Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 19
  • O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Dikeletso tse ka o thusang ha o kula
  • Na Modimo a ka o thusa ho sebetsana le ho kula?
  • 4 | Bibele e Fana ka Dikeletso Tse ka re Thusang
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • O ka Thusa Batho ba Nang le Kgatello ya Maikutlo Jwang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2023
  • Ha o Hlahelwa ke Mathata
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • 1 | Sireletsa Bophelo ba Hao
    Fadimehang!—2022
Bala Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 19
Ngaka e shebile X-ray ya ntate ya nyahameng mme e a mo hlalosetsa hore na o tshwerwe keng.

O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?

Na maemo a hao a bophelo a kile ba mpefala o sa lebella? Haeba ho jwalo, o tlameha o tseba hore na ho kula ho kgathatsa hakae kelellong, maikutlong le hore hape ho hloka tjhelete e ngata haholo. Keng e ka o thusang ho sebetsana le boemo boo? O ka thusa ba lelapa kapa motswalle ya kulang jwang? Le hoja Bibele e se buka ya tsa bongaka, e na le melaomotheo e ka o thusang hore o sebetsane le boemo boo bo boima.

Dikeletso tse ka o thusang ha o kula

  • Batla thuso ya dingaka

    Seo Bibele e se buang: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka.”​—Matheu 9:12.

    Seo e se bolelang: Kopa thuso ya dingaka ha ho hlokahala.

    Leka sena: Batla hore na ke thuso efe ya dingaka e ka o tswelang molemo e fumanehang ho latela maemo a hao. Ka dinako tse ding, ho ka ba molemo ho bua le dingaka tse mmalwa ka bothata ba hao. (Diproverbia 14:​15) Buisana le tsona ka ho hlakileng ka bothata ba hao, etsa bonnete ba hore o utlwisisa seo ba o bolellang sona le hore le bona ba utlwisisa bothata ba hao hantle. (Diproverbia 15:​22) Ithute ka bokudi ba hao le ka mekgwa yohle e teng ya phekolo bakeng sa bona. Ha o utlwisisa seo o ka se lebellang, ho tla ba bonolo hore o sebetsane le bothata ba hao mme o kgethe phekolo e nepahetseng.

  • Dula o etsa dintho tse tla o thusa hore o be le bophelo bo botle

    Seo Bibele e se buang: “Ho ikwetlisa mmele ho na le molemo o itseng.”​—1 Timothea 4:8.

    Seo e se bolelang: Ho dula o etsa dintho tse tla o thusa hore o phele hantle jwalo ka ho ikwetlisa ka mehla, ho ka o tswela molemo haholo.

    Leka sena: Ikwetlise ka mehla, o je hantle o be o robale ka ho lekaneng.Ha o ntse o sebetsana le ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka bokudi ba hao, ditsebi di bontsha hore ho ipha nako ya ho etsa dintho tse tla o thusa hore o phele hantle, ho tla o tswela molemo haholo. Le ha ho le jwalo, etsa bonnete ba hore dintho tseo o di etsang ha di etse hore o kule le ho feta kapa ho sitisa meriana hore e o thuse.

  • Kopa thuso ho ba bang

    Seo Bibele e se buang: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”​—Diproverbia 17:17.

    Seo e se bolelang: Metswalle ya hao e ka o thusa ho sebetsana le maemo a thata.

    Leka sena: Bua le motswalle eo o mo tshepang eo o ka phutholohang ho mo bolella maikutlo a hao. Ha o etsa jwalo, o tla imoloha mme o fokotse stress se bakwang ke ho kula. Metswalle le ba lelapa ba ka thabela ho o thusa empa ba ka nna ba se ke ba tseba hore na ba o thusa jwang. Ka hoo, ba bolelle hore na o ka thabela hore ba o thuse jwang. O se ke wa lebella hore ba o etsetse dintho tse kgolo empa o ananele thuso le ha e le efe eo ba o fang yona. Hopola hore le hoja ba ena le maikutlo a matle a ho batla ho o thusa, ka dinako tse ding ba ka nna ba etsa dintho tse ka o kgathatsang mme wa utlwa o imetswe. Ka hoo, o ka nna wa beha meedi ya hore na ba o etele ka nako e kae le ka makgetlo a makae.

  • Dula o ena le maikutlo a matle

    Seo Bibele e se buang: “Pelo e thabileng ke moriana empa ha motho a wele moya o fellwa ke matla.”​—Diproverbia 17:22.

    Seo e se bolelang: Haeba o ena le maikutlo a matle ebile o ena le tshepo, seo se tla o thusa hore o dule o kgobile matshwafo le ho sebetsana le ho kula ha hao.

    Leka sena: Ha o ntse o tlwaelana le boemo ba hao bo botjha, tsepamisa kelello dinthong tseo o kgonang ho di etsa, eseng tse ka hodimo ho matla a hao. Qoba ho ipapisa le batho ba bang kapa le tsela eo o neng o etsa dintho ka yona pele o kula. (Bagalata 6:4) Ipehele dipakane tseo o ka kgonang ho di finyella ka ha seo se tla o thusa hore o dule o ena le maikutlo a matle. (Diproverbia 24:​10) Etsetsa batho ba bang dintho tse itseng, ha maemo a o dumella. Thabo e tliswang ke ho fana e ka o thusa hore o se ke wa tshwenyeha haholo.​—Diketso 20:35.

Na Modimo a ka o thusa ho sebetsana le ho kula?

Bibele e re Jehova Modimoa a ka re thusa ho sebetsana le ho kula. Le hoja re sa lebella hore a re fodise ka mohlolo, Modimo a ka thusa barapedi ba hae ka ditsela tse latelang:

Kgotso. Jehova a ka re fa “kgotso eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.” (Bafilipi 4:​6, 7) Kgotso ena e ka re thusa hore re kgobe matshwafo mme re qobe ho ikutlwa re imetswe ke ho tshwenyeha haholo. Modimo o fana ka kgotso e jwalo ho batho ba mo rapelang mme ba mo bolella dintho tse ba tshwenyang.​—1 Petrose 5:7.

Bohlale. Jehova a ka re fa bohlale ba ho etsa diqeto tse nepahetseng. (Jakobo 1:5) Motho o fumana bohlale boo ha a ithuta a bile a sebedisa melaomotheo e sa fellweng ke nako e fumanehang ka Bibeleng.

Tshepo e kgothatsang ka bokamoso. Jehova o tshepisa hore nakong e tlang “ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’ ” (Esaia 33:​24) Tshepo ena e thusa batho ba bangata hore ba dule ba kgobile matshwafo ho sa tsotellehe hore na ba kula hakae.​—Jeremia 29:​11, 12.

a Jehova ke lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng.​—Pesaleme ya 83:18.

Ka moo o ka thusang motswalle ya kulang

Mo mamele ka hloko. Tsela e nngwe e molemo ya ho thusa motswalle wa hao ke ka ho mo mamela ha a batla ho bua. O se ke wa nahana hore o lokela ho arabela ntho e nngwe le e nngwe eo a e buang. Hangata ho mamela feela ho lekane. Leka ho mamela maikutlo a hae hape o se ke wa mo ahlola. O se ke wa nahana hore o tseba ka moo motswalle wa hao a ikutlwang ka teng, haholoholo haeba a bonahala eka ha a kule.​—Diproverbia 11:2.

Bua dintho tse kgothatsang. O ka nna wa thatafallwa ke hore na o reng empa ho bua mantswe a seng makae ho bontsha hore o utlwisisa tsela eo motswalle wa hao a ikutlwang ka yona, ho ka mo kgothatsa ho feta ho se bue letho. Haeba o sa tsebe hore na o ka reng leka ho bua mantswe a kang: “Ha ke tsebe na ke reng empa ke batla hore o tsebe hore ke a o tsotella.” Qoba ho bua dintho tse kang: “Ho ka nna ha mpefala le ho feta” kapa “Bonyane ha o a tshwarwa ke . . . . ”

O ka bontsha motswalle wa hao hore o a mo rata ka hore o ithute ka bolwetse bo mo tshwereng. O tla ananela boiteko boo o bo etsang ho utlwisisa boemo ba hae mme dintho tseo o di buang di tla utlwahala haholwanyane. (Diproverbia 18:​13) Le ha ho le jwalo, e ba hlokolosi hore o se ke wa fana ka keletso ho sa hlokahale.

Mo thuse ka dintho tseo a di hlokang. Ho ena le ho nahana hore o a tseba hore na o ka mo thusa jwang, mo botse. Le ha ho le jwalo, hopola hore motswalle wa hao a ka nna a se dumele hore o hloka thuso hobane a sa batle ho o imetsa. Haeba seo se ka etsahala, leka ho fana ka ditlhahiso tsa dintho tseo o ka mo etsetsang tsona jwalo ka ho mo hlwekisetsa, ho mo ela dishopong kapa ho mo thusa ka mesebetsi e meng.​—Bagalata 6:2.

O se ke wa tela. Ha motswalle wa hao a ntse a sebetsana le ho kula, a ka nna a se ke a batla ho bua le wena kapa ho etsa dintho tseo le neng le dumellane ho di etsa ha mmoho. Mo mamelle mme o mo utlwele. Tswela pele ho ithaopela ho mo thusa.​—Diproverbia 18:24.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela