Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwyp sehlooho 69
  • Ke Hobaneng ha ke Lokela ho Rapela?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobaneng ha ke Lokela ho Rapela?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Thapelo keng?
  • Na Modimo o mametse?
  • Keng seo nka se rapellang?
  • Thapelo e ka o Thusa ho ba Motswalle wa Modimo
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e re Rutang ka Thapelo?
    Bibele e re Rutang?
  • Ananela Mpho ya Thapelo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 69
Ngwanana o dutse pela letsha

BATJHA BA A BOTSA

Ke Hobaneng ha ke Lokela ho Rapela?

Dipalopalo tsa America di bontsha hore boholo ba batjha ba a rapela, empa ke halefo ya bona feela e rapelang letsatsi le leng le le leng. Sena ha se makatse hobane ba bang ba a ipotsa hore na thapelo ke tsela ya hore motho a imolohe maikutlong, kapa ho akarelletsa se fetang moo?

  • Thapelo keng?

  • Na Modimo o mametse?

  • Keng seo nka se rapellang?

  • Dithaka tsa hao di reng?

Thapelo keng?

Thapelo ke puisano e pakeng tsa motho le Mmopi wa dintho tsohle. Nahana hore na seo se bolelang! Jehova o phahametse batho, empa ha a “hole le e mong le e mong wa rona.” (Liketso 17:27) Haele hantle, Bibele e re ho rona: “Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.”​—Jakobo 4:8.

O ka atamela haufi le Modimo jwang?

  • Tsela e nngwe ke ka thapelo​—ke yona tsela eo o buang le Modimo ka yona.

  • Tsela e nngwe ke ka ho bala Bibele​—ke yona tsela eo Modimo a “buang” le wena ka yona.

Puisano ena​—e leng ho rapela le ho ithuta Bibele​—e tla o thusa hore o hahe setswalle se matla le Modimo.

“Ho bua le Jehova​—ho buisana le ya Matla Ohle​—Ke o mong wa menyetla e meholo eo motho a ka bang le yona.”​—Jeremy.

“Ho bolella Jehova maikutlo a ka a tebileng ka thapelo, ho etsa hore ke ikutlwe ke atametse haufi le yena.”​—Miranda.

Na Modimo o mametse?

Le ha o dumela ho Modimo​—ebile o mo rapela​—ho ka ba thata hore o dumele hore ka nnete wa re mamela. Le ha ho le jwalo, Bibele e re Jehova ke “Ya Utlwang thapelo.” (Pesaleme ya 65:2) Ebile e re mema hore re ‘lahlele matshwenyeho ohle a rona ho yena.’ Hobaneng? ‘Hobane wa re tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

Seo o ka nahanang ka sona: Na o ipha nako ya ho bua le metswalle ya hao kgafetsa? O ka etsa se tshwanang ha o bua le Modimo. Bua le yena kgafetsa mme o sebedise lebitso la hae e leng Jehova ha o rapela. (Pesaleme ya 86:5-7; 88:9) Le Bibele ya re kgothaletsa e re: “Rapelang le sa phetse.”​—1 Bathesalonika 5:17.

“Thapelo ke puisano e pakeng tsa ka le Ntate wa ka wa lehodimo, ka yona ke kgona ho tshollela pelo ya ka yohle ho yena.”​—Moises.

“Ke bua le Jehova ka dintho tse tebileng tseo ke neng ke tla di bua le mme wa ka kapa le motswalle ya haufi.”​—Karen.

Keng seo nka se rapellang?

Bibele e re: “Nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi hammoho le diteboho dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo.”​—Bafilipi 4:6.

Na see se bolela hore ho lokile hore o rapele ka mathata a hao? Ho jwalo! Haele hantle Bibele e re: “Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, o tla o tshehetsa.”​—Pesaleme ya 55:22.

Ke nnete hore sena ha se bolele hore o tla bua ka mathata a hao feela. Chantelle ya dilemo tse 23 o re: “Ke ne ke tla senya setswalle sa ka le Jehova haeba ke ne ke tla dula ke mo kopa thuso feela. Ho leboha Jehova e lokela ho ba nthong e tlang pele, le hore dintho tseo ke di lebohang di lokela ho ba ngata ho feta tseo ke di kopang.”

Seo o ka nahanang ka sona: Ke dintho di fe tseo o di lebohelang? Na o ka nahana ka dintho tse tharo tseo o ka lebohang Jehova ka tsona kajeno?

“Le ntho e nyane jwalo ka ho sheba lelomo, ho ka o susumelletsa hore o rapele Jehova mme o mo lebohe.”​—Anita.

“Nahanisisa ka e nngwe ya dintho tseo kgahlileng popong ya Jehova kapa temana ya Bibele eo o e ratang mme ka mora moo o lebohe Jehova.”​—Brian.

Dithaka tsa hao di reng?

Moises

“Botebo ba dithapelo tsa rona bo lokela ho tshwana le ba lewatle eseng ba letamo. Jehova o batla ho re thusa, le hoja a tseba seo re se hlokang le pele re mo kopa sona, re ka mmontsha ka moo re mo tshepang kateng ka hore re bue le yena ho tswa pelong.”​—Moises.

Miranda

“Thapelo e tshwana le ha e ka Jehova o tshwere thapo ka lehlakoreng le leng ha nna ke tshwere le leng. Ha ke bolella Jehova se ka pelong ya ka, ho tshwana le ha e ka ke tiisa thapo eo mme Jehova o a arabela, sena se etsa hore setswalle sa rona se tiye.”​—Miranda.

Jeremy

“Haeba re sa hlokomele, re ka iphumana re rapela feela haeba ho na le ntho eo re e batlang. Empa haeba re leboha Jehova, seo se tla etsa hore re ananele sohle seo a re fileng sona mme re ke ke ra dula re kopa feela.”​—Jeremy.

Shelby

“Ha re tswela pele ho leboha Jehova, re tla ba batho ba ananelang. Ho leboha Jehova ka thapelo ho tla re thusa hore re bone ditlhonolofatso tseo a re fang tsona eseng mathata ao re kopanang le ona.”​—Shelby.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela