Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 121
  • Ke Mang eo o ka mo Tshepang?—Bibele e Reng?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang eo o ka mo Tshepang?—Bibele e Reng?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Motho eo o ka mo tshepang
  • Batho ha ba sa Tshepa Boradipolotiki​—Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
  • Jesu o Tla Fedisa Bofutsana
    Dihlooho Tse Ding
  • O ka Tshepa Bara le Baradibabo Rona
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Jesu o Tlo Fedisa Dintwa Lefatsheng
    Dihlooho Tse Ding
Bala Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 121
Ditshwantsho: Batho bao hangata ba nkwang ba tshepahala: 1. Radipolotiki o eme ka pela microphone. 2. Moprista o phuthile matsoho. 3. Rasaense o tshwere ntho eo a ngollang ho yona.

Ka ho le letshehadi: Olena Yefremkina/stock.adobe.com; bohareng: lunamarina/stock.adobe.com; ka ho le letona: Rido/stock.adobe.com

DULANG LE FADIMEHILE!

Ke Mang eo o ka mo Tshepang?—Bibele e Reng?

Batho ba a swetseha ha batho bao ba neng ba ba tshepile ba ba phoqa. Ka lebaka la seo, batho ha ba sa tshepa . . .

  • boradipolotiki ba behang dintho tseo ba di batlang ka pele ho ditlhoko tsa batho.

  • metjha ya ditaba e sa bueng dintho tseo e leng nnete.

  • bo rasaense ba sa nahaneleng setjhaba.

  • baetapele ba bodumedi ba tshehetsang dipolotiki ka botlalo ho ena le ho emela Modimo.

Ke hantle hore batho ba be hlokolosi ka hore na ke mang eo ba ka mo tshepang, hobane Bibele e lemosa ka hore:

  • “Le se ke la tshepa bahlomphehi kapa motho hobane a ke ke a le pholosa.”​—Pesaleme ya 146:3. nal, Bibele​—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

Motho eo o ka mo tshepang

 Bibele e bua ka motho eo o ka mo tshepang, e leng Jesu Kreste. E ne e se monna feela ya lokileng ya phetseng dilemong tse ngata tse fetileng. Modimo o kgethile Jesu hore e be Morena mme “puso ya hae e ke ke ya fela.” (Luka 1:​32, 33) Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo, o busang o le lehodimong.​—Matheu 6:10.

  • Ho ithuta haholwanyane ka hore na ke hobaneng ha o ka tshepa Jesu, bala dihlooho tsena: “Morena wa Mmuso wa Modimo ke Mang?” le “Mmuso wa Modimo o Tla Etsang?”

Buka eo o ka e tshepang

Bibele e bua ka ditaba tsa bophelo ba Jesu le dintho tse ding tsa bohlokwa. Buka ena e ikgethang e na le molaetsa wa bohlokwa oo o ka o tshepang. Ho iphumanela wona, o ka tlatsa kopo ya ho ithuta Bibele mahala. Lenaneong lena la ho ithuta Bibele o tla fuwa dibuka tseo o tla di hloka bakeng sa ho ithuta Bibele le motho ya tla o thusa. Tse ding tsa dintho tseo o tla ithuta tsona ke hore na Jesu ke motho ya jwang, o ile a etsang, o etsang hona jwale le hore na o tla etsang nakong e tlang.

Kopa Thuto ya Bibele

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela