LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w24 May leq. 32
  • Ho Mamella ho Tshwarwa ka ho Hloka Toka

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Mamella ho Tshwarwa ka ho Hloka Toka
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dintlha tse Ding
  • “Moahlodi wa Lefatshe Lohle” Kamehla o Etsa se Nepahetseng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Jehova o a o Thusa ha o Ena le Mathata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Lekgoba le Ileng la Mamela Modimo
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Jehova ha a ka a Lebala Josefa
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
w24 May leq. 32

DINTHO TSEO O KA DI BATLISISANG

Ho Mamella ho Tshwarwa ka ho Hloka Toka

Bala Genese 37:​23-28; 39:​17-23 e le hore o ithute hore na Josefa o ile a mamella ho tshwarwa ka ho hloka toka jwang.

Ithute haholwanyane ka dintlha tse potolohileng taba. Ho tlile jwang hore Josefa a tshwarwe ka ho hloka toka? (Gen. 37:​3-11; 39:​1, 6-10) Josefa o ile a tlameha ho mamella ho tshwarwa ka ho hloka toka nako e kae? (Gen. 37:2; 41:46) Hona nakong eo, ke eng seo Jehova a ileng a se etsetsa Josefa le seo a sa kang a mo etsetsa sona?—Gen. 39:​2, 21; w23.01 17 ¶13.

Etsa dipatlisiso. Le hoja seo mosadi wa Potifaro a se buileng e ne e se nnete, Bibele ha e re Josefa o ile a mo shanofatsa. Mangolo a latelang a ka re thusa jwang ho nahana hore na ke hobaneng ha e ka nna yaba Josefa o ile a kgetha ho se re letho kapa hore na ke hobaneng ha re sa lebella hore re bolellwe dintlha tsohle? (Diprov. 20:2; Joh. 21:25; Dik. 21:37) E ka nna yaba ke makgabane afe a ileng a thusa Josefa ho mamella ho tshwarwa ka ho hloka toka?—Mik. 7:7; Luka 14:11; Jak. 1:​2, 3.

Nahana ka dintho tseo o ithutileng tsona. Ipotse:

  • ‘Jwalo ka molatedi wa Jesu, nka lebella ho tshwarwa ka ho hloka toka ka ditsela dife?’ (Luka 21:​12, 16, 17; Baheb. 10:​33, 34)

  • ‘Nka etsang hona jwale e le hore ke tle ke kgone ho mamella ho tshwarwa ka ho hloka toka?’ (Pes. 62:​7, 8; 105:​17-19; w19.07 2-7)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share