Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwyp sehlooho 83
  • Nka Hlola Diteko Jwang?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Nka Hlola Diteko Jwang?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Seo o lokelang ho se tseba
  • Seo o ka se etsang
  • Teko
    Fadimehang!—2017
  • Dulang le Itebetse e le Hore le se ke la Hlolwa ke Diteko
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Seo re ka se Etsang ho Hlola Ditakatso Tse Fosahetseng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Ke Lokela ho Etsang ka Mora ho Kolobetswa—Karolo.2: Dula o Tshepahala
    Batjha ba a Botsa
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 83
Ha mohlankana a bona moshanyana a eme le ngwanana ka tsela e bontshang hore ba a ratana o a ba kgalla, bashanyana ba babedi ba shebile sesebediswa sa elektronike mme ngwanana e mong o feta pela hae

BATJHA BA A BOTSA

Nka Hlola Diteko Jwang?

Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ke batla ho etsa dintho tse nepahetseng, tse mpe di teng ho nna.” (Baroma 7:​21) Na o kile wa ikutlwa ka tsela ee? Haeba ho jwalo, sehlooho sena se tlo o thusa hore na ke jwang o ka hlolang teko ya ho etsa dintho tse fosahetseng.

  • Seo o lokelang ho se tseba

  • Seo o ka se etsang

  • Seo batjha ba bang ba se buang

Seo o lokelang ho se tseba

Hangata ha batho ba bang ba o hatella o qetella o batla ho etsa dintho tse mpe. Ha e le hantle Bibele e re “ho tlwaelana le batho ba fosahetseng ho senya mekgwa e metle.” (1 Bakorinthe 15:​33) Kgatello e tswang ho batho ba bang kapa dinthong tseo o di shebellang le ho di bala e ka etsa hore o ipehe tekong wa ba “wa latela bongata hore o etse bobe.”​—Exoda 23:2.

Jeremy o re: “Kgatello ya ho batla ho ratwa le ho amohelwa ho ka etsa hore o batle ho etsa dintho tseo batho ba bang ba di etsang e le hore feela ba o amohele.”

Nahana ka sena: Ke hobaneng ha teko e ka ba matla haholo haeba o dula o nahana ka seo batho ba se buang kapa ba se nahanang ka wena?​—Diproverbia 29:25.

Tabataba ke ena: O se ke wa dumella kgatello ya dithaka hore e etse hore o sekisetse dinthong tseo o di nkang e le tsa bohlokwa.

Seo o ka se etsang

Tseba seo o se dumelang. Haeba o sa tsebe seo o se dumelang, batho ba ka o etsa popae eo ba bapalang ka yona. Ho molemo hore o latele seo Bibele e se buang ha e re: “Etsang bonnete ba hore dintho tsohle di nepahetse, le kgomarele tse nepahetseng.” (1 Bathesalonika 5:​21) Ha o ntse o utlwisisa seo o se dumelang, ho tla ba bonolo hore o phele tumellanong le sona mme o hlole teko ya ho etsa se fapaneng.

Nahana ka sena: Ke hobaneng ha o dumela hore melao ya Modimo ya boitshwaro e etseditswe ho o tswela molemo?

Kimberly o re: “Ke ithutile hore haeba ke emela seo ke se dumelang ebile ke sa inehele ditekong, batho ba bang ba a ntlhompha.”

Mohlala wa motho eo re ka mo etsisang ya hlahang ka Bibeleng: Daniele. Ha Daniele e sa le motjha, “o ile a etsa qeto ka pelong ya hae” hore o tla mamela melao ya Modimo.​—Daniele 1:8.

Mohlankana o tlanngwe ka dithapo jwalo ka ha eka ke popae eo ho ntse ho bapalwa ka yona

Haeba o sa tsebe seo o se dumelang, batho ba ka o etsa popae eo ba bapalang ka yona

Tseba mefokolo ya hao. Ha Bibele e bua ka “ditakatso tsa botjha” e bua ka boikutlo bo matla boo o bang le bona ha o sa le motjha. (2 Timothea 2:​22) Sena se akarelletsa boikutlo ba ho batla ho amohelwa ke batho ba bang le ba ho iketsetsa diqeto le hoja o eso fihle dilemong tse loketseng eseng feela boikutlo ba ho batla ho etsa thobalano.

Nahana ka sena: Bibele e re “e mong le e mong o lekwa ke ho hohelwa ke ditakatso tsa hae.” (Jakobo 1:​14) Ke takatso efeng eo o lwantshanang le yona haholo?

Sylvia o re: “Tseba hore na ke diteko dife tseo o iphumanang o tshwasehile ho tsona ha bonolo mme o se ke wa ithetsa. Etsa dipatlisiso ka hore na o ka hlola diteko tseo jwang mme o ngole dintlha tseo o ka di sebedisang fatshe. Ha o etsa jwalo, o tla tseba hore na ke jwang o ka hlolang diteko tse jwalo nakong e tlang ha o tobana le tsona.”

Mohlala wa motho eo re ka mo etsisang ya hlahang ka Bibeleng: Davida. Ka dinako tse ding Davida o ne a itlohella hore a hatellwe ke ditakatso tsa hae le ke batho ba bang. Empa o ile a ithuta diphosong tsa hae mme a leka ho ntlafatsa. O ile a rapela Jehova a re “hlwekisa pelo ya ka, o fetole tsela eo ke nahanang ka yona e le hore nka tshepahala.”​—Pesaleme ya 51:10.

Tseba seo o lokelang ho se etsa. Bibele e re: “O se ke wa itlohela hore o hlolwe ke bobe.” (Baroma 12:​21) Sena se bolela hore ha o a lokela ho inehella diteko. Empa o ka kgetha ho etsa se nepahetseng.

Nahana ka sena: O ka etsang hore o se ke wa iphumana o entse ntho e fosahetseng ha o lekwa?

Sophia o re: “Ke nahana ka hore na ke tlo ikutlwa jwang ka mora ho itumella ho lekwa. Na ke tlo utlwa ke kgotsofetse? Mohlomong ka nakwana. Ho thweng ka mora nako e telele? Ke tla be ke ikwahlaya. Na ho molemo ho etsa jwalo? Tjhe!”

Mohlala wa motho eo re ka mo etsisang ya hlahang ka Bibeleng: Pauluse. Le hoja Pauluse a ile a dumela hore o na le takatso ya ho etsa se fosahetseng, o ile a ema a tiile. O ile a re: “Ke tshwara mmele wa ka ka thata ebile ke o tshwara jwalo ka lekgoba.”​—1 Bakorinthe 9:27.

Tabataba ke ena: Ho matleng a hao hore na o tla etsang ha o hlahelwa ke diteko.

Hopola hore diteko ke dintho tsa nakwana. Melissa ya dilemo di 20 o re: “Ha ke nahana ka hore dintho tse ngata tseo e neng e le diteko ho nna kgale, hona jwale ha di sa re letho, ke kgodisehile hore diteko tse ntlhahelang di tla feta mme ka le leng ke tla hetla ke hlokomele hore bophelo ba ka bo se bo le molemo hobane ke ile ka di hlola.”

Seo batjha ba bang ba se buang

Olivia

Olivia o re: “Ha ke etsa qeto mme ke e emela, seo se nthusa hore ke hlole diteko. Ka mohlala, ha ke entse qeto ya hore ha ke na etsa ntho e itseng ke a e kgomarela mme ha ke nahane habedi kapa hona ho itumella hore ke susumetswe ke diqeto tsa batho ba bang.”

Jared

Jared o re: “Batjha ba ba le kgatello ya ho ya diphathing le ho etsa dintho tse ngata tse etswang moo tse kang ho nwa jwala, ho sebedisa dithethefatsi le ho etsa thobalano. Ntho e nthusang ke ho bua le batswadi ba ka ke phutholohile ka dintho tsena. Hape, ho dula ke phathahane nakong eo ho se nang letho leo nka le etsang ho nthusa hore ke qobe diteko tsa ho etsa dintho tse mpe.”

Mayan

Mayan o re: “Teko eo ho leng thata ka ho fetisisa ho e hlola, ke ya ntho eo batho ba bang ba sa e nkeng e fosahetse empa nna ke e nka e le phoso, jwalo ka ho kgetha boithabiso. Ho tseba seo o se dumelang ho ka o thusa hore o hlole kgatello e kang ena mme sena se hloka nako le boiphihlelo.”

Julian

Julian o re: “Ha ho tluwa tabeng ya diteko, o se ke wa ithetsa. O lokela ho tseba hore na ke dikarolo dife tsa Inthanete tse ka o kenyang molekong, tse hlahisang ditshwantsho tse ditshila mme o tsebe hore na o tla etsang ha di hlaha. O lokela ho dula o itebetse e le hore o se ke wa wela molekong.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela