SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 26
PINA YA 123 Ikokobelletse Taolo ya Modimo ka Botshepehi
Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Dintho Tseo o sa di Tsebeng
“Ha ho na motho ya ka utlwisisang Ya Matla Ohle.”—JOBO 37:23.
NTLHAKGOLO
Le hoja re sa tsebe dintho tsohle, ka boikokobetso re ka dula re mamelletse mathata haeba re ameha ka dintho tseo re di tsebang ebile re tshepa Jehova.
1. Jehova o re file bokgoni bofe, hona hobaneng?
JEHOVA o re bopile re ena le bokgoni ba ho nahana, ho ba le tsebo, ho ba le kutlwisiso le ho sebedisa seo re ithutang sona. Ke hobaneng ha a re bopile ka tsela ee? Hobane o batla hore re ‘mo tsebe’ le hore re etse diqeto tse bohlale ha re ntse re mo sebeletsa re itshetlehile ka seo re ithutileng sona.—Diprov. 2:1-5; Bar. 12:1.
2. (a) Ke eng eo re lokelang ho e utlwisisa ka rona? (Jobo 37:23, 24) (Sheba setshwantsho.) (b) Re rua molemo ofe haeba ka boikokobetso re utlwisisa hore re ke ke ra tseba dintho tsohle?
2 Le hoja re ena le bokgoni ba ho ithuta, re ke ke ra tseba dintho kaofela. (Bala Jobo 37:23, 24.) Nahana ka mohlala wa Jobo. Jehova o ile a mo botsa dipotso tse ngata tse ileng tsa mo bontsha hore ha e le hantle ho na le dintho tse ngata tseo a sa di tsebeng. Puisano ena e ile ya thusa Jobo hore a ikokobetse le hore a lokise tsela eo a nahanang ka yona. (Jobo 42:3-6) Le rona re rua molemo haeba ka boikokobetso re utlwisisa hore ha re tsebe dintho tsohle. Ha re ikokobeditse, re tla susumelletseha ho tshepa hore Jehova o tla re bolella dintho tseo ka nnete re hlokang ho di tseba e le hore re etse diqeto tse bohlale.—Diprov. 2:6.
Ha re utlwisisa hore ho na le dintho tseo re sa di tsebeng, sena se ka re tswela molemo jwalo ka Jobo (Sheba serapa sa 2)
3. Re tlo tshoha eng sehloohong see?
3 Sehloohong sena re tlo tshohla tse ding tsa dintho tseo re sa di tsebeng le mathata ao re ka bang le ona ka lebaka la ho se di tsebe. Re tla boela re ithute hore na ke hobaneng ha ho le molemo hore ebe tse ding tsa dintho tsena ha re di tsebe. Ho tshohla dintlha tsena ho tla matlafatsa kgodiseho ya rona ya hore Jehova “ya nang le tsebo e phethahetseng” o re bolella dintho tseo ka nnete re hlokang ho di tseba.—Jobo 37:16.
HA RE TSEBE HORE NA BOFELO BO TLA NENG
4. Ho ya ka Matheu 24:36, ke eng eo re sa e tsebeng?
4 Bala Matheu 24:36. Ha re tsebe hore na bofelo ba lefatshe lena bo tla neng. Jesu le yena o ne a sa tsebe “letsatsi leo kapa hora” ha a ne a le lefatsheng.a Ha morao o ile a bolella baapostola ba hae hore Jehova, e leng Mmoloki e Moholo wa Nako, o beha nako ya diketsahalo tse itseng ‘taolong ya hae’ kapa bolaoding ba hae. (Dik. 1:6, 7) Jehova o se a behile nako ya hore na bofelo bo tla neng empa rona re ke ke ra tseba hantle hore na bo tla neng.
5. Taba ya hore ha re tsebe hore na bofelo bo tla neng e ka re ama jwang?
5 Ho ya ka seo Jesu a se buileng, ha re tsebe hore na re lokela ho ema nako e kae pele bofelo bo fihla. Ka hoo, ho ka etsahala hore re fele pelo kapa re nyahame, haholoholo haeba re se re ena le nako e telele re emetse hore letsatsi la Jehova le fihle. Re ka boela ra fumana ho le thata ho mamella ho songwa ke ba malapa kapa ke batho ba bang. (2 Pet. 3:3, 4) Re ka nna ra nahana hore haeba re ne re tseba hore na bofelo bo tla neng, mohlomong ho ne ho ka ba bonolo ho mamella ha batho ba re soma.
6. Ke hobaneng ha re ka re ke hantle hore ebe ha re tsebe hore na bofelo bo tla neng?
6 Ha e le hantle, ha Jehova a sa re bolelle hore na bofelo bo tla neng, o re fa monyetla wa ho bontsha hore re mo sebeletsa hobane re mo rata re bile re mo tshepa. Ha re sebeletse Jehova hobane re tatetse hore letsatsi le itseng le fihle jwalo ka ha eka tumelo ya rona e fellwa ke nako. Ho ena le hore re dule re nahana ka hore na “letsatsi la Jehova” le tla neng, ho molemo hore re amehe ka dintho tse ntle tse tla etsahala ka mora letsatsi leo. Ha re etsa jwalo, re tla dula re le haufi le Modimo mme re mo tshepe le ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo thabisa.—2 Pet. 3:11, 12.
7. Ke eng eo re e tsebang?
7 Ke hantle hore re dule re nahana ka seo re se tsebang, e leng hore matsatsi a ho qetela a qadile ka 1914. Jehova o re file boprofeta ba Bibele bo re bolellang ka hore na matsatsi a ho qetela a tla qala ka selemo sefe le hore na ho tla etsahalang ka mora selemo seo. Ka hoo, re kgodisehile hore “letsatsi le leholo la Jehova le haufi.” (Sof. 1:14) Re boetse re tseba mosebetsi oo Jehova a batlang hore re o etse, e leng wa ho bolella batho ba bangata ka moo re ka kgonang “ditaba tse monate tsa Mmuso.” (Mat. 24:14) Molaetsa ona o bolelwa dinaheng tse ka bang 240 ka dipuo tse fetang tse 1 000. Ka hoo, ha re hloke ho tseba “letsatsi leo kapa hora” e le hore re ka tjhesehela ho etsa mosebetsi ona wa bohlokwa.
HA RE TSEBE HORE NA JEHOVA O TLA ETSANG
8. Polelo e reng “mosebetsi wa Modimo wa nnete” e bolelang? (Moeklesia 11:5)
8 Ha se ka mehla re ka tsebang “mosebetsi wa Modimo wa nnete.” (Bala Moeklesia 11:5.) Polelo ena e bolela seo Jehova a se etsang kapa a dumellang hore se etsahale e le hore a phethahatse thato ya hae. Ka mohlala, ha re tsebe hantle hore na ho etsahalang ha ngwana a ntse a hola ka popelong ya mme wa hae, e leng ntho eo borasaense ba ntseng ba sa e utlwisise le hona jwale. Ka tsela e tshwanang, ha re tsebe hantle hore na ke hobaneng ha Jehova a ka dumella ntho e itseng hore e etsahale kapa hore na ha e le hantle o tla re thusa jwang.—Pes. 37:5.
9. Taba ya hore ha re tsebe hore na Jehova o tla re thusa jwang eka etsa hore re ikutlwe jwang?
9 Taba ya hore ha re tsebe hore na Jehova o tla etsang ho re thusa, e ka etsa hore re tsilatsile ho etsa diqeto tse itseng. Re ka qeaqea ho nka qeto ha re lokela ho tela dintho tse itseng e le hore re eketse tshebeletso ya rona, jwalo ka ho phela bophelo bo itekanetseng kapa ho fallela sebakeng se seng moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi ba Mmuso. Ka dinako tse ding re ka nna ra ipotsa hore na ebe Jehova o ntse a re amohela haeba re sa kgone ho finyella dipakane tseo re ipehetseng tsona tshebeletsong, re sebetsa ka thata tshebeletsong ya tshimo empa re bona eka re hamela letanteng, kapa re kopana le mathata mosebetsing o mong oo re o etsang ka mokgatlong.
10. Ho se tsebe tsela eo Jehova a tla re thusa ka yona ho ka etsa hore re hlaolele ho ba batho ba jwang?
10 Taba ya hore ha re tsebe hore na Jehova o tla re thusa jwang, ha e le hantle e re thusa hore re hlaolele tshobotsi ya bohlokwa e leng boikokobetso. Re a hlokomela hore menahano ya Jehova le ditsela tsa hae di phahametse tsa rona. (Esa. 55:8, 9) Re boetse re ithuta ho tshepa Jehova le ho feta le ho itshetleha ka yena e le hore re atlehe. Ha re atleha mosebetsing wa boboledi kapa mosebetsing o mong oo re o etsang ka mokgatlong, thoriso e ya moo e tshwanelang ho ya, e leng ho Jehova. (Pes. 127:1; 1 Bakor. 3:7) Haeba dintho di sa etsahale ka tsela eo re neng re e lebelletse, re lokela ho hopola hore Jehova ke yena ya tsebang dintho tsohle. (Esa. 26:12) Ka hoo, re etsa karolo ya rona mme re dula re tshepile hore Jehova o tla phetha karolo ya hae. Re kgodisehile hore o tla re fa tataiso eo re e hlokang le hoja a ke ke a etsa ka tsela ya mohlolo e tshwanang le eo ka dinako tse ding a neng a etsa ka yona nakong e fetileng.—Dik. 16:6-10.
11. Ke dintho dife tsa bohlokwa tseo re di tsebang?
11 Dula o hopola hore Jehova o a re rata, o na le toka ebile o bohlale. Re a tseba hore o ananela haholo seo re mo etsetsang sona le seo re se etsetsang Bakrestemmoho le rona. Hape re a tseba hore Jehova o dula a putsa ba mo tshepahallang.—Baheb. 11:6.
HA RE TSEBE HORE NA HO TLA ETSAHALANG KA MOSO
12. Ho ya ka Jakobo 4:13, 14, ke eng eo re sa e tsebeng?
12 Bala Jakobo 4:13, 14. Nnete ya bohlokwa ke hore ha re tsebe hore na tsa hosane di re tshwaretseng. Mehleng ena ya bofelo, re hlahelwa ke dintho “ka tshohanyetso ka nako eo [re] sa e lebellang.” (Moek. 9:11) Ka lebaka leo, ha re tsebe hore na merero ya rona e tla atleha kapa hona hore na re tla dula re phela e le hore re e phethahatse.
13. Ho se tsebe se tla etsahala ka bokamoso ba rona ho re ama jwang?
13 Taba ya hore ha re tsebe hore na ho tla etsahalang bophelong ba rona, e ka etsa hore ho be thata hore re mamelle diteko. Jwang? Re ka nna ra tshwenyeha ka hore na ho tla etsahalang mme seo sa re hlokisa thabo. Re ka hlahelwa ke dintho tse bohloko ka tshohanyetso yaba re utlwa bohloko haholo ra ba ra ferekana. Ha dintho di sa tsamaye ka tsela eo re neng re e lebelletse, re ka nyahama le ho utlwa bohloko.—Diprov. 13:12.
14. Thabo ya rona e itshetlehile ka eng? (Sheba setshwantsho.)
14 Ha re mamella mathata, re paka hore ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang, re sebeletsa Ntate wa rona ya lehodimong hobane re mo rata eseng hobane re itjhebile borona. Ditlaleho tsa Bibele di bontsha hore ha re a lokela ho lebella hore Jehova a re sireletse dinthong tsohle tse tla re utlwisa bohloko ebile ha a rere esale pele hore na re tla etsahallwa keng bophelong. O a tseba hore thabo ya rona ha e a itshetleha ka hore re tsebe hore na bokamoso bo re tshwaretseng. Ho ena le hoo, e itshetlehile ka hore re batle tataiso ya hae le ho mo mamela. (Jer. 10:23) Ha re batla tataiso ya hae ha re etsa diqeto, ha e le hantle re re: “Haeba Jehova a rata, re tla phela ebe re etsa hona kapa hwane.”—Jak. 4:15.
Ho batla tataiso ya Jehova le ho e mamela ho a re sireletsa (Sheba serapa sa 14 le 15)b
15. Re tseba eng ka bokamoso?
15 Le hoja re sa tsebe hore na letsatsi ka leng le re tshwaretse eng, re a tseba hore Jehova o re tshepisitse bophelo bo sa feleng, ebang ke lehodimong kapa lefatsheng. Re a tseba hore a ke ke a bua leshano mme ha ho letho le ka mo thibelang hore a phethahatse ditshepiso tsohle tsa hae. (Tite 1:2) Ke yena feela ya ‘profetang qetello esale qalong mme ho tloha kgale o bolela dintho tse eso etswe.’ Dintho tsohle tseo a ileng a di profeta di ile tsa phethahala mme dintho tseo a di profetileng ka bokamoso di ntse di tla phethahala. (Esa. 46:10) Ka hoo, re kgodisehile hore ha ho letho le ka thibelang Jehova hore a re rate. (Bar. 8:35-39) O tla re fa bohlale, matshediso le matla ao re a hlokang hore re mamelle ntho le ha e le efe e ka re hlahelang. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla re thusa le ho re hlohonolofatsa.—Jer. 17:7, 8.
RE KE KE RA UTLWISISA KA HO FELLETSENG HORE NA JEHOVA O RE TSEBA HAKAE
16. Jwalo ka ha ho bontshitswe ho Pesaleme ya 139:1-6, Jehova o tseba eng ka rona mme seo se etsa hore o ikutlwe jwang?
16 Bala Pesaleme ya 139:1-6. Mmopi wa rona o a tseba hore na re bopilwe jwang, re ikutlwa jwang le hore na re nahana eng. Tsela eo a re ratang ka yona ha e fetohe. O tseba seo re se buang le hore na re ne re batla ho reng ebile o tseba seo re se etsang le hore na ke hobaneng ha re se etsa. Jwalo ka ha Morena Davida a boletse, Jehova o dula a re hlokometse mme ha ho mohla a tla hloleha ho re thusa. Ho thabisa hakaakang hore ebe Mmusi wa Dintho Tsohle, Mmopi ya matla ohle wa lehodimo le lefatshe o a re tsotella. Davida a ileng a re: “Tsela eo o ntsebang ka yona e a hlolla. Ho thata hore ke e utlwisise.”—Pes. 139:6.
17. Ke eng e ka etsang hore ho be thata hore re dumele hore Jehova o re tseba hantle?
17 Ho ka ba thata hore re nke Jehova e le Ntate wa rona ya lerato le ya re tsotellang, mohlomong ka lebaka la tsela eo re hodisitsweng ka yona, setso sa rona kapa dintho tseo re neng re di dumela pele re ithuta nnete. Re ka nna ra utlwa eka diphoso tseo re di entseng nakong e fetileng di mpe haholo hoo Jehova a ke keng a batla ho utlwa letho ka rona le hore o hole haholo le rona. Ka matsatsi a mang, Davida le yena o ne a ikutlwa jwalo. (Pes. 38:18, 21) Motho e mong ya sebetsang ka thata hore a phele ka melao ya Modimo e lokileng a ka nna a ipotsa a re, ‘Haeba ehlile Modimo o a ntseba, ke hobaneng ha a ka lebella hore ke fetohe ho ena le ho nkamohela ka tsela eo ke leng ka yona?’
18. Re rua molemo jwang ha re amohela hore Jehova o re tseba ho feta ka moo re itsebang ka teng? (Sheba setshwantsho.)
18 Re lokela ho ithuta ho amohela hore Jehova o re tseba ho feta ka moo re itsebang ka teng mme o bona dintho tse ntle ho rona tseo re sa di boneng. Le hoja a bona diphoso tsa rona a bile a utlwisisa hore na ke hobaneng ha re ikutlwa le ho etsa dintho ka tsela eo re di etsang ka yona, o a re rata. (Bar. 7:15) Ha re hlokomela hore Jehova o bona bokgoni ba rona, seo se ka re fa matla ao re a hlokang a hore re mo sebeletse ka botshepehi ebile re thabile.
Jehova o re thusa hore re mamelle mathata a ka re hlahelang re sa lebella ka hore a re thuse ho matlafatsa tumelo ya rona ha re nahana ka dinako tse monate tseo re tla ba le tsona lefatsheng le letjha (Sheba serapa sa 18 le 19)c
19. Ke eng eo re e tsebang ka Jehova eo re kgodisehileng ka yona?
19 Re a tseba hore Jehova ke lerato. Ka nnete ha re belaelle taba eo. (1 Joh. 4:8) Re boetse re a tseba hore melao ya hae e lokileng e re bontsha ka moo a re ratang ka teng mme o dula a re batlela se molemo. Hape re a tseba hore Jehova o batla hore re phele ka ho sa feleng. O fane ka tefo ya topollo e le hore sena se ka etsahala. Mpho ya tefo ya topollo e a re kgodisa hore ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rona, re ka kgona ho atleha ho sebeletsa Jehova ka tsela eo a e batlang. (Bar. 7:24, 25) Hape re a tseba hore “Modimo o moholo ho dipelo tsa rona ebile o tseba dintho tsohle.” (1 Joh. 3:19, 20) Jehova o bona ntho e nngwe le e nngwe ka rona mme o kgodisehile hore re ka atleha ho etsa thato ya hae.
20. Ke eng e tla re thusa hore re se ke ra tshwenyeha haholo?
20 Jehova o dula a re bolella dintho tsohle tseo ka nnete re lokelang ho di tseba. Ha re amohela taba ena ka boikokobetso, re tla qoba ho tshwenyeha haholo ka dintho tseo re ke keng ra kgona ho di laola mme re amehe ka dintho tsa bohlokwa. Ha re etsa jwalo re tla be re bontsha hore re tshepa Jehova ka ho felletseng, e leng Modimo “ya nang le tsebo e phethahetseng.” (Jobo 36:4) Le hoja re sa utlwisise dintho kaofela hona jwale, re tatetse nako eo re tla ithuta ka ho sa feleng dintho tse ntjha ka Modimo wa rona ya Phahameng ka ho fetisisa.—Moek. 3:11.
PINA YA 104 Moya o Halalelang ke Mpho ya Modimo
a Jesu e tla ba moetapele ntweng e kgahlanong le lefatshe lena le kgopo la Satane, ke ho utlwahalang hore re ka re hona jwale o a tseba hore na Armagedone e tla ba neng le hore o tla “hlola dira tsa hae” neng.—Tshen. 6:2; 19:11-16.
b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Ntate le mora wa hae ba kenya dintho ka mokotleng wa tshohanyetso e le hore lelapa le dule le itokisitse ha ho ka etsahala hore ho be le boemo ba tshohanyetso.
c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona ya nang le mathata o nahana ka bophelo bo monate boo a tla bo phela lefatsheng le letjha.