng ya bo72 ya Gileade. Ka mora ho fumana mangolo a Gileade, re ile ra iswa Sierra Leone, Afrika Bophirimela.
SIERRA LEONE, BA NA LE TUMELO LE HOJA BA FUTSANEHILE
Re ne re dula lehaeng la baromuwa le batho ba bang ba 11. Re ne re sebedisa kitjhine e le nngwe, matlwana a mararo, dibaka tse pedi tsa ho hlapela, fono e le nngwe, motjhine o le mong o hlatswang diphahlo le motjhine o le mong o di omisang. Motlakase o ne o dula o kgaoha ebile e le ka dinako tseo re sa di lebellang. Ditweba di ne di entse ha tsona karolong e ka marulelong ha dinoha tsa masumu tsona di ne di kena karolong e ka tlasetlase ya mohaho.
Ke tshela noka ho ya kopanong Guinea
Maemo a bophelo a ne a se matle empa re ne re thabela tshebeletso ya tshimo haholo. Batho ba ne ba hlompha Bibele mme ba mamela ka hloko. Batho ba bangata ba ne ba ithuta Bibele mme ba kolobetswa. Batho ba moo ba ne ba re ke “Ntate Robert” ha Pauline yena ba ne ba re ke “Mme Robert.” Ha ke se ke sa kgone ho ya tshebeletsong ya tshimo ka mehla ka lebaka la mosebetsi oo ke neng ke o etsa ofising ya lekala, batho ba ile ba qala ho bitsa Pauline “Mme Pauline” yaba nna ba mpitsa “Ntate Pauline.” Pauline o ne a thabela seo.
Ke ya tshimong Sierra Leone
Bara le baradibabo rona ba bangata ba ne ba futsanehile empa Jehova o ne a ba fa dintho tseo ba di hlokang, ka dinako tse ding ebile e le ka ditsela tse hlollang. (Mat. 6:33) Ke hopola ha moradiwabo rona e mong a ne a ena le tjhelete ya ho reka dijo tsa letsatsi leo feela bakeng sa hae le bana ba hae. Empa o ile a e fa morabo rona e mong ya neng a se na tjhelete ya ho reka meriana ya malaria. Ha morao mme e mong o ile a fihla ha hae. O ile a kopa moradiwabo rona hore a mo lokise moriri a ba a mo patala. Ho ile ha eba le diketsahalo tse ngata tse tshwanang le eo.
NIGERIA, RE ITHUTA SETSO SE SETJHA
Re dutse Sierra Leone ka dilemo tse robong yaba re iswa Bethele e Nigeria. E ne e le kgolo ho feta ofisi ya lekala eo re neng re le ho yona pele. Ke ne ke etsa mosebetsi o tshwanang le oo ke neng ke o etsa ha ke le Sierra Leone empa mosebetsi wa Pauline wona o ile wa fetoha haholo mme o ne o mo thatafalla. Pele o ne a etsa dihora tse 130 kgwedi e nngwe le e nngwe tshebeletsong ya tshimo mme o ne a ena le dithuto tse tswelang pele hantle. Empa hona jwale o ne a se a roka mme a qeta nako e ngata a roka diphahlo tse tabohileng. Ho ile ha mo nka nako hore a tlwaele mosebetsi ona empa qetellong o ile a hlokomela hore batho ba bang ba ne ba ananela mosebetsi oo a o etsang. Ka hoo, o ile a batla menyetla ya hore na ke jwang a ka kgothatsang batho ba bang ba sebetsang Bethele.
Ho ne ho ena le dintho tse ngata tseo re lokelang ho ithuta tsona ka setso sa Nigeria. Ka le leng, morabo rona e mong o ile a tla ofising ya ka ho tla ntsebisa moradi e mong wabo rona ya sa tswa amohelwa Bethele. Ha ke re ke isa letsoho ke a mo dumedisa, o ile a kgumama maotong a ka a shebisitse hlooho fatshe. Ke ne ke maketse. Kapele feela ke ile ka nahana ka lengolo la Diketso 10:25, 26 le Tshenolo 19:10. Ho ne ho re ke mo jwetse hore a se ke a etsa jwalo, feela le teng ke ile ka hopola hore o qeta ho amohelwa Bethele e leng hore o ne a tseba seo Bibele e se rutang.
Ke ne ke se ke sa phutholoha ha moqoqo o ntse o tswela pele. Ka mora moo, ke ile ka etsa dipatlisiso mme ka hlokomela hore moradiwabo rona o ne a etsa dintho ho latela ditlwaelo tsa setso tse neng di ntse di le teng dibakeng tse ding tsa moo. Bontate le bona ba ne ba ka dumedisa ka tsela ena hobane e ne e le tsela ya moo ya ho bontsha tlhompho. E ne e se borapedi. Ho na le mehlala e tshwanang le eo ka Bibeleng. (1 Sam. 24:8) Ke ile ka thaba hore le hoja ke ne ke sa tsebe mokgwa ona wa ho bontsha tlhompho, ha ke a ka ka bua letho le neng le tla swabisa moradiwabo rona.
Re ile ra kopana le bara le baradibabo rona ba bangata Nigeria ba ileng ba tshepahalla Jehova ka dilemo tse ngata. E mong wa bona ke Isaiah Adagbona.a O ithutile ka Jehova a sa le motjha empa o ile a tshwarwa ke lepera yaba o iswa lehaeng la balepera moo e neng e le yena feela Paki ya Jehova. Le hoja a ne a hanyetswa, o ile a thusa balepera ba ka hodimo ho 30 hore ba ithute ka Jehova a ba a thusa hore ho thehwe phutheho moo.
KENYA, BA ILE BA EBA LE MAMELLO
Ke kopana le ledinyane la kubu Kenya
Ka 1996 re ile ra koptjwa ho ya sebetsa ofising ya lekala e Kenya. E ne e le lekgetlo la ka la pele ke kgutlela Kenya. Re ne re dula Bethele mme ho ne ho ena le ditshwene tse ngata tse neng di tlwaetse ho nkela baradibabo rona ditholwana. Ka le leng, moradiwabo rona o ile a siya a butse fensetere. Ha a kgutla, o ile a fumana ditshwene di itshetla ka dijo tseo a neng a di siile ka moo a dulang. O ile a hweletsa yaba o a baleha. Ditshwene tseo di ile tsa tshoha yaba di tswa ka fensetere.
Re ile ra ya phuthehong ya Seswahili. Ka mora nakwana re le moo, ke ile ka kgethelwa ho kganna Thuto ya Buka (hona jwale e bitswa Thuto ya Bibele ya Phutheho). Le ha ho le jwalo, ke ne ke sa tsebe puo ya Seswahili hantle. Ke ne ke lokisetsa hantle esale pele ka hoo, ke ne ke kgona ho botsa dipotso. Empa ha bamamedi ba ne ba araba ka mantswe a bona, ke ne ke lahleha. Ho ne ho se bonolo. Ke ne ke utlwela bara le baradibabo rona bohloko. Le ha ho le jwalo, ba ne ba ena le mamello hape ba ikokobeditse mme ke ile ka rata taba eo.
AMERIKA, BA NA LE TUMELO LE HOJA BA RUILE
Re dutse Kenya nako e ka tlase ho selemo yaba ka 1997 re memelwa ho ya sebetsa Bethele e Brooklyn, New York. Jwale re ne re se re le naheng eo batho ba teng ba ruileng. Taba ena e ka ba bothata. (Diprov. 30:8, 9) Le ha ho le jwalo, bara le baradibabo rona ba ne ba ena le tumelo e matla. Ba sebedisa tjhelete ya bona le dintho tseo ba nang le tsona ho tshehetsa mosebetsi o etswang ke mokgatlo wa Jehova ho ena le ho batla ho rua.
Ka dilemo tse ngata, re ile ra bona ha bara le baradibabo rona ba bontsha hore ba na le tumelo tlasa maemo a sa tshwaneng. Ha re le Ireland, re bone ka moo bara le baradibabo rona ba nang le tumelo ho sa tsotellehe dintwa. Ha re le Afrika, re bone ka moo ba nang le tumelo ho sa tsotellehe bofutsana. Ha re le Amerika teng, re bone ka moo ba nang le tumelo le hoja ba ruile. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha a bona batho ba mo rata ho sa tsotellehe maemo a bona.
Nna le Pauline re Bethele e Warwick
Nako e tsamaile kapele “jwalo ka nalete ya motho ya rokang.” (Jobo 7:6) Hona jwale re se re sebetsa ntlokgolo e Warwick, New York mme re thabela ho sebetsa mmoho le bara le baradibabo rona ba lerato. Re thabile ebile re kgotsofalletse ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho tshehetsa Morena wa rona Kreste Jesu, eo haufinyane a tlang ho putsa batho ba tshepahalang.—Mat. 25:34.
a Pale ya bophelo ya Isaiah Adagbona e hlaha Molula-Qhooeng wa April 1, 1998, maqephe 22-27. O hlokahetse ka 2010.