SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 9
PINA YA 51 Re Inehetse ho Modimo
O se ke wa Dieha ho Kolobetswa
“O sa emetseng? Ema, o kolobetswe.”—DIK. 22:16.
NTLHAKGOLO
Ithute ka moo mohlala wa Basamaria, Saule wa Tarsase, Korneliase le Bakorinthe o ka o thusang ka teng hore o etse diphetoho tse hlokahalang e le hore o kolobetswe.
1. Ke mabaka afe a bohlokwa a etsang hore o kolobetswe?
NA O rata Jehova Modimo, ya o fileng mpho e nngwe le e nngwe e molemo, ho akarelletsa le bophelo ka bobona? Na o batla ho bontsha hore o a mo rata? Tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho etsa jwalo, ke ka hore o inehele ho yena o be o kolobetswe. Dintho tsena tse pedi ke tsona tse tla etsa hore o be karolo ya lelapa la Jehova. Ha o etsa jwalo, Ntate le Motswalle wa hao o tla o tataisa a be a o hlokomele hobane o ikarabella ho yena. (Pes. 73:24; Esa. 43:1, 2) Boinehelo le kolobetso di boetse di o fa monyetla wa ho phela ka ho sa feleng.—1 Pet. 3:21.
2. Re tlo ithuta eng sehloohong see?
2 Na ho na le ntho e o sitisang hore o kolobetswe? Haeba ho jwalo, ha o mong. Batho ba dimilione bao e bileng Dipaki pele ho wena le bona ba ile ba tlameha ho etsa diphetoho boitshwarong le tseleng eo ba nahanang ka yona, e le hore ba tshwanelehe ho kolobetswa. Hona jwale ba sebeletsa Jehova ka tjheseho ebile ba thabile. O ka ithutang ho batho ba ileng ba kolobetswa mehleng ya pele? A re bueng ka dintho tse neng di ka ba sitisa ho kolobetswa le hore na re ka ithuta eng mohlaleng wa bona.
BASAMARIA BA ILE BA KOLOBETSWA
3. Basamaria ba ne ba lokela ho etsang pele ba kolobetswa?
3 Basamaria ba ne ba ikarabella sehlopheng sa bodumedi mehleng ya Jesu mme ba bangata ba bona ba ne ba dula dikarolong tse ka leboya ho Judea, metseng ya Shikeme le Samaria. Pele Basamaria bao ba kolobetswa, ba ne ba lokela ho ithuta Lentswe la Modimo haholwanyane. Basamaria ba ne ba dumela hore ke dibuka tse hlano feela tse qalang tsa Bibele tse buduletsweng, e leng Genese ho ya ho Deuteronoma, mohlomong le buka ya Joshua. Le ha ho le jwalo, Basamaria ba ne ba lebelletse hore Mesia o tla tla, ho latela tshepiso ya Modimo e hlahang ho Deuteronoma 18:18, 19. (Joh. 4:25) E le hore ba kolobetswe, ba ne ba lokela ho amohela hore Jesu ke Mesia ya tshepisitsweng. “Basamaria ba bangata” ba ile ba etsa sona seo. (Joh. 4:39) E ka nna yaba ba bang ba ile ba tlameha ho hlola lehloyo le neng le le teng pakeng tsa Basamaria le Bajuda.—Luka 9:52-54.
4. Ho ya ka Diketso 8:5, 6, 14, Basamaria ba bang ba ile ba etsang ha Filipi a ba ruta?
4 Ke eng e thusitseng Basamaria hore ba kolobetswe? Ha moevangedi Filipi a ba ruta “ka Kreste,” Basamaria ba bang ‘ba ile ba amohela lentswe la Modimo.’ (Bala Diketso 8:5, 6, 14.) Le hoja Filipi e ne e le Mojuda, ba ile ba mo mamela. Mohlomong ba ne ba hopola ditemana tse tswang dibukeng tse hlano tsa Bibele tse qalang, tse bontshang hore Modimo ha a leeme. (Deut. 10:17-19) Ba ne “ba mo mamela” ha a ruta ka Kreste, hape ba ne ba hlokomela hore Filipi o tsheheditswe ke Modimo. O ne a boetse a etsa mehlolo e mengata, e neng e akarelletsa ho phekola batho ba kulang le ho leleka bademona.—Dik. 8:7.
