PALE YA BOPHELO
Jehova o re Thusitse ho ‘Beha Ditholwana Hohle Moo re Jetsweng Teng’
HO KA bonahala eka keletso ena e reng, “beha ditholwana moo o jetsweng” ha e utlwahale. Empa Mats le Ann-Catrin, e leng banyalani ba tswang Sweden ba ile ba “jalwa” ka makgetlo a mangata. Seo se ile sa etsahala jwang hona keletso eo e ile ya ba thusa jwang?
Mora le moradi wa bo rona Kassholm ba ile ba ya Sekolong sa Gileade ka 1979 mme ho theosa le dilemo ba ile ba “jalwa” kapa ba fuwa dikabelo tsa ho sebeletsa naheng ya Iran, Mauritius, Myanmar, Tanzania, Uganda le Zaire. Ha ba ne ba le Sekolong sa Gileade, morupedi wa bona e leng Jack Redford, o ile a ba fa keletso e ileng ya ba thusa haholo ha ba ntse ba “jalwa,” “ba ntshwa ka metso” le “ho jalwa hape” ka makgetlo. Ako re ba re qoqele.
Morabo rona Mats, ako re bolelle hore na o fumane dinnete jwang.
Mats: Ha re ntse re dula Poland nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, ntate wa ka o ile a bona boikaketsi bo bongata Kerekeng ya Khatholike. Le ha ho le jwalo, o ne a dula a re: “E tlameha ebe ho na le moo nnete e fumanehang teng.” Ha nako e ntse e ya, ke ile ka hlokomela hore ntate wa ka o ne a bua nnete. Ke ile ka reka dibuka tse ngata tse seng di sebedisitswe. E nngwe ya dibuka tseo e ne e le buka e putswa e nang le sehlooho se reng ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Sehlooho seo se ile sa hapa thahasello ya ka mme ke ile ka bala buka eo kaofela bosiung bona boo. Ha ke qeta buka eo, ke ile ka kgodiseha hore ke fumane nnete.
Ho tloha ka April 1972, ke ile ka bala dingolwa tse ngata tsa Dipaki Tsa Jehova mme ka fumana dikarabo tsa dipotso tseo ke neng ke ipotsa tsona mabapi le Bibele. Ke ile ka utlwa ke tshwana le rakgwebo ya hlahang papisong ya Jesu, eo ka mora hore a fumane perela e le nngwe ya boleng bo phahameng, a ileng a rekisa dintho tsohle tseo a neng a ena le tsona e le hore a ka e reka. Pakane ya ka e ne e le ho ya yunivesithi e le hore ke ithutele ho ba ngaka, empa ke ile ka “rekisa” seo sohle e le hore ke reke “perela” e leng nnete eo ke ileng ka e fumana. (Mat. 13:45, 46) Ke ile ka kolobetswa ka la 10 December 1972.
Pele selemo seo se fela, batswadi ba ka le moena wa ka ba ile ba ithuta nnete mme ba kolobetswa. Ka July 1973, ke ile ka ba pulamadiboho ya ka mehla. Phuthehong ya rona ho ne ho ena le bopulamadiboho ba tjhesehang, empa hara bona ho ne ho ena le moradi wa bo rona Ann-Catrin ya neng a le motle a bile a rata Jehova haholo. Ka hoo re ile ra ratana yaba re nyalana ka 1975, ka mora moo ra qeta dilemo tse nne re le toropong e ntle ya Strömsund e Sweden, moo batho ba bangata ba neng ba thabela ho ithuta nnete.
Ann-Catrin: Ha ntate wa ka a se a ntse a tlo qeta dithuto tsa hae yunivesithing e Stockholm o ile a qala ho ithuta dinnete. Ke ne ke le dikgwedi di tharo feela ka nako eo, empa ntate wa ka o ne a tsamaya le nna ha a ya dibokeng le tshimong. Mme wa ka o ne a sa rate sena mme o ile a leka ho batla bopaki ba hore Dipaki Tsa Jehova ha di rute nnete. Empa ha a ka a atleha mme ha nako e ntse e ya le yena o ile a kolobetswa. Ke ile ka kolobetswa ha ke le dilemo di 13, mme ka ba pulamadiboho ya ka mehla ha ke le dilemo di 16. Ka mora ho ya Umeå, moo ho neng ho ena le tlhokahalo, ke ile ka sebeletsa ke le pulamadiboho e kgethehileng.
Ka mora hore nna le Mats re nyalane, re ile ra thabela ho thusa batho ba bangata ho ithuta nnete. Hara bona e ne e le ngwanana ya bitswang Maivor, ya ileng a tlohela dipapadi e le hore e ka ba pulamadiboho ya ka mehla. Ba ne ba sebetsa ha mmoho le ngwaneso wa ngwanana. Ba ile ba memelwa ho ya Sekolong sa Gileade ka 1984 mme hona jwale ba sebeletsa e le baromuwa Ecuador.
Ha le ntse le phetha dikabelo tsa lona jwalo ka baromuwa, le ile la latela keletso ya ho “beha ditholwana moo le jetsweng” jwang?
Mats: Re ne re “jalwa hangata” ka hore re fuwe dikabelo tse ntjha. Empa re ile ra leka ho dula re “metse ka metso” dikabelong tsa rona ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang ho etsisa Jesu, haholoholo boikokobetso ba hae. (Bakol. 2:6, 7) Ka mohlala, re ile ra leka ho ithuta tsela eo bara le baradi ba bo rona ba dulang moo ba etsang dintho ka yona, ho ena le ho lebella hore bona ba tlwaele tsela eo rona re etsang dintho ka yona. Re ne re batla ho utlwisisa setso sa bona le tsela eo ba nahanang ka yona. Ha re ne re etsisa Jesu, re ne re utlwa eka ‘re lenngwe haufi le melapo ya metsi’ e le hore re ka beha ditholwana dikabelong tsohle tsa rona.—Pes. 1:2, 3.
Ha re ne re le Zaire re ne re dula re tsamaya
Ann-Catrin: E le hore sefate se hole ka mora hore se lengwe hape, se hloka mofuthu wa letsatsi. Ka dinako tsohle Jehova o ile a eba jwalo ka “letsatsi” ho rona. (Pes. 84:11) O ile a re fa bara le baradi ba bo rona ba ileng ba re bontsha lerato le mofuthu. Ka mohlala, phuthehong e nyenyane eo re neng re le ho yona e Tehran, naheng ya Iran, bara le baradi ba bo rona ba ile ba re amohela ka mofuthu mme seo se ile sa re hopotsa mehlala e ka Bibeleng ya batho ba ileng ba bontsha kamohelo e jwalo. Le hoja re ne re ka thabela ho dula Iran, ka July 1980, mmuso o ile wa thibela mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova naheng eo, mme re ile ra fuwa matsatsi a mabedi feela hore re tsamaye. Re ile ra fuwa kabelo e ntjha ya ho sebeletsa Afrika naheng ya Zaire (eo hona jwale e tsejwang e le Congo).
Dinako tse monate tseo re bileng le tsona ha re le kabelong ya rona Zaire ka 1982
Ke ile ka lla ha ke utlwa hore re ilo sebeletsa naheng ya Afrika. Ke ne ke tshohile haholo ka lebaka la seo ke neng ke se utlwile ka dinoha le mafu a Afrika. Empa metswalle ya rona ya hlooho ya kgomo e sebeleditseng moo nako e telele, e ile ya re ho rona: “Ha le eso be Afrika, e feng nako le tla e rata. Le tla bona!” Ka nnete re ile ra e rata! Bara le baradi ba bo rona ba moo ba lerato haholo. Ha e le hantle, ha re ne re lokela ho tloha Zaire ka mora dilemo tse tsheletseng ka lebaka la ho thibelwa ha mosebetsi wa rona, ke ile ka bososela ke le mong hobane ke ile ka hlokomela hore hona jwale ke ne ke rapela Jehova, ke re: “Jehova hle, ke kopa o re dumelle re dule Afrika.”
Ke dintho dife tseo le ileng la di thabela tshebeletsong ya lona?
Ena ke “kamore” ya rona ha re le Tanzania ka 1988
Mats: E nngwe ya dintho tseo ke di thabetseng ke ho etsa setswalle le baromuwa ba tswang dinaheng le ditsong tse fapaneng. Hape dibakeng tse ding tseo re neng re abetswe ho sebetsa ho tsona, re ne re kganna dithuto tse ka bang 20 motho ka mong mme seo se ne se re thabisa hona hoo! Hape nke ke ka lebala lerato le kamohelo e mofuthu eo bara le baradi ba bo rona ba Afrika ba re bontshitseng yona. Ha re ne re etetse diphutheho tse Tanzania, re ne re paka koloi ya rona ha bara le baradi ba bo rona mme re robala ka koloing (Kombi) eo ya rona ya Volkswagen. Ba ne ba etsa bonnete ba hore re na le sohle seo re se hlokang mme ba ne ba ‘fana ho feta ka moo ba neng ba ka kgona’ le hoja ba ne ba futsanehile. (2 Bakor. 8:3) Nako ya bohlokwa haholo ho rona e ne e le ha re qoqa ka hore na ho bile jwang letsatsing leo mme re leboha Jehova ka hore o bile le rona. Re ne re rata ho bitsa nako ena nako ya dipale.
Ann-Catrin: Nna ke thabetse ho tseba bara le baradi ba bo rona dinaheng tse ngata. Re ile ra ithuta dipuo tse ngata tse akarelletsang Sefarsi, Sefora, Seluganda le Seswahili, ha ka nako e tshwanang re ntse re thabela ho ithuta ditso tse sa tshwaneng. Re ile ra kwetlisa bara le baradi ba bo rona ba batjha, ra etsa metswalle ya nnete, mme ra sebetsa le bona “mahetla a bapile” tshebeletsong ya Jehova.—Sof. 3:9.
Re ile ra boela ra bona dintho tse ntle tse fapaneng tseo Jehova a di bopileng. Nako le nako ha re ne re amohela kabelo e ntjha, re ne re utlwa eka re nka leeto le letjha le Jehova mme e le yena ya re tataisang. O re rutile dintho tseo re neng re ke ke ra ithuta tsona le ka mohla ha re le bang.
Ha re le tshimong dibakeng tse fapaneng tsa Tanzania
Ke mathata afe ao le ileng la kopana le ona, hona le ile la sebetsana le ona jwang?
Mats: Ka dinako tse ding re ne re kula ka lebaka la dibaka tseo re neng re le ho tsona, mme re tshwarwa ke mafu a kang malaria. Hape Ann-Catrin o ile a etswa diopereishene tse mmalwa tseo re neng re sa di lebella. Re ne re boetse re tshwenyehile ka batswadi ba rona ba seng ba hodile, ke ka hoo re ananelang ngwaneso le bana ba bo Ann-Catrin ka ho hlokomela batswadi ba rona. Ba ile ba etsa seo ka lerato le ka mamello ebile ba thabile. (1 Tim. 5:4) Ka dinako tse ding, re ne re ikutlwa re le molato eka re ka ba thusa ho feta ka moo re neng re ba thusa ka teng hobane re ne re le hole le bona.
Ann-Catrin: Ka 1983, ha re ntse re sebeletsa Zaire, ke ile ka kula haholo ka tshwarwa ke kholera. Ngaka e ile ya re ho Mats, “Mo tlose naheng ena kajeno!” Re ile ra tsamaya letsatsing le hlahlamang, empa tsela feela ya hore re tlohe Congo re ye Sweden e ne e le ho tsamaya ka sefofane se nkang dithoto kaha e ne e le sona feela se fumanehang.
Mats: Re ile ra lla haholo hobane re ne re nahana hore ke tshomo ka mathetho ka tshebeletso ya rona ya boromuwa. Ann-Catrin o ile a fola, le hoja ngaka e ne e nahana hore a ke ke a fola. Selemo ha morao, re ile ra kgona ho kgutlela Zaire, empa lekgetlong lena re ile ra ya phuthehong e nyenyane e Lubumbashi, moo ho buuwang Seswahili.
Ann-Catrin: Ha re ntse re le Lubumbashi, ngwana wa rona o ile a hlokahala a eso hlahe. Le hoja re ne re sa rera ho ba le bana, ke ile ka utlwa bohloko haholo ha ngwana wa rona a hlokahala. Nakong eo e thata, Jehova o ile a re fa mpho eo re neng re sa e lebella. Re ile ra ba le dithuto tsa Bibele tse ngata ho feta le ha e le neng pele. Phutheho e ne e ena le bahweletsi ba 35, empa le pele selemo se fela ba ile ba eketseha ba eba 70, le palo ya ba tlang dibokeng e ile ya eketseha ho tloha ho 40 ho ya ho 220. Re ne re phathahane haholo mosebetsing wa boboledi, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba rona mme seo se ile sa nkgothatsa haholo. Le ha ho le jwalo, re ntse re bua le ho nahana ka ngwana wa rona eo re mo ratang haholo. Re tatetse ho bona ka moo Jehova a tlang ho fodisa maqeba a rona ka ho felletseng lefatsheng le letjha.
Mats: Ka le leng, mosadi wa ka o ile a kgathala haholo le ho fellwa ke matla. Ka nako e tshwanang le nna ke ile ka bolellwa hore ke na le kankere ya mala e neng e se e le boemong bo bobe haholo mme ke ne ke hloka ho etswa opereishene. Empa kajeno ke ya hantle haholo mme mosadi wa ka o etsa sohle seo a ka se kgonang hore a sebeletse Jehova.
Re ile ra hlokomela hore ha se rona feela ba nang le mathata. Ka mora dipolao tse sehloho tse etsahetseng Rwanda ka 1994, re ile ra etela bara le baradi ba bo rona ba neng ba le dikampong tsa baphaphathehi. Ho bona tumelo ya bona, mamello ya bona le ka moo ba neng ba amohela baeti le hoja ba ne ba phela maemong a thata, ho ile ha re ruta hore Jehova o tshehetsa batho ba hae ho sa tsotellehe hore na ba na le mathata afe.—Pes. 55:22.
Ann-Catrin: Ka 2007 re ile ra ya Uganda ha ho ne ho nehelwa ofisi ya lekala. Ha re kgutla, re ile ra tobana le bothata bo bong. Ka mora lenaneo, re ile ra tsamaya ka bese re le sehlopha sa batho ba ka bang 25 sa baromuwa le ditho tsa Bethele re ya Nairobi, Kenya. Pele re fihla ledibohong (border gate) la Kenya, teraka e ile ya tswa taolong mme ya tla e lebile bese eo re neng re e palame yaba di thulana sa dipheleu. Mokganni le bara le baradi ba bo rona ba bahlano ba ile ba hlokahala hanghang, ha moradi wa bo rona e mong yena a ile a hlokahalla sepetlele ha morao. Ka nnete re hlolohelwa ho bona metswalle eo ya rona hape.—Jobo 14:13-15.
Ha nako e ntse e ya maqeba a ka a ile a fola. Empa nna le Mats re ne re le hara ba neng ba ena le bothata ba ho tshwenyeha haholo ka lebaka la kotsi ena e ileng ya re hlahela. Ke ne ke tsoha bosiu ka lebaka la ho tshwenyeha mme ke utlwa eka ke tla tloha ke eba le lefu la pelo. Seo se ne se tshosa haholo. Ke ne ke rapela Jehova ka tiyo ebile ke bala a mang a mangolo ao re a ratang a kgothatsang. Seo se ne se nthusa haholo mme ke ne ke kgona ho mamella le ho kgoba matshwafo. Ntho e nngwe hape e ileng ya re thusa ke ho ya ngakeng. Hona jwale re se re tseba ho sebetsana le bothata ba rona mme re kopa Jehova hore a re thuse hore re tshedise ba bang ba lwantshanang le bothata bo tshwanang le ba rona.
Ha le hlalosa hore na le ne le kgona ho mamella mathata jwang, le ile la re Jehova o ne a le tshwere “jwalo ka mahe.” Le ne le bolelang?
Mats: “Tumebebwa kama mayai mabichi,” ke maele a Seswahili a bolelang: “Re ne re tshwerwe jwalo ka mahe.” Jwalo ka ha motho a tshwara mahe hantle hore a se ke a tjhwatleha, Jehova o ile a re tshehetsa le ho re tshwara ka mosa dikabelong tsohle tsa rona. Re ne re dula re ena le dintho tseo re di hlokang le tseo re sa lebellang hore re tla ba le tsona. Tsela e nngwe eo Jehova a neng a bontsha hore o a re rata le ho re tshehetsa ke ha Sehlopha se Busang se ne se bontsha hore se re utlwela bohloko.
Ann-Catrin: Nka rata ho bua ka tsela eo Jehova a ileng a re tshehetsa le ho re bontsha mosa ka yona. Ka le leng, re ile ra fumana mohala o re tsebisang hore ntate wa ka o sepetlele mme o kula haholo kwana Sweden. Mohatsaka o ne a sa tswa ba betere empa o ne a ntse a fokola ka lebaka la malaria. Re ne re se na tjhelete ya ho reka ditekete hore re kgone ho ya hae, ka hoo re ile ra etsa qeto ya ho rekisa koloi ya rona. Re ile ra letsetswa ke banyalani ba bang ba neng ba utlwetse ka taba ya rona, yaba ba ithaopela ho re rekela tekete e le nngwe. Moradi wa bo rona e mong ya hodileng le yena o ile a re letsetsa a re bolella hore ho na le tjhelete eo a e bolokileng eo a batlang ho re fa yona. O ne a e behile ka lebokoseng leo a le bitsang “Bakeng sa motho ya tla e hloka.” Ka nako e sa fediseng pelo, Jehova o ile a re thusa hore re fumane ditekete tseo re neng re di hloka.—Baheb. 13:6.
Ha le sheba morao dilemong tse 50 tseo le di qetileng tshebeletsong ya nako e tletseng, le ka re le ithutile eng?
Kabelong ya rona e ntjha Myanmar
Ann-Catrin: Ke ithutile hore haeba ‘re kgoba matshwafo mme re tshepa Jehova re tla ba matla.’ Ha re tshepa Jehova, ka tsela e itseng o a re lwanela. (Esa. 30:15; 2 Dikron. 20:15, 17) Ha re ne re etsa sohle seo re ka se kgonang ha re ntse re sebeletsa Jehova dikabelong tsa rona, o ne a re hlohonolofatsa haholo.
Mats: Ntho ya bohlokwa eo ke ithutileng yona ke ho itshetleha ka Jehova maemong ohle mme ke emele ho bona hore na o tla nthusa jwang. (Pes. 37:5) Ha a eso mphoqe, o phethahaditse tshepiso ya hae ya hore o tla nthusa. Re ntse re bona bonnete ba seo le hona jwale kabelong ya rona mona Bethele e Myanmar.
Re kgodisehile hore Jehova o tla bontsha batjha ba bangata ba batlang ho eketsa tshebeletso ya bona lerato leo a re bontshitseng lona. Hape re kgodisehile hore haeba ba dumella Jehova hore a ba thuse ho beha ditholwana hohle moo ba jetsweng teng, ba tla thabela kabelo e nngwe le e nngwe eo ba e fuwang.