Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Mongodi wa Diproverbia 30:18, 19 o ile a re ‘a ke ke a utlwisisa’ “boitshwaro ba monna ha a ena le morwetsana.” O ne a bolela eng?
Mantswe a ditemaneng tsena, a emisa batho ba bangata dihlooho, ho akarelletsa le ditsebi. Ditemana tsena ho Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha di re: “Ho na le dintho tse tharo tseo nke keng ka di utlwisisa [kapa, “tse mmakatsang haholo,” nal.] le tse nne tseo ke sa di utlwisiseng: Ntsu e fofang mahodimong, noha e hahabang hodima lefika, sekepe se tsamayang bohareng ba lewatle le boitshwaro ba monna ha a ena le morwetsana.”—Diprov. 30:18, 19.
Pele re ne re utlwisisa hore polelo e reng “boitshwaro ba monna ha a ena le morwetsana” e hlalosa ntho e mpe. Hobaneng? Ditemana tse ding kgaolong ena, di bua ka dintho tse ding tse mpe tseo ho seng mohla di reng “ho lekane.” (Diprov. 30:15, 16) Temana ya 20 e bua ka “mosadi ya febang” ya reng ha a etsa letho le phoso. Ke ka hoo re neng re nahana hore jwalo ka ha ntsu e fofang mahodimong, noha e hahabang hodima lefika kapa sekepe se tsamayang bohareng ba lewatle di sa siye mohlala, le monna a ka nna a se ke a siya mohlala wa diketso tsa hae. Tumellanong le tlhaloso eo, re ne re utlwisisa hore polelo e reng “boitshwaro ba monna ha a ena le morwetsana” e hlalosa ntho e mpe, e leng ha mohlankana a qhekella morwetsana hore a robale le yena, morwetsana a sa hlokomele.
Le ha ho le jwalo, ho na le mabaka a utlwahalang a hore re dumele hore ditemana tsena di bua ka ntho e nngwe e ntle. Mongodi o ne a mpa feela a hlolletswe ke dintho tse hlahang ditemaneng tsena.
Dibuka tse ngotsweng ka letsoho tsa Seheberu di boetse di bontsha hore temana ena e bua ka ntho e ntle. Ho ya ka buka ya Theological Lexicon of the Old Testament, lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “tseo nke keng ka di utlwisisa” ho Diproverbia 30:18 “le bontsha ketsahalo . . . e ikgethang, e ke keng ya etsahala ebile e le e hlollang ho motho.”
Moprofesa Crawford H. Toy wa Univesithi ya Harvard e Amerika le yena o re temana ena e hlalosa ntho e ntle. O ile a re: “Ntlha ke hore dintho tseo ho buuwang ka tsona mona di a hlolla.”
Ka hoo, ho a utlwahala ho dumela hore mantswe a ho Diproverbia 30:18, 19 a hlalosa dintho tse hlollang e le ka nnete, tseo re ke keng ra di utlwisisa. Jwalo ka mongodi enwa wa Bibele, le rona re hlollwa ke tsela eo ntsu e fofelang hodimo ka yona, ka moo noha e hahabang kapele ka teng lefikeng, ka moo sekepe se boima se ka tsamayang hodima lewatle le ka moo mohlankana le morwetsana ba ka ratanang ka teng ba ba ba phela ba thabile ha mmoho.