DINTHO TSE KA O THUSANG HA O ITHUTA
Sebedisa Seipone Hantle
Moapostola Jakobo o bapisa Bibele le seipone seo re ka se sebedisang ho itlhahloba. (Jak. 1:22-25) Re ka sebedisa Bibele hantle jwang jwalo ka seipone?
Bala ka hloko. Haeba re itjheba kapele feela seiponeng, re ka hlokomoloha diphoso. E le hore re bone ditshobotsi tsa botho ba rona bo ka hare tseo re hlokang ho di fetola, re lokela ho bala Lentswe la Modimo ka hloko.
Sheba wena eseng batho ba bang. Ka dinako tse ding ha o itjheba seiponeng, o ka ipona wa ba wa bona le motho e mong mme wa qetella o shebile diphoso tsa motho eo. Ka tsela e tshwanang, re ka sebedisa Bibele ho tshwaya batho ba bang diphoso. Ha re etsa jwalo, re ke ke ra kgona hore re lokise diphoso tsa rona.
O se ke wa ikahlola haholo. Haeba re sheba mefokolo ya rona haholo ka seiponeng, re ka nna ra nyahama. Ha re bala Lentswe la Modimo, ha re a lokela ho ikahlola haholo ka hore re lebelle se fetang seo Jehova a se lebelletseng ho rona.—Jak. 3:17.