5. O ka ithuta eng ho Basamaria?
5 Basamaria bao ba ka be ba ile ba dumella leeme kapa ho hloka tsebo ho ba sitisa ho etsa diphetoho. Empa ha ba a ka ba dumella seo hore se etsahale. Basamaria ha ba a ka ba dieha ho kolobetswa ka mora hore ba kgodisehe hore seo Filipi a ba rutileng sona ke nnete. Ha Bibele e bua ka bona e re: “Ha Filipi a ba bolella ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo le ka Jesu Kreste, banna le basadi ba dumela ditaba tsa hae yaba ba a kolobetswa.” (Dik. 8:12) Na o kgodisehile hore Lentswe la Modimo ke nnete le hore Dipaki Tsa Jehova di lwanela ho se be leeme ebile di leka ho bontshana lerato la nnete, e leng lona letshwao le kgethollang Bakreste ba nnete? (Joh. 13:35) Jwale etsa qeto ya hore o kolobetswe mme o kgodisehe hore Jehova o tla o hlohonolofatsa.
6. O ka rua molemo jwang mohlaleng wa Morabo rona Ruben?
6 Nahana ka Morabo rona Ruben ya dulang Jeremane, ya holetseng lelapeng la Dipaki. Ha a sa le motjha, o ne a belaella taba ya hore Jehova o teng. Ke eng e ileng ya mo thusa hore a kgaotse ho belaela? O ile a etsa qeto ya hore a ithute haholwanyane ka taba ena kaha o ile a hlokomela hore o haellwa ke tsebo. O re: “Hangata ha ke etsa thuto ya botho, ke ne ke bala dihlooho tse buang ka ho iphetola ha dintho e le hore ke tlose dipelaelo tseo ke nang le tsona.” O ile a bala buka ya Is There a Creator Who Cares About You? Buka eo e ile ya matlafatsa tumelo ya Ruben ho Modimo haholo . O ile a ipolella a re: “Ka nnete Jehova o teng.” Ha Ruben a etetse ntlokgolo, kananelo ya hae e ile ya eketseha ha a bona tsela e hlollang eo bahlanka ba Jehova ba momahaneng ka yona lefatsheng lohle. Ha Ruben a kgutlela Jeremane, o ile a etsa qeto ya ho kolobetswa ha a le dilemo di 17. Haeba o na le dipelaelo ka seo o ithutileng sona, etsa dipatlisiso dingolweng tsa rona e le hore o hlole dipelaelo tseo. O ka hlola dipelaelo ka hore o be le tsebo e nepahetseng. (Baef. 4:13, 14) Ha o utlwa ditlaleho tse buang ka lerato le bonngwe bo teng hara batho ba Jehova dikarolong tse fapaneng tsa lefatshe ebile o bona bopaki boo phuthehong ya heno, kananelo ya hao bakeng sa bahlanka ba Jehova ba lefatsheng lohle e tla eketseha.
SAULE WA TARSASE O ILE A KOLOBETSWA
7. Saule o ne a nahanang ha a hlorisa Bakreste?
7 A re bueng ka mohlala wa Saule wa Tarsase. O ne a tseba molao wa Bajuda hantle ebile o ne a tumme hara Bajuda. (Bagal. 1:13, 14; Bafil. 3:5) Nakong eo Bajuda ba bangata ba neng ba nka Bakreste e le bakwenehi, Saule o ile a ba hlorisa ka sehloho. O ne a nahana hore o etsa thato ya Modimo. (Dik. 8:3; 9:1, 2; 26:9-11) E le hore Saule a amohele Jesu a be a kolobetswe hore ebe Mokreste, o ile a tlameha ho ikemisetsa hore le yena a hloriswe.
8. (a) Ke eng e thusitseng Saule hore a kolobetswe? (b) Ho ya ka Diketso 22:12-16, Ananiase o ile a thusa Saule jwang? (Sheba setshwantsho.)
8 Ke eng e thusitseng Saule hore a kolobetswe? Saule o ile a foufatswa ke kganya e hlahang lehodimong ha Jesu a ntse a bua le yena. (Dik. 9:3-9) O ile a itima dijo ka matsatsi a mararo mme e tlameha ebe ka nako eo o ile a thuisa ka se sa tswa mo etsahalla. Ka nnete Saule o ile a kgodiseha hore Jesu ke Mesia le hore balatedi ba hae ke barapedi ba nnete. E ka nna yaba Saule o ile a ikutlwa a le molato ka ho kenya letsoho polaong ya Setefane. (Dik. 22:20) Ka mora matsatsi a mararo, morutuwa ya bitswang Ananiase o ile a atamela Saule ka mosa, a mo thusa hore a bone hape mme a mo kgothalletsa hore a kolobetswe ntle ho tshenyo ya nako. (Bala Diketso 22:12-16.) Ka boikokobetso, Saule o ile a amohela thuso eo a neng a e fuwa yaba o a kolobetswa.—Dik. 9:17, 18.
Na o tla amohela ha o kgothalletswa hore o kolobetswe, jwalo ka ha Saule a ile a etsa? (Sheba serapa sa 8)
9. Re ka ithuta dintho dife ho Saule?
9 Ho na le dintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho Saule. O ne a ka nna a dumella boikgohomoso kapa ho tshaba batho ho mo sitisa hore a kolobetswe. Empa ha a ka a etsa jwalo. Ka boikokobetso, Saule o ile a fetola tsela eo a neng a phela ka yona ha a amohela nnete eo a ithutileng yona ka Kreste. (Dik. 26:14, 19) Saule o ne a ikemiseditse ho ba Mokreste, le hoja a ne a tseba hore ho etsa jwalo ho tla etsa hore a hloriswe. (Dik. 9:15, 16; 20:22, 23) Le ka mora hore a kolobetswe, o ile a tswela pele a itshetlehile ka Jehova hore a mo thuse ho mamella diteko tse sa tshwaneng. (2 Bakor. 4:7-10) Ke nnete hore ha o kolobetswa mme o ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova, o tla kopana le dintho tse tla leka tumelo ya hao, empa kgodiseha hore o tla fumana thuso eo o e hlokang. O ka kgodiseha hore Modimo le Kreste ba tla dula ba o tsheheditse.—Bafil. 4:13.
10. Mohlala wa Anna o ka o thusa jwang?
10 Anna o holetse Europe Botjhabela lelapeng la Makurdishe. Ka mora hore mme wa hae a kolobetswe, Anna o ile a qala ho ithuta Bibele a le dilemo di robong ka tumello ya ntate wa hae. Le ha ho le jwalo, ho ithuta Bibele ho ile ha etsa hore Anna a hanyetswe ke beng ka yena ba neng ba dula habo. Beng ka yena ba ne ba nka e le ntho e hlabisang dihlong ha motho a tlohela bodumedi ba baholoholo ba hae. Ha Anna a le dilemo di 12, o ile a kopa ntate wa hae hore a mo dumelle hore a kolobetswe. Ntate wa hae o ne a batla ho tseba hore na Anna o entse qeto eo ka boyena kapa ho na le motho ya mo qobelletseng. Anna o ile a re, “Ke rata Jehova.” Ka hoo, ntate wa hae o ile a mo dumella hore a kolobetswe. Ka mora moo, beng ka yena ba ile ba mo soma le ho mo tshwara hampe. E mong wa beng ka yena o ile a re, “Ho ka be ho le betere hoja ebe o ne o itshwere hampe ebile o tsuba, ho ena le hore ebe o Paki ya Jehova.” Anna o ile a thuswa ke eng ho mamella? O re: “Jehova o nthusitse hore ke be matla, mme mme wa ka le ntate wa ka ba ntsheheditse haholo.” Anna o boloka lethathamo la diketsahalo tse kgethehileng, moo a ileng a bona letsoho la Jehova bophelong ba hae. Nako le nako o dula a sheba lethathamo leo, e le hore a se ke a lebala ka moo Jehova a mo thusitseng ka teng. Haeba o tshaba ho hanyetswa, hopola hore Jehova o tla o thusa le wena.—Baheb. 13:6.
KORNELIASE O ILE A KOLOBETSWA
11. Ke dintho dife tse neng di ka etsa hore Korneliase a diehe ho kolobetswa?
11 Bibele e boetse e bua ka mohlala wa Korneliase. O ne a laola masole a lekgolo a lebotho la Roma. (Dik. 10:1) Ka lebaka leo, e ka nna yaba o ne a tsebahala setjhabeng a bile a tumme sesoleng. “O ne a phallela bafutsana.” (Dik. 10:2) Jehova o ile a romela moapostola Petrose hore a yo mo bolella ditaba tse monate. Na taba ya hore Korneliase o ne a tumme, e ile ya etsa hore a diehe ho kolobetswa?
