Johanne Mokolobetsi e ne e le Mang?
Karabo ya Bibele
Johanne Mokolobetsi e ne e le moprofeta wa Modimo. (Luka 1:76) O hlahile nakwana pele ho Jesu mme o phetse le mehleng ya Jesu. Modimo o ile a mo fa mosebetsi wa hore a lokise tsela bakeng sa Mesia kapa Kreste. Johanne o ile a etsa sena ka hore a bolele molaetsa wa Modimo ho Bajuda ba bang e le hore ba ka fetola ditsela tsa bona mme ba mamela Modimo.—Mareka 1:1-4; Luka 1:13, 16, 17.
Molaetsa wa Johanne o ne o tla thusa ba o mamelang hore ba bone hore Jesu wa Nazaretha e ne e le Mesia ya tshepisitsweng. (Matheu 11:10) Johanne o ile a kopa bamamedi ba hae ka tiyo hore ba bakele dibe tsa bona mme ba kolobetswe e le ho bontsha hore ba feela ba bakile. (Luka 3:3-6) Kaha Johanne o ile a kolobetsa batho ba bangata, o bitswa Mokolobetsi. Kolobetso e ikgethang eo Johanne a ileng a e etsa ke ya Jesu.a—Mareka 1:9.
Sehloohong sena
Ke eng e neng e ikgetha ka Johanne Mokolobetsi?
Mosebetsi oo a neng a tlo o etsa o ile wa profetwa esale pele: Johanne o ile a phethahatsa boprofeta bo buang ka moromuwa wa Jehova ka hore ebe o ile a etsa mosebetsi wa boboledi. (Malakia 3:1; Matheu 3:1-3) O ile a ipakahatsa e le yena ya neng a tla ‘lokisetsa Jehova setjhaba’ ho bolelang hore o ile a lokisetsa Bajuda tsela hore ba amohele molaetsa o tswang ho moemedi wa Jehova Modimo e leng Jesu Kreste.—Luka 1:17.
Lefa: Jesu o ile a re “hara bohle ba kileng ba phela, ha ho eso hlahe mang kapa mang e moholo ho Johanne Mokolobetsi empa motho e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.” (Matheu 11:11) Hobane Johanne e ne e se moprofeta feela empa e ne e boetse e le “moromuwa” wa Modimo eo ho builweng ka yena esale pele. Ha ho mohlanka e mong wa Modimo ya kileng a phela pele ho yena eo ho thweng o moholo. Mantswe a Jesu a ile a boela a bontsha hore Johanne e ne e ke ke ya eba karolo ya ba neng ba tla busa Mmusong wa Modimo.b Moprofeta enwa ya tshepahalang o ile a hlokahala pele Kreste a ka bula tsela ya hore batho ba ka ya lehodimong. (Baheberu 10:19, 20) Le ha ho le jwalo, Johanne o tla phela lefatsheng tlasa Mmuso wa Modimo, a e na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.—Pesaleme ya 37:29; Luka 23:43.
Batswadi ba Johanne Mokolobetsi e ne e le bo mang?
Batswadi ba Johanne e ne e le Zakaria le Elizabetha. Zakaria e ne e le moprista wa Mojuda. Ho tswalwa ha Johanne ho ne ho makatsa, hobane Elizabetha o ne a sa kgone ho ba le bana. Ebile Elizabetha le Zakaria “ba ne ba se ba hodile haholo.”—Luka 1:5-7, 13.
Ke mang ya bolaileng Johanne Mokolobetsi?
Morena Heroda Antipase o ile a re Johanne a bolawe ka ho kgaolwa hlooho. O ile a etsa sena ka lebaka la tshusumetso ya mosadi wa hae Herodiase. Herodiase o ne a hloile Johanne hobane o ile a bolella Heroda hore lenyalo la bona le fosahetse ho latela melao ya Sejuda kaha Heroda o ne a re ke Mojuda.—Matheu 14:1-12; Mareka 6:16-19.
Na Johanne Mokolobetsi le Jesu ba ne ba hlodisana?
Ha ho na moo Bibele e reng Johanne o ne a hlodisana le Jesu. (Johanne 3:25-30) Ha e le hantle, Johanne o ile a bontsha ka ho hlaka hore boikarabelo ba hae e ne e le ho lokisa tsela bakeng sa Mesia eseng hore a hlodisane le yena. Johanne o ile a re: “Nna ke kolobetsa ka metsi e le hore a ka tsebahala Iseraele.” O ile a boela a re: “Enwa ke Mora wa Modimo.” (Johanne 1:26-34) Ka hoo, Johanne o ne a thabile haholo ha a utlwela hore Jesu o finyelletse eng tshebeletsong ya hae.
a Jesu “ha a ka a etsa sebe.” (1 Petrose 2:21, 22) Ka hoo, o ile a kolobetswa eseng hobane a ne a lokela ho baka empa hobane a ne a inehela hore a etse thato ya Modimo. Seo se ile sa akarelletsa le hore Jesu a re shwele.—Baheberu 10:7-10.
b Bala sehlooho se reng “Ke Bomang ba Yang Lehodimong?”