Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwyp sehlooho 5
  • Nka Etsang Haeba Batswadi ba ka ba Hlalana?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsang Haeba Batswadi ba ka ba Hlalana?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dintho tse tharo tseo o sa lokelang ho di etsa
  • Dintho tse tharo tseo o ka di etsang
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 5
Motjha ya kwatileng o furalletse batswadi ba hae ba ntseng ba ngangisana.

BATJHA BA A BOTSA

Nka Etsang Haeba Batswadi ba ka ba Hlalana?

E nngwe ya dintho tse tshwenyang haholo eo batjha ba thulanang le yona ke ha batswadi ba bona ba hlalana. Ke eng e ka o thusang hore o mamelle boemo boo?

Sehloohong sena

  • Dintho tse tharo tseo o sa lokelang ho di etsa

  • Dintho tse tharo tseo o ka di etsang

  • Seo batjha ba bang ba se buang

Dintho tse tharo tseo o sa lokelang ho di etsa

1. Ho ipeha molato

“Mme wa ka o ne a kile a mpolella hore mathata ohle a bona a qadile ha ke hlaha, ka hoo ke ile ka etsa qeto ya hore ke ka lebaka la ka batswadi ba ka ba hlalaneng.”​—Diana.

Hopola sena: Ha ba a hlalana ka lebaka la hao. Ba hlalana ka lebaka la mathata a bona. Ha se wena ya ba baketseng mathata ebile o ke ke wa ba rarollela ona. Ke boikarabelo ba bona hore ba rarolle mathata a bona a lenyalo.

“Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka dintho tseo a di etsang.”​—Bagalata 6:5.

2. Ho dula o halefile

“Ke kwatetse ntate wa ka haholo hobane ha a ka a tshepahalla mme wa ka. Ntate o tlo tlameha ho etsa boiteko bo boholo e le hore ke mo tshepe hape.”​—Rianna.

Hopola sena: O tlameha o kwatile ebile o ferekane ka lebaka la se etsahalang pakeng tsa batswadi ba hao, mme ke ho utlwahalang hore o ikutlwe jwalo. Empa ho kotsi hore o dule o halefile. Ho ka o ntsha kotsi mmeleng le maikutlong. Ke ka hoo ho thweng ho dula o halefile ho tshwana le ho nwa tjhefo, ebe o lebella hore motho e mong e be yena ya kulang.a

“Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale.”​—Pesaleme ya 37:8.

3. O nahana hore o ke ke wa ba le lenyalo le thabileng

“Ke tshaba hore ke tla etsisa ntate wa ka. Ke tshaba hore ha nka nyalwa ka ba le bana, ke tla etsa dintho tse tshwanang le tseo batswadi ba ka ba ileng ba di etsa ha ba tla qetella ba hlalane.”​—Jessica.

Hopola sena: Taba ya hore lenyalo la batswadi ba hao ha le ya atleha, ha e bolele hore le la hao le ke ke la atleha. Ha e le hantle, o ka ithuta dintho tsa bohlokwa ho se etsahalletseng batswadi ba hao. Ka mohlala, o tla ba hlokolosi hore na o batla motho eo o tlo nyalana le yena a be jwang. Lenyalo la batswadi ba hao le sa kang la atleha, le ka o thusa hore o batle ho ba le makgabane a tla etsa hore o be monna kapa mosadi ya molemo.

“Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe dintho tseo a di etsang.”​—Bagalata 6:4.

Motjha ya kentseng samente leotong o dutse soufeng o ntse a penya laptop ya hae.

Ho amohela hore batswadi ba hao ba hlalane ho tshwana le lesapo le robehileng le seng le fola. Se utlwisang bohloko hona jwale, se ka ba betere ha nako e ntse e ya

Dintho tse tharo tseo o ka di etsang

1. Bua le ba bang. Hangata batho ba sa bueng ha ba utlwile bohloko, ho ba bonolo hore ba etse dintho tse ba ntshang kotsi, tse kang ho nwa jwala haholo le ho sebedisa dithethefatsi. Ho ena le ho etsa jwalo, leka ho etsa dintho tsena tse latelang:

Bua le batswadi ba hao. Haeba e mong wa batswadi ba hao kapa bobedi ba bona ba o bolella mathata a bona mme ba batla o nke lehlakore, bua le bona o kgobile matshwafo mme o ba bolelle hore na seo se etsa hore o ikutlwe jwang. Haeba o thatafallwa ho bua le bona, o ka ngolla e mong wa bona lengolo kapa wa ba ngolla ba le babedi.

Motjha o ntse a ngola lengolo.

Bua le motswalle eo o mo tshepang. Ho ba le motho ya o mamelang ka hloko ha o bua, ho ka o thusa hore o imolohe. Bibele e re, “motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”​—Diproverbia 17:17.

Bua le Mmopi wa hao. “Ya Utlwang thapelo,” e leng Jehova Modimo, o dula a ikemiseditse ho o mamela. (Pesaleme ya 65:2) Bibele e re o ka ‘lahlela dintho tsohle tse o tshwenyang ho yena hobane wa o tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

  • Ho batswadi ba hao, ke ofe eo o ka kgonang ho bua le yena o kgobile matshwafo?

  • Ke motswalle ofe wa hao eo o mo tshepang (thaka ya hao kapa motho ya hodileng) ya ka o thusang le ho o tshehetsa hore o mamelle boemo boo?

  • Ke dintho dife tseo o ka di rapellang ka ho kgetheha?

Lebone.

Keletso: Ngola maikutlo a hao. Raquel, eo batswadi ba hae ba ileng ba hlalana ha a le dilemo di 12, o re: “Tsela eo o ikutlwang ka yona hona jwale e ka nna ya se ke ya utlwahala, empa ha o ngola maikutlo a hao fatshe e tla re hamorao ha o a bala o tla bona hore tsela eo o neng o ikutlwa ka yona, e ntlafetse haholo hakae. Ho etsa jwalo ho ile ha nthusa hore ke ikutlwe ke le betere.”

2. Fetoha le maemo

Ha batswadi ba hao ba hlalana, o ka nna wa tlameha ho fetola sebaka seo o neng o dula ho sona, sekolo, maemo a ditjhelete le ona a ka fetoha mme wa tlameha ho ba le metswalle e metjha. Ke ho utlwahalang hore o ikutlwe o tshwenyehile ebile o ferekane mme o ka utlwa eka bophelo ba hao bo fetohile haholo ebile bo bosula. Keng e ka o thusang hore o amohele boemo? Leka ho nahana haholo ka dintho tse ka o thusang hore o kgone ho ikamahanya le maemo a matjha.

  • Ke phetoho efe e kgolo eo o ileng wa tlameha ho e etsa hobane batswadi ba hao ba hlalana?

  • Ke dintho dife tse ka o thusang hore o kgone ho ikamahanya le maemo a matjha?

“Ke ithutile ho kgotsofala ho sa tsotellehe hore na maemo a ka ke afe.”​—Bafilipi 4:11.

Lebone.

Keletso: Robala ka ho lekaneng, e ja dijo tse nang le phepo e ntle o be o ikwetlise ka ho lekaneng. Ha o phetse hantle, o tla kgona ho mamella maemo a boima mme ha o na ho imelwa haholo. O ka kgona ho sebetsana le stress ka katleho le diphetoho tse bang teng bophelong ba hao.

3. Tseba makgabane a hao

Le hoja ho hlalana ha batswadi ba hao ho ka o tshwenya haholo, ho ka boela ha o thusa hore o hlokomele makgabane ao o nang le ona. O ka ba wa kgona ho ba le a mang. Jeremy, eo batswadi ba hae ba hlalaneng ha a le dilemo di 13 o re: “Ha batswadi ba ka ba hlalana, ke ile ka tlameha ho ba le boikarabelo haholwanyane. Ka ha ke nna ya moholo, ke ne ke lokela ho thusa mme wa ka le ngwaneso ya monyane wa moshemane.”

Motjha o thusa ngwanabo wa ngwanana ka mosebetsi wa sekolo ha mme wa bona a ntse a pheha ka kitjhineng.

Ho hlalana ha batswadi ba hao ho ka etsa hore o be motho ya nang le boikarabelo haholo lapeng

  • Ke makgabane afe ao o nang le ona ka lebaka la ho hlalana ha batswadi ba hao?

  • Ke hokae moo o ka ratang ho ntlafatsa teng?

“Mangolo ohle a halalelang a tswa ho Modimo. A molemo hobane . . . a lokisa dintho.”​—2 Timothea 3:16.

Lebone.

Keletso: Bala Bibele letsatsi le letsatsi. Melaomotheo ya yona e tla o thusa hore o be le makgabane a tla o thusa hore o sebetsane le maemo a tshwenyang bophelong, jwalo ka ho hlalana ha batswadi ba hao.

a Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Nka Etsang ho Laola Bohale ba ka?”

Seo batjha ba bang ba se buang

“Haufinyane tjena, ke ile ka amohela hore batswadi ba ka ba hlalane. Qalong, ke ne ke sa utlwisise hore na ho etsahalang. Yaba ha dilemo di ntse di e ya ke a halefa. Hona jwale ha ke se ke le dilemo di 18, ke se ke amohetse boemo mme ke kgona ho tswela pele.”​—Elena.

“Batswadi ba ka ba ile ba hlalana ha ke le dilemo di supileng. Ha ke le dilemo di 21, ke ile ka dula fatshe le ntate wa ka mme ka mo bolella hore ke rata ho bua ka ntho e nngwe le e nngwe e etsahetseng. Re ile ra qeta dihora tse pedi re ntse re bua ka mathata a ileng a etsa hore ba qetelle ba hlalane le hore na seo se ile sa nkama jwang. Ke hloile tlhalo, empa ke rata ntate wa ka mme ke ile ka mo utlwisisa. Seo se ile sa nthusa hore ke be le kgotso.”​—Katelyn.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela