Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwia sehlooho 3
  • “Wa Tlamahana le Moya wa Hae”

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • “Wa Tlamahana le Moya wa Hae”
  • Etsisa Tumelo ya Bona
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Se Entseng Hore e be Metswalle
  • Jonathane o Lokela ho Kgetha Hore na o Tla Tshepahala ho Mang
  • Moputso wa ho Tshepahala
  • “O ne o Kgahleha Haholo ho Nna”
  • Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tshepahala
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • “Ha ho se ka Sitisang Jehova”
    Etsisa Tumelo ya Bona
  • Tswelang Pele ho Bontshana Lerato le Mofuthu
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Etsisa Tumelo ya Bona
ijwia sehlooho 3
Jonathane

ETSISA TUMELO YA BONA | JONATHANE

“Wa Tlamahana le Moya wa Hae”

Ntwa e ne e se e fedile, ka hoo ho ne ho thotse ha monate pela Phula ya Ela. Ho ne ho foka moya o phodileng ha monate moo Saule le masole a hae ba neng ba hlomme ditente teng mme Saule o ne a ntse a qoqa le ba bang ba bahlanka ba hae. Jonathane le yena o ne a le teng ha ba ntse ba qoqa mme ba ne ba mametse ha modisa e monyane wa dinku a ntse a ba qoqela pale ya hae. Modisa eo ke Davida, e ne e le moshanyana ya mafolofolo. Saule o ne a mametse Davida ka hloko, a batla ho utlwa ntho e nngwe le e nngwe. O nahana hore Jonathane o ile a ikutlwa jwang? O hlotse dintwa tse ngata a lwanela setjhaba sa Jehova. Empa lekgetlong lena tlholo ha se ya hae, ke ya Davida. Davida o ne a bolaile seqhenqhahadi sa monna, Goliathe! Na Jonathane o ile a jella Davida mona?

Tsela eo Jonathane a ileng a itshwara ka yona e ka o makatsa. Bibele e re: “Eitse hang ha a qetile ho bua le Saule, moya wa Jonathane wa tlamahana le moya wa Davida, mme Jonathane a qala ho mo rata jwalo ka moya wa hae.” Jonathane o ile a fa Davida dihlomo tsa hae tsa ntwa ho akarelletsa le seqha sa hae, eo e ne e hlile e le mpho ya bohlokwa, hobane Jonathane ha a ne a tshwara seqha o ne a hlile a ipabola e le kannete. Ho hotle le ho feta ke hore Jonathane le Davida ba ile ba etsa kano, ba tshepisana hore e tla ba metswalle e tshehetsanang ka mehla.​—1 Samuele 18:1-5.

Jonathane le Davida ke ba bang ba batho bao Bibele e buang ka setswalle sa bona. Setswalle ke sa bohlokwa ho batho ba nang le tumelo. Ha re kgetha metswalle hantle mme re kgetha metswalle e tla re tshehetsa le e tla re tshepahalla, re tla be re matlafatsa tumelo ya rona matsatsing a na a ho qetela. (Liproverbia 27:17) Ka hoo, ha re boneng hore na re ka ithutang mohlaleng wa Jonathane.

Se Entseng Hore e be Metswalle

Ho tlile jwang hore e be batho bana e bile metswalle ka pele jwalo? Karabo re tla e fumana ha re hlahloba se ileng sa etsa hore e qetelle e le metswalle. Ha re shebe tsela eo ba hotseng ka yona. Jonathane o phetse dinakong tse thata. Botho ba Ntate wa hae Saule bo ne bo ntse bo fetoha mme bo ntse bo eba bobe le ho feta. E ne e le monna ya nang le tumelo ya mamelang le ya ikokobeditseng, empa jwale o ne a se a ikgohomosa ebile a se a sa mamele.​—1 Samuele 15:17-19, 26.

E tlameha hore ebe Jonathane o ile a tshwenyeha haholo ha a bona Ntate wa hae a ntse a fetoha, hobane o ne a mo rata haholo. (1 Samuele 20:2) E ka nna ya ba Jonathane o ne a nahana hore Saule o tla tlisetsa setjhaba sa Jehova bomadimabe. E kanna yaba o ne a nahana ka dintho tse kang ho se mamele ha Ntate wa hae ho ne ho tla etsa hore batho ba lahlehelwe ke kamohelo ya Jehova? Ka hoo, ha ho makatse hore tseo e ne e hlile e le dinako tse thata ho Jonathane.

Ho tseba dintho tsena ho tla re thusa hore re utlwisise hore na ke hobaneng ha Jonathane a ne a batla ho ba motswalle wa Davida. Jonathane o ne a kgahlilwe ke tumelo ya Davida. Hopola hore ho fapana le masole a Saule, Davida yena o ile a ba le sebete sa ho lwantsha monna wa seqhenqhahadi, e leng Goliathe. O ile a re o tla lwana le Goliathe ka lebaka la hore o fumana matla ho Jehova, eseng ho dibetsa tseo Goliathe yena a di tshwereng.​—1 Samuele 17:45-47.

Ka tsela e tshwanang, Jonathane le yena o ne a tshepile Jehova ha a ya ntweng. O ne a kgodisehile hore yena le mohlanka wa hae ba ne ba tla kgona ho lwantsha masole a mangata a Bafilista. Hobaneng? Hobane o ile a re: “Ha ho se ka sitisang Jehova.” (1 Samuele 14:6) Ka hoo, ho na le ntho eo Jonathane le Davida ba neng ba tshwana ka yona, bobedi ba bona ba ne ba na le tumelo ho Jehova ebile ba ne ba mo rata. Ke yona ntho e ileng ya etsa hore e qetelle e le metswalle. Le hoja Jonathane a ne a se a ntse a tlo tshwara dilemo tse 50 ebile e le ngwana wa morena ha Davida yena e ne e le modisa wa dinku ebile a na le dilemo tse ka bang 20, dintho tseo ha di a ka tsa ba sitisa hore e be metswalle.a

Selekane seo ba ileng ba se etsa se ile sa sirelletsa setswalle sa bona. Ka tsela efe? Davida o ne a tseba hore Jehova o ne a batla hore e be morena ya latelang wa Iseraele! Na o ile a patela Jonathane seo? Ha a ka a mo patela! Setswalle sa bona se setle se ile sa dula se le matla ka lebaka la hore ba ne ba buisana, ba tshepana ebile ba sa bolellane leshano. O nahana hore Jonathane o ile a ikutlwa jwang ha a utlwa hore Davida e tla ba yena morena ya latelang? Ho thweng haeba Jonathane o ne a se a ipona e le morena mme a lokisa diphoso tseo Ntate wa hae a neng a di entse? Bibele ha e re bolelle letho ka hore na Jonathane o ile a ikutlwa jwang ka taba eo, empa e re bolella feela ka hore Jonathane o ile a dula a tshepahala ebile a na le tumelo. Jonathane o ile a hlokomela hore moya wa Jehova o halalelang o na le Davida. (1 Samuele 16:1, 11-13) Jonathane o ile a tshepahalla kano ya hae, ha a ka a monela Davida empa o ile a dula e le motswalle wa hae. Jonathane o ne a batla ho bona thato ya Jehova e etsahala.

Jonathane le Davida ka bobedi ba ne ba rata Jehova haholo ebile ba na le tumelo e matla haholo ho yena

Setswalle sa bona e ile ya ba tlhohonolofatso e kgolo ho bona. Re ithuta eng tumelong ya Jonathane? Mohlanka e mong le e mong wa Jehova o etsa hantle ha a nka setswalle e le ntho ya bohlokwa. Ha ho hlokahale hore re etse setswalle le batho bao re lekanang le bona ka dilemo kapa bao re hodisitsweng ka ho tshwana le bona, empa re lokela ho etsa setswalle le batho ba ratang Jehova mme seo se tla re tswela molemo. Jonathane le Davida ba ne ba kgothatsana le ho matlafatsana ka dinako tsohle mme bobedi ba bona ba ne ba hloka setswalle se jwalo hobane ba ne ba kopana le mathata a mangata.

Jonathane o Lokela ho Kgetha Hore na o Tla Tshepahala ho Mang

Qalong, Saule o ne a rata Davida mme o ile a etsa hore e be moetapele wa masole a hae. Empa ha nako e ntse e ya, Saule o ile a ba mona, e leng seo Jonathane yena a sa kang a se etsa. Davida o ne a dula a hlotse ntweng ha a lwana le dira tsa Jehova e leng Bafilista. Seo se ile sa etsa hore Davida a dule a roriswa le ho hlomphuwa. Basadi ba bang ba Iseraele ba ile ba bina pina e nang le mantswe a reng: “Saule o bolaile dikete tsa hae,” mme “Davida o bolaile dikete tsa hae tse mashome.” Saule ha a ka a rata pina eo. Bibele e re: “Ho tloha letsatsing leo, Saule o ne a tswela pele ho sheba Davida ka ho mo belaella.” (1 Samuele 18:7, 9) O ne a tshohile hore Davida o tla mo nkela borena. Boo e ne e le bowatla. Ke nnete hore Davida o ne a tseba hore e tla ba yena morena, empa ha a ka a nahana ka ho tlosa morena eo Jehova a neng a mo kgethile ka nako eo setulong sa borena!

Saule o ile a etsa matsapa a hore Davida a bolawe ntweng, empa ha a ka a atleha. Davida o ile a nna a hlola ntweng mme batho ba ile ba nna ba mo rata le ho mo hlompha ka ho eketsehileng. Saule o ile a etsa leqheka le leng, o ile a bitsa batho bohle ba ntlo ya hae, bahlanka bohle ba hae ha mmoho le mora wa hae e moholo, e le hore ba tjhehele Davida leraba! Nahana bohloko boo Jonathane a ileng a bo utlwa ha a bona hore Ntate wa hae a ntse a so tele ka ho batla ho bolaya Davida! (1 Samuele 18:25-30; 19:1) Jonathane e ne e le mora ya tshepahalang, empa o ne a boetse e le motswalle ya tshepahalang. Jwale ho bonahala eka ho tshepahala ha Jonathane ho ne ho lekwa, o ne a tla kgetha ho tshepahalla mang?

Jonathane o ile a bua ka sebete a re: “Morena a se ke a sitelwa mohlanka wa hae Davida, etswe ha a o sitelwa ebile mesebetsi ya hae e nnile ya e ba metle haholo ho wena. O ile a beha moya wa hae seatleng sa hae mme a bolaya Bafilista, hoo Jehova a ileng a tlisetsa Baiseraele bohle poloko e kgolo. O e bone, mme wa thaba. Ka hoo ke hobaneng ha o ka sitelwa madi a hlokang molato ka ho etsa hore Davida a bolaelwe lefeela?” Saule o ile a mamela keletso ya Jonathane mme a ikana ka hore a ke ke a ntsha Davida kotsi. Empa Saule ha a ka a tshepahalla kano eo. Ka mora hore Davida a nne a atlehe, Saule o ile a ba mona le ho feta hoo a ileng a mo furulletsa ka lerumo! (1 Samuele 19:4-6, 9, 10) Empa Davida o ile a baleha mme a tswa ntlong ya Saule.

Na o kile wa kopana le boemo ba hore o kgethe hore na o tla tshepahalla mang? Seo se ka o utlwisa bohloko haholo. Maemong a mangata batho ba bangata ba ka o kgothalletsa hore o tshepahalle ba lelapa la hao pele. Empa Jonathane o ne a tseba hore seo ha se a nepahala. O ne a ke ke a ba ka lehlakoreng la Ntate wa hae hobane Davida e ne e le mohlanka wa Jehova ya tshepahalang le ya mamelang. Ka hoo, o ile a etsa qeto a nahanne ka Jehova. Ke ka hoo a ileng a ema ka lehlakoreng la Davida. Le ha ho le jwalo, ho tshepahala ho Jehova haesale e le ntho e tlang pele bophelong ba Jonathane, o ile a bontsha seo ka hore a bontshe botshepehi ho Ntate wa hae ha a ne a mo fa keletso e neng e tla mo tswela molemo. Kaofela ha rona re tla fumana molemo ha re etsisa botshepehi ba Jonathane.