12. Ke eng e thusitseng Korneliase hore a kolobetswe?
12 Ke eng e thusitseng Korneliase hore a kolobetswe? Bibele e re yena le lelapa la hae ba ne ba hlompha Modimo. Korneliase o ne a dula a rapela Modimo ka matla. (Dik. 10:2) Ha Petrose a bolella Korneliase ditaba tse monate, yena le lelapa la hae ba ile ba amohela Kreste mme ba kolobetswa ntle ho tshenyo ya nako. (Dik. 10:47, 48) E tlameha ebe Korneliase o ne a ikemiseditse ho etsa diphetoho dife kapa dife tse hlokahalang e le hore yena le ba lelapa la hae ba ka kgona ho sebeletsa Jehova ha mmoho.—Josh. 24:15; Dik. 10:24, 33.
13. Ke dintho dife tseo o ka ithutang tsona ho Korneliase?
13 Jwalo ka Saule, Korneliase a ka be a ile a dumella maemo a hae a ho tuma ho mo sitisa hore ebe Mokreste. Empa ha a ka a etsa jwalo. Na le wena ho na le diphetoho tse kgolo tseo o lokelang ho di etsa e le hore o kolobetswe? Haeba ho jwalo, Jehova e tla ba Mothusi wa hao. O tla hlohonolofatsa boikemisetso ba hao ba ho mo sebeletsa o ipapisitse le melaomotheo ya Bibele.
14. Mohlala wa Morabo rona Tsuyoshi o ka o tswela molemo jwang?
14 Morabo rona Tsuyoshi ya dulang Japane, o ile a lokela ho etsa diphetoho mosebetsing wa hae e le hore a ka tshwaneleha hore a kolobetswe. E ne e le motlatsi wa mosuwehlooho sekolong se neng se tumme haholo se bitswang Ikenobo, se rutang batho ho hlophisa dipalesa. Mosuwehlooho o ne a hlophisa dipalesa tsa lepato le ho etsa meetlo ya Sebuddha e etswang lepatong. Ha mosuwehlooho a ne a sa kgone ho ya mafung, hangata Tsuyoshi e ne e le yena a yang bakeng sa hae. Le ha ho le jwalo, ha Tsuyoshi a ithuta nnete ka lefu, mosebetsi ona o ile wa mo sitisa hore a kolobetswe. O ile a etsa qeto ya hore a ke ke a hlola a kenella meetlong ya Sebuddha. (2 Bakor. 6:15, 16) Tsuyoshi o ile a bua le mosuwehlooho wa sekolo ka taba eo. Diphello e bile dife? Tsuyoshi o ile a tswela pele ho sebetsa moo empa a se a sa kenelle ditabeng tsa meetlo. Ka mora hore a qete selemo a ithuta Bibele o ile a kolobetswa.a Haeba o hloka ho etsa diphetoho mosebetsing e le hore o thabise Modimo, kgodiseha hore o tla o tshehetsa wena le lelapa la hao ka dintho tseo le di hlokang.—Pes. 127:2; Mat. 6:33.
BAKORINTHE BA ILE BA KOLOBETSWA
15. Ke dintho dife tse neng di ka sitisa Bakorinthe hore ba kolobetswe?
15 Batho ba neng ba dula Korinthe ya boholoholo ba ne ba tsebahala ka boitshwaro bo hlephileng le ho rata maruo. Batho ba bangata ba neng ba dula moo ba ne ba etsa dintho tseo Modimo a sa di rateng. Ho hlakile hore ho phela moo, e ne e tla ba teko ho batho ba amohelang ditaba tse monate. Ho ntse ho le jwalo, ha moapostola Pauluse a fihla motseng oo mme a ba bolella ditaba tse monate ka Kreste, “Bakorinthe ba bangata ba ileng ba utlwa lentswe le bona ba dumela mme ba kolobetswa.” (Dik. 18:7-11) Jwale Morena Jesu Kreste a hlaha ho Pauluse ponong, a re: “Ke sa na le batho ba bangata bao e tla ba barutuwa motseng ona.” Ka hoo, Pauluse o ile a nka selemo le halofo a ntse a ruta ditaba tse monate moo.
16. Ke eng e thusitseng batho ba bang ba Korinthe hore ba hlole dintho tse neng di ba sitisa ho kolobetswa? (2 Bakorinthe 10:4, 5)
16 Ke eng e thusitseng Bakorinthe hore ba kolobetswe? (Bala 2 Bakorinthe 10:4, 5.) Lentswe la Modimo le moya wa hae o halalelang o matla, o ile wa ba thusa hore ba etse diphetoho tse kgolo bophelong ba bona. (Baheb. 4:12) Batho ba dulang Korinthe ba ileng ba amohela ditaba tse monate ka Kreste, ba ile ba kgona ho tlohella dintho tse mpe tse kang botahwa, boshodu le ho etsa thobalano le batho ba bong bo tshwanang.—1 Bakor. 6:9-11.b
17. O ka ithutang ho Bakorinthe?
17 Hlokomela hore le hoja batho ba bang ba Korinthe ba ne ba ena le ditlwaelo tse metseng ka metso tseo ba neng ba lokela ho di hlola, ha ba a ka ba etsa qeto ya hore ho tla ba thata haholo hore ebe Bakreste. Ba sebeditse ka thata hore ba kene tseleng e patisaneng e isang bophelong bo sa feleng. (Mat. 7:13, 14) Na o thatafallwa ke ho hlola mokgwa kapa tlwaelo e mpe e le hore o kolobetswe? O se ke wa kgathallwa ke pere. Kopa Jehova ka tiyo hore a o fe moya wa hae o halalelang o tla o thusa hore o hlole takatso ya ho etsa ntho e mpe.
18. Mohlala wa Moradi wa bo rona Monika o ka o tswela molemo jwang?
18 Moradi wa bo rona Monika ya dulang naheng ya Georgia, o sebeditse ka thata ho tlohella ho bua dipuo tse ditshila le boithabiso bo fosahetseng e le hore a tshwanelehe ho kolobetswa. O re: “Ha ke sa le motjha, thapelo ke yona e neng e mpha matla. Jehova o ne a tseba hore ke batla ho etsa ntho e nepahetseng mme o ne a dula a nthusa a bile a ntataisa.” Monika o ile a kolobetswa a le dilemo di 16. Na ho na le dintho tse sa thabiseng Jehova tseo o lokelang ho di tlohela e le hore o mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang? Tswela pele ho mo kopa hore a o fe matla a ho etsa diphetoho. Jehova ha a timane ka moya wa hae o halalelang.—Joh. 3:34.
TUMELO YA HAO E KA SUTHISA DITHABA
19. Ke eng e ka o thusang hore o hlole ditshitiso tse tshwanang le dithaba? (Sheba setshwantsho.)
19 Kgodiseha hore Jehova o a o rata ebile o batla hore o be karolo ya lelapa la hae. Taba ena ke nnete ho sa tsotellehe hore na o tobane le mathata afe a o sitisang hore o kolobetswe. Jesu o ile a re ho sehlopha sa barutuwa ba hae: “Haeba tumelo ya lona e lekana le peo ya mosetareta, le tla re ho thaba ena: ‘Tloha mona o ye mane,’ ebe e a tloha mme ha ho letho leo le ke keng la kgona ho le etsa.” (Mat. 17:20) Batho ba neng ba mametse Jesu ha a bua mantswe ana, ba ne ba ena le dilemo tse mmalwa e le barutuwa ba hae. Ka hoo, e ne e le hona tumelo ya bona e ntseng e ba matla. Empa Jesu o ile a ba kgodisa hore haeba ba matlafatsa tumelo ya bona ka ho lekaneng, Jehova o tla ba thusa hore ba hlole ditshitiso tse tshwanang le dithaba. Le wena Jehova o tla o thusa!
Kgodiseha hore Jehova o a o rata ebile o batla hore o be karolo ya lelapa la hae (Sheba serapa sa 19)c
20. Mehlala ya Bakreste ba mehleng ya pele le ya Bakreste ba mehleng ena eo ho builweng ka yona sehloohong sena, e o matlafaditse jwang?
20 Haeba o hlokomela hore ho na le dintho tse o sitisang hore o kolobetswe, nka mehato ya hore o di tlose ntle ho tshenyo ya nako. Mehlala ya Bakreste ba mehleng ya pele le Bakreste ba mehleng ena, e ka o tshedisa yaba ya o fa matla. E se eka mohlala wa bona o ka o kgothatsa wa ba wa o susumelletsa hore o inehele ho Jehova o be o kolobetswe. Eo ke qeto e molemo ka ho fetisisa eo o ka e etsang.
PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa
a Pale ya bophelo ya Morabo rona Tsuyoshi Fujii e hlaha makasineng ya Tsoha! ya August 8, 2005, leq. 20-23.
b Sheba video e hlahang ho jw.org/st-za e nang le sehlooho se reng: ‘Hobaneng o Dieha ho Kolobetswa?’
c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Sehlopha sa bara le baradi ba bo rona se amohela ka mofuthu batho ba qetang ho kolobetswa.