DULANG LE LEBETSE!
Russia e Hlasela Ukraine
Ka la 24 February 2022, Russia e ile ya hlasela Ukraine, ho sa tsotellehe boiteko boo baetapele ba dinaha ba bo entseng ho qoba ntwa ena. Ntwa ee e ka ama lefatshe jwang? Matsatsi a mmalwa a fetileng, mongodi e moholo wa Matjhaba a Kopaneng António Guterres o ile a re: “Ho thata ho nahana ka tshenyo eo ntwa ena e tlo e baka le ka moo e tlo ama tshireletseho ya naha ya Europe le dinaha tse ding tsohle.”
Bibele e reng ka diketsahalo tsee?
Jesu Kreste o ile a bolela e sa le pele hore “setjhaba se tla tsohela setjhaba matla le mmuso o tla tsohela mmuso matla.” (Matheu 24:7) Bala sehlooho reng “Keng e Bontshang Hore re Phela ‘Matsatsing a ho Qetela?’ kapa ‘Nakong ya Bofelo’?” e le hore o bone hore dintwa tse etsahalang kajeno di phethahatsa boprofeta boo Jesu a buileng ka bona.
Buka ya Tshenolo e tshwantsha dintwa le mopalami wa pere e “mmala wa mollo” ya tlosang “kgotso lefatsheng.” (Tshenolo 6:4) Bala sehlooho se reng “Bapalami ba Bane ba Dipere Ke Bomang?” ho bona hore na boprofeta bona bo kenella jwang dintweng tse etsahalang kajeno.
Buka ya Daniele e boletse e sa le pele ka tsekisano e tla ba dipakeng tsa “morena wa leboya” le “morena wa borwa.” (Daniele 11:25-45) Shebella video e nang le sehlooho se reng Boprofeta bo Phethahetseng—Daniele Kgaolo ya 11 ho ithuta hore na ke hobaneng ha Russia le dinaha tse e tshehetsang di bitswa morena wa leboya.a
Tshenolo e boetse e bua ka ‘ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle.’ (Tshenolo 16:14, 16) Le ha ho le jwalo, ena ha se ntwa e dipakeng tsa dinaha. Bala sehlooho se reng “Ntwa ya Armagedone Keng?” ho ithuta dintlha tse eketsehileng ka ntwa ena.
Ke hobaneng ha o lokela ho ba le tshepo ka bokamoso?
Bibele e re Modimo o tla “fedisa dintwa ho isa pheletsong ya lefatshe.” (Pesaleme ya 46:9) Bala sehlooho se reng “Tshepo ka Bokamoso” ho ithuta dintlha tse eketsehileng ka bokamoso boo Modimo a bo tshepisang.
Jesu o rutile balatedi ba hae hore ba rapelle Mmuso wa Modimo. (Matheu 6:9, 10) Mmuso oo ke mmuso o lehodimong oo ka wona Modimo a tlo phethahatsa thato ya hae lefatsheng mme thato ya hae e akarelletsa hore ho be le kgotso lefatsheng. Ho ithuta hore na Mmuso oo o ka o tswela molemo jwang, shebella video e nang le sehlooho se reng Mmuso wa Modimo Keng?
Ho na le Dipaki Tsa Jehova tse ka hodimo ho 129 000 tse dulang Ukraine. Ba etsisa Jesu ka hore ba se ke ba nka lehlakore dipolotiking le ho ya ntweng. (Johanne 18:36) Lefatsheng lohle, Dipaki tsa Jehova di ntse di tswela pele ho phatlalatsa “ditaba tsena tse molemo tsa Mmuso” e le tharollo ya mathata a moloko wa batho ho akarelletsa le dintwa. (Matheu 24:14) Kopa ho ithuta le emong wa Dipaki Tsa Jehova ka tshepo eo Bibele e fanang ka yona.
a Ho ithuta dintlha tse felletseng ka boprofeta bona, bala dihlooho tse latelang “Morena wa Leboya” Matsatsing a ho Qetela le “Morena wa Leboya” ke Mang Kajeno?