Moputso wa ho Tshepahala

Jonathane o ile a leka hape ho etsa hore Saule a etse kgotso le Davida, empa Saule ha a ka a mo mamela. Davida o ile a bua le Jonathane ka sephiring a mo bolella hore o tshohile, o ile a re ho Jonathane: “Ho na le hoo e ka bang mohato feela pakeng tsa ka le lefu!” Jonathane o ile a re ho Davida o tla batlisisa hore na ehlile Saule o batla ho mo bolaya, e be ka mora moo o tla mo bolella. Davida o ne a tla ipata mme Jonathane o ne a tla mo bolella hore na Ntate wa hae o rerile eng ka hore a sebedise seqha le mutsu. Jonathane o ile a kopa hore Davida a mo etsetse kano e le nngwe feela e reng: “O ke ke wa fedisa mosa wa hao o lerato hore o be le ba ntlo ya ka ho isa nakong e sa lekanyetswang. Le ha e le hore, ha Jehova a fedisa dira tsa Davida, e mong le e mong hodima lefatshe.” Davida o ile a tshepisa Jonathane hore o tla hlokomela le ho sireletsa ba lelapa la hae.​—1 Samuele 20:3, 13-27.

Jonathane o ile a leka ho bua dintho tse ntle ka Davida ho Saule, empa Saule o ile a phatloha ka bohale! O ile a re Jonathane ke “mora wa lekgabunyane la lerabele” mme a mo bolella hore ka lebaka la hore o ile a tshepa Davida seo se dihile lelapa seriti. Saule o ile a leka ho kenya Jonathane moya wa ho inahana boyena feela ha a ne a re: “Ka matsatsi ohle ao ka ona mora wa Jese a phelang lefatsheng, wena le borena ba hao le ke ke la tiiswa ka thata.” Jonathane ha a ka a mamela Ntate wa hae, ho e na le hoo o ile a mmotsa a re: “Ke hobaneng ha a lokela ho bolawa? O entseng?” Saule o ile a tuka ke bohale! Ka hoo o ile a furulletsa mora wa hae ka lerumo, le hoja a ne a se a tsofetse e ne e ntse e le lesole le matla. Empa o ile a mo fosa le hoja a ne a tseba ho sebedisa lerumo. Jonathane o ile a tsamaya a kwatile hobane o ne a utlwile bohloko ebile a tlontlollotswe.​—1 Samuele 20:24-34.

Jonathane ha a ka a inahana boyena feela

Letsatsi le latelang, Jonathane o ile a ya pela sebaka seo Davida a neng a ipatile ho sona. O ile a betsa seqha ho tsebisa Davida hore Saule o ntse a le morerong wa ho mo bolaya. Ka mora moo, Jonathane o ile a re mohlanka wa hae a kgutlele motseng. O ile a sala le Davida mme ba eba le nako e kgutshwanyane ya ho qoqa. Ba ile ba lla, yaba Jonathane o re Davida a tsamaye hantle ka ha o ne a lo qala bophelo bo botjha e le mophaphathehi.​—1 Samuele 20:35-​42.

Sena se ile sa bontsha hore Jonathane o ne a hlile a tshepahala mme a sa inahane boyena. Satane o ne a tla thaba haholo ha a bona Jonathane a mamela Ntate wa hae Saule ka hore a nahane ka yena pele. Hopola hore Satane o rata ha batho ba etsa diqeto tse bontshang boithati. O ile a atleha ho susumelletsa Adama le Eva hore ba etse jwalo. (Genese 3:1-6) Empa ha a ka a atleha ka Jonathane. E tlameha hore ebe Satane o ne a halefile hakaakang! Na le wena o tla etsisa Jonathane? Mehleng ena re phela le batho ba inahanang bobona. (2 Timothea 3:1-5) Na re tla etsisa mohlala wa Jonathane wa botshepehi le wa ho hloka boithati?

Jonathane o itokiselletsa ho betsa seqha e le letshwao ho Davida

Ka ha Jonathane e ne e le motswalle ya tshepahalang, o ile a fa Davida letshwao le neng le tla mo thusa hore a sireletsehe

“O ne o Kgahleha Haholo ho Nna”

Tsela eo Saule a neng a hloile Davida ka yona e ile ya laola tsela eo a neng a nahana ka yona le tsela eo a neng a ikutlwa ka yona. Jonathane ha a ka a kgona ho etsa letho ho thusa ha a bona Ntate wa hae a bokelletsa masole a hae e le hore a lo batlana le Davida. (1 Samuele 24:1, 2, 12-15; 26:20) Na Jonathane o ile a kenella letsholong leo? Ho thahasellisang ke hore ha hona moo Mangolo a buang ka hore o ne a le teng matsholong ao. Ka lebaka la hore Jonathane o ne a tshepahala ho Jehova, ho Davida le ho kano eo a e entseng, seo se ile sa etsa hore a se ke a fetohela Davida.

Tsela eo a neng a rata motswalle wa hae ka yona ha ya ka ya fetoha. Ha nako e ntse e eya, o ile a boela a kopana le Davida hape. O ne a le Horeshe, e bolelang “Sebaka se Moru.” Horeshe e ne e le sebaka se ka thoko se dithaba mme e ne e se hole haholo le Hebrone. Ke hobaneng ha Jonathane a ile a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a kopane le Davida? Bibele ere o ile a etsa seo “e le hore a ka matlafatsa letsoho la hae mabapi le Modimo.” (1 Samuele 23:16) Jonathane o ile a etsa seo jwang?

Jonathane o ile a re ho Davida: ‘O se ke wa tshoha, letsoho la Ntate wa ka Saule le ke ke la o fumana’. Hobaneng ha Jonathane a ne a kgodisehile ka seo? Hobane o ne a na le tumelo ya hore morero wa Jehova o tla phethahala. O ile a boela a re: “O tla ba morena wa Iseraele.” Moprofeta Samuele o ile a bua mantswe ao dilemo tse fetileng mme Jonathane o ne a hopotsa Davida hore Jehova o a tshepahala. Jonathane o ile a nahana eng ka bokamoso ba hae? O ile a re: “Ke tla ba wa bobedi ho wena.” Sena se bontsha hore Jonathane o ne a ikokobeditse haholo! O ne a kgotsofalletse ho sebeletsa le ho tshehetsa monna ya monyane ho yena ka dilemo tse 30! Jonathane o ile a qetella ka hore: ‘Ntate wa ka Saule o tseba seo.’ (1 Samuele 23:17, 18) Saule o ne a tseba hore ho ne ho ke ke ha kgoneha hore a hlole monna eo Jehova a neng a mo kgethile hore e be morena ya latelang!

Jonathane o bua le Davida

Jonathane o ne a kgothatsa Davida ha a ne a hloka dikgothatso

Ha morao Davida o ile a hopola le ho ananela ketsahalo eo e ileng ya etsahala letsatsing leo. E ne e le lekgetlo la ho qetela a bona Jonathane. Ka maswabi, Jonathane ha a ka a qetella e le morena ya hlahlamang Davida.

Jonathane le Saule ba ile ba ya ntweng mme ba lwantshana le Bafilista ba neng ba phatlalatsa hore ke dira tsa Iseraele. O ne a lwana ka lehlakoreng la Ntate wa hae a se na molato hobane o ne a tseba hore ho sebeletsa Jehova ke ntho ya pele bophelong ba hae, ho sa tsotellehe hore na Ntate wa hae o entse diphoso tse kae. O ne a lwana ka botshepehi le ka sebete jwalo ka mehla empa lekgetlong lena ha ba ka ba hlola. Jehova o ne a se a sa hlohonolofatse Saule hobane bokgopo ba hae bo ile ba isa boholeng ba hore a sebedisane le bademona, e leng ketso e tshwanelwang ke lefu. Bara ba bararo ba Saule ho akarelletsa le Jonathane ba ile ba bolawa ntweng. Saule o ile a lemala mme a ipolaya.​—1 Samuele 28:6-14; 31:2-6.

Jonathane o ile a re ho Davida: “O tla ba morena wa Iseraele,” mme “ke tlaba wa bobedi ho wena.”—1 Samuele 23:17

Davida o ile a utlwa bohloko haholo. Monna eo ya mosa le ya tshwarelang o ile a utlwa bohloko le ha a utlwa hore Saule o shwele le hoja Saule a ne a mo baketse mathata a mangata! Davida o ile a ngola kodi ya malla ka lebaka la Saule le Jonathane. Mantswe a amang haholo ao Davida a ileng a a sebedisa ha a ne a bua ka morupedi le motswalle wa hae ke a reng: “Ke mahlomoleng ka lebaka la hao, moreso Jonathane, O ne o kgahleha haholo ho nna. Lerato la hao ho nna le ne le hlolla haholo ho feta lerato le tswang ho basadi.”​—2 Samuele 1:26.

Davida ha a ka a lebala kano eo a ileng a e etsetsa Jonathane. Dilemo ha morao o ile a batla mora wa Jonathane eleng Mefiboshethe mme a mo hlokomela. (2 Samuele 9:​1-​13) Ho hlakile hore Davida o ile a ithuta ho hongata ho tswa ho Jonathane, boikemisetsong ba hae ba hore a dule a tshepahalla setswalle sa bona le hoja ho ne ho se bonolo ho etsa jwalo. Na le rona re ka ithuta se tshwanang? Na re ka batla metswalle e tshwanang le Jonathane? Na le rona re ka ba metswalle e tshwanang le Jonathane? Haeba re thusa metswalle ya rona hore e matlafatse tumelo eo e nang le yona le Jehova mme re tshepahalla Jehova pele hape re sa batle dithahasello tsa rona feela, seo se tla etsa hore re be metswalle e tshwanang le Jonathane mme re tla etsisa tumelo ya hae.

Na e ne e le ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tshwanang?

Bafuputsi ba bang ba re setswalle sa Jonathane le Davida e ne e le sa ho ratana ha batho ba bong bo tshwanang. Na Bibele e dumellana le seo? Nahana ka dintlha tse latelang.

  • Ditemana tsa Bibele tse sebedisitsweng ho tshehetsa ntlha eo, ha di bolele hore setswalle sa Jonathane le Davida e ne e le sa ho ratana ha batho ba bong bo tshwanang. Batho ba bang ba qotsa mantswe a Davida a hlahang ka Bibeleng ha a ne a bua le Jonathane, a reng: “Lerato la hao ho nna le ne le hlolla haholo ho feta lerato le tswang ho basadi.” (2 Samuele 1:26) Ba bang ba bua ka ditemana tse hlahang ka Bibeleng tse bontshang hore banna bao ba babedi ba ile ba sunana. (1 Samuele 20:41) Le ha ho le jwalo, mantswe le diketso tseo banna bao ba ileng ba di etsa e ne e le ntho e tlwaelehileng kapa setso sa mehleng eo mme seo se ne se sa bolele hore ba na le maikutlo a lerato ho banna ba bang.​—1 Samuele 10:1; 2 Samuele 19:39.

  • Banna bao ka bobedi ba ne ba nyetse basadi ebile ba na le bana. Davida o ne a na le basadi ba mmalwa le bana ba bangata. (2 Samuele 5:13-16) Bibele ha e re bolelle ka mosadi wa Jonathane, empa e re e ne e le Ntate wa Mefiboshethe kapa Meribe-baale.​—2 Samuele 4:4; 1 Likronike 8:34.

  • Banna bao ba le babedi ba ne ba hlompha molao wa Modimo. Jonathane le Davida ba ne ba e na le tumelo ho Jehova ebile ba mo rata mme ba ile ba etsa kano ya bona ba sebedisa lebitso la Jehova. (1 Samuele 20:41, 42) Banna bao ka bobedi ba ne ba nka ho mamela Jehova e le ntho ya bohlokwa bophelong mme molao wa Modimo o hanela boitshwaro bo ditshila ba thobalano ho akarelletsa le ho ratana ha batho ba bong bo tshwanang. (Levitike 18:22; 20:13) Ho nahana hore Davida le Jonathane ba ne ba na le dikamano tsa lerato, ho tla be ho hanana le taba ya hore setswalle sa bona se qadilwe ke ho rata Jehova

Ha hona moo Bibele e reng Jonathane kapa Davida ba ne ba na le maikutlo a ho rata banna ba bang kapa moo e reng ba ile ba etsa thobalano. Haeba o dumela hore ba ne ba na le maikutlo a jwalo a lerato, ho tshwana le ha o dumela ntho e siyo ka Bibeleng.

a Ha Bibele e qala ho bua ka Jonathane e bua ka yena ha Saule a qala ho busa, e ne e le moetapele wa masole, ka hoo o ne a kanna a ba le dilemo tse 20. (Numere 1:3; 1 Samuele 13:2) Saule o busitse ka dilemo tse 40. Ka hoo, e ka nna yaba Jonathane o ne a ena le dilemo tse 60 ha Saule a shwa. Davida yena o ne a na le dilemo tse 30 ha Saule a shwa. (1 Samuele 31:2; 2 Samuele 5:4) Ka hoo, ho a hlaka hore Jonathane o ne a feta Davida ka dilemo tse 30.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela