Nany/stock.adobe.com
Bibele e Reng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?
Baetapele ba lefatshe ba lakatsa eka ba ka fedisa tlala ka ho feletseng. Ba lakatsa eka motho e mong le e mong a ka ba le dijo.a Empa na tlala e tla ke e be siyo lefatsheng? Bibele e reng ka taba ee?
Bibele e ile ya bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le tlala
Bibele e ile ya bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le tlala mme ha e bua ka nako eo e re ke ‘mehla ya bofelo.’ (2 Timothea 3:1) Ha se Modimo ya bakang tlala empa o ile a re lemosa hore e tla ba teng. (Jakobo 1:13) Hlokomela boprofeta bona ba Bibele.
“Ho tla ba le tlala . . . sebakeng se seng ka mora se seng.” (Matheu 24:7) Bibele e ile ya bolela esale pele hore ho tla ba le tlala dibakeng tse ngata. Tlaleho e nngwe ya batho ba ithutang hore na dijo di hlahiswa jwang le hore di ajwa jwang e ile ya re: “Le hoja baetapele ba leka ho fokotsa tlala, ho bonahala ho ntse ho mpefala le ho feta.”b Dinaheng tse ngata batho ba dimilione tse makgolo ha ba na dijo. Ka maswabi ba bangata ba bona ba a hlokahala.
“Ka bona pere e ntsho, ya e palameng o ne a tshwere sekala.” (Tshenolo 6:5) Boprofeteng bona pere le mopalami wa yona di tshwantshetsa tlala e tla ba teng mehleng ya bofelo.c Sekala seo mopalami a se tshwereng se metha dijo tse haellang e le hore motho e mong le e mong a fumane ho hong. Ha a ntse a palame pere ho hlaha lentswe le reng theko ya dijo e tla nyoloha le ho lemosa batho hore ba se ke ba senya dijo. (Tshenolo 6:6) Taba ena e bontsha hantle ntho e etsahalang lefatsheng hona jwale, batho ba dibilione ha ba na dijo kapa ha ba kgone ho reka tse nang le phepo.
Tlala e tla fela jwang?
Lefatshe le hlahisa dijo tse ngata ho feta tse hlokahalang. Sena se bolela hore motho e mong e mong a ka fumana dijo. Jwale ke hobaneng ha dijo di haella? Bibele e re Mmopi wa rona Jehovad o tla lokisa bothata boo jwang?
Bothata: Mebuso ha e kgone ho fedisa bofutsana le ho hloka toka tse bakang tlala.
Tharollo: Mebuso ya batho e tla nkelwa sebaka ke Mmuso wa Modimo. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Mehleng ena ho thata hore batho ba futsanehileng ba fumane dijo empa boemo bo tla fetoha tlasa Mmuso wa Modimo. Bibele e re ka Morena Jesu Kreste, e leng Morena wa Mmuso wa Modimo, “o tla pholosa ya futsanehileng ya llang ho kopa thuso le ya maemong a tlase le mang kapa mang ya se nang mothusi. . . . Ho tla ba le dijo tse ngata lefatsheng. Di tla ba ngata le hodima dithaba.”—Pesaleme ya 72:12, 16.
Bothata: Dintwa di baka tshenyo e kgolo ebile di thefula moruo mme sena se etsa hore batho ba se ke ba fumana dijo tse ba lekanang.
Tharollo: “[Jehova] o fedisa dintwa lefatsheng lohle. O roba seqha ebile o robakanya le lerumo. O tjhesa dikariki tsa sesole ka mollo.” (Pesaleme ya 46:9) Modimo o tlo fedisa dibetsa tsa ntwa le batho ba bakang dintwa. Ka lebaka leo batho ba tla fumana dijo habonolo. Bibele e tshepisa hore: “Ba lokileng ba tla eketseha, kgotso e tla ba ngata.”—Pesaleme ya 72:7.
Bothata: Maemo a lehodimo a sa tsitsang le dikoduwa tsa tlhaho di bolaya dijalo le diphoofolo.
Tharollo: Modimo o tla etsa hore maemo a lehodimo e be a loketseng hore dijalo di atlehe. Bibele e re: “[Jehova] o kgutsisa sefefo ebe maqhubu a lewatle a a thola. . . . O fetola lehwatata hore e be matamo a nang le lehlaka, le naha e ommeng o e fetola didiba tsa metsi. O etsa hore ba lapileng ba dule moo. . . Ba jala masimo mme ba lema dirapa tsa morara.”—Pesaleme ya 107:29, 35-37.
Bothata: Batho ba meharo ba etsa dijo tse kotsi ebe ba sitisa batho ba bang ho fumana dijo tse nang le phepo.
Tharollo: Mmuso wa Modimo o tla fedisa batho ba sa lokang le ba sa tshepahaleng. (Pesaleme ya 37:10, 11; Esaia 61:8) Bibele e re Jehova Modimo ke “ya thusang ba utsweditsweng hore ba ahlolelwe ka toka le ya fepang ba lapileng.”—Pesaleme ya 146:7.
Bothata: Selemo se seng le se seng ho senngwa hoo e ka bang 30 phesente ya dijo lefatsheng lohle.
Tharollo: Tlasa Mmuso wa Modimo batho ba tla beng ba fuwe boikarabelo ba tlo etsa bonnete ba hore dijo di bolokwa hantle. Ha Jesu a le lefatsheng o ile a etsa bonnete ba hore dijo ha di senngwe. Ka mohlala, ka letsatsi le leng o ile a fepa batho ba fetang 5 000 ka mohlolo. Ha morao, o ile a re ho barutuwa ba hae: “Bokellang dijo tse setseng, e le hore ho se ke ha eba le letho le senyehang.”—Johanne 6:5-13.
Ka ha Modimo o tla fedisa dintho tse bakang tlala Mmusong wa hae, batho ba tla ba le dijo tse ngata tse monate le tse nang le phepo. (Esaia 25:6) Ho ithuta ka ho eketsehileng hore na Mmuso wa Modimo o tlo etsa dintho tsena neng, bala sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo o Tla Busa Neng Lefatsheng?”
a Ka 2015 mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng o ile wa etsa meralo e le hore o fihlele morero ona ka 2030.
b Tlaleho ena e ile ya etswa ke Food and Agriculture Organization of the United Nations, International Fund for Agricultural Development, United Nations Children’s Fund, United Nations World Food Programme, le World Health Organization.
c Ho ithuta ho eketsehileng ka bapalami ba bane ba dipere ba hlahang ho Tshenolo, bala sehlooho se reng “Bapalami ba Bane ba Dipere ke Bomang?”
d Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”