Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 132
  • Bibele e Reng ka Ntwa e Botjhabela bo Hare?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Reng ka Ntwa e Botjhabela bo Hare?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Na mebuso e tla fedisa ntwa e Botjhabela bo Hare?
  • Na ntwa e Botjhabela bo Hare e phethahatsa boprofeta?
  • Na Armagedone e tla qala Botjhabela bo Hare?
  • Ke eng e ka re thusang nakong ya mathata?
  • Bibele e re Dintwa Tse Ntseng di Etsahala Hona Jwale di Tla Fela Neng?
    Dihlooho Tse Ding
  • Na Armagedone e Tla Qala Iseraele?—Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
  • Bibele e Reng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Ntwa ya Armagedone Keng?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Bala Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 132
Mosi o tswang ka mora hore misaele e otle e nngwe ya ditoropo tse Botjhabela bo Hare.

Photo by Stringer/Getty Images

DULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e Reng ka Ntwa e Botjhabela bo Hare?

Batho lefatsheng ka bophara ba tshwenyehile ka se etsahalang dipakeng tsa Amerika, Iseraele le Iran. Na boemo boo bo tla mpefala mme e be ntwa e tla ama dinaha tse ngata? Na mebuso e ka kgona ho thibela dintwa le ho tlisa kgotso ya ka ho sa feleng lefatsheng?

Batho ba tlwaelaneng le boprofeta ba Bibele ba ka nna ba ipotsa hore na ntwa e etsahalang Botjhabela bo Hare ke qaleho ya ntwa ya Armagedone eo buka ya Tshenolo e buang ka yona.

Bibele e reng?

Na mebuso e tla fedisa ntwa e Botjhabela bo Hare?

Bibele e re: “Le se ke la tshepa dikgosana kapa motho hobane a ke ke a le pholosa.”​—⁠Pesaleme ya 146:⁠3.

Ho se ho tla bonahala ha nako e ntse e eya hore na mebuso e tla kgona ho tlisa kgotso Botjhabela bo Hare. Le ha ho le jwalo, Bibele e bontsha ka ho hlakileng hore ha ho na moetapele wa dipolotiki, mmuso wa batho kapa sehlopha sa batho se ka fedisang ntwa le ho tlisa kgotso ya ka ho sa feleng. Ke Modimo feela ya tla “fedisa dintwa lefatsheng lohle.”​—⁠Pesaleme ya 46:⁠9.

  • E le hore o ithute se eketsehileng, bala makasine wa Tora ya ho Lebela o nang le sehlooho se reng “Na Ntwa e Tla ke e Fele?”

Na ntwa e Botjhabela bo Hare e phethahatsa boprofeta?

Bibele e re: “Le tla utlwela ka dintwa le ditlaleho tsa dintwa. . . . Ditjhaba di tla lwantshana le mebuso e hlaselane.”​—⁠Matheu 24:​6, 7.

Ntwa e etsahalang Botjhabela bo Hare hona jwale ke e nngwe ya dipontsho tsa hore ‘lefatshe lena le a fela’ hape e paka hore re phela “mehleng ya bofelo.” (Matheu 24:⁠3; 2 Timothea 3:⁠1) Dintwa tse teng kajeno di bontsha hore haufinyane Modimo o tla nka kgato ya ho fedisa ntwa le mathata a mang a hlahelang batho.

  • E le hore o ithute se eketsehileng, bala sehlooho se reng “Keng e Bontshang Hore re Phela ‘Mehleng ya Bofelo’?”

Na Armagedone e tla qala Botjhabela bo Hare?

Bibele e re: “Tsa bokella marena sebakeng seo ka Seheberu se bitswang Armagedone.”​—⁠Tshenolo 16:⁠16.

Ntwa ya Armagedone ha se ntwa e dipakeng tsa mebuso ya batho e tla qala Botjhabela bo Hare. Ke ntwa e tla ama lefatshe lohle mme e tla ba dipakeng tsa mebuso ya batho le Modimo.

  • E le hore o ithute se eketsehileng, bala sehlooho se reng “Ntwa ya Armagedone Keng?”

Ke eng e ka re thusang nakong ya mathata?

Bibele e re: “Le se ke la tshwenyeha ka letho. Ho ena le hoo, le rapele Modimo ka mehla, le mo kope ka tiyo hore a le tataise dinthong tsohle mme le mo lebohe ka mehla.”​—⁠Bafilipi 4:⁠6.

Jehovaa Modimo o re mema hore re mo rapele. Ka ha Modimo wa re tsotella, o tla utlwa dithapelo tsa rona a be a re thuse ho mamella mathata. (1 Petrose 5:⁠7) Tsela e nngwe eo a re thusang ka yona ke ka hore a re hlalosetse hore na ke hobaneng ha dintwa di le teng, hore na di tla fela jwang le seo a tla se etsa ho fedisa bohloko le mathata ao re nang le wona.​—⁠Tshenolo 21:​3, 4.

  • E le hore o ithute se eketsehileng ka hore na Modimo o re thusa jwang, bala sehlooho se reng “O ka Fumana Mantswe a Kgothatsang ka Bibeleng.”

a Jehova ke lebitso la Modimo.​—⁠Pesaleme ya 83:⁠18.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela