Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwbq sehlooho 156
  • Na Tlaleho ya Morwallo wa Mehleng ya Noe ke Nnete Kapa ke Tshomo?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Na Tlaleho ya Morwallo wa Mehleng ya Noe ke Nnete Kapa ke Tshomo?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Karabo ya Bibele
  • Na ke nnete kapa ke tshomo?
  • Ke hobaneng ha ho ile ha eba le Morwallo?
  • Na batho ba ne ba tseba hore ho tlo ba le Morwallo?
  • Areka ya Noe e ne e le jwang?
  • Noe o nkile nako e kae ho haha areka?
  • Areka ya Noe
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Ke bo Mang ba ileng ba Mamela Nakong ya Morwallo o Moholo? Ke bo Mang ba sa Kang ba Mamela?
    Mamela Modimo Mme O Phele ka ho sa Feleng
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 156
Ditlou, dithuhlo, ditau le dinonyana di kena ka arekeng

Na Tlaleho ya Morwallo wa Mehleng ya Noe ke Nnete Kapa ke Tshomo?

Karabo ya Bibele

Morwallo o bile teng. Modimo o ile a o tlisa e le hore a fedise batho ba kgopo empa o ile a laela Noe ho haha areka e le hore batho ba lokileng ba pholohe hammoho le diphoofolo. (Genese 6:​11-20) Re ka kgodiseha hore Morwallo o bile teng hobane tlaleho ya ona e fumaneha ka hara ‘mangolo ohle a halalelang a tswang ho Modimo’ eleng Bibele.​—2 Timothea 3:16.

  • Na ke nnete kapa ke tshomo?

  • Ke hobaneng ha ho ile ha e ba le Morwallo?

  • Na batho ba ne ba tseba hore ho tlo ba le Morwallo?

  • Areka ya Noe e ne e le jwang?

  • Noe o nkile nako e kae ho haha areka?

  • Dipale le ditshomo tse buang ka morwallo

Na ke nnete kapa ke tshomo?

Bibele e bontsha hore Noe ke motho ya kileng a phela le hore Morwallo o ile wa fela wa eba teng ebile ha se tshomo kapa ntho e inahanelwang.

  • Bangodi ba Bibele ba ne ba dumela hore Noe ke motho ya kileng a phela. Ka mohlala, ka ha Esdrase le Luka e ne e le bangodi ba Bibele ba neng ba etsa dipatlisiso ka hloko e le hore ba fane ka tlaleho ya histori e nepahetseng, re ka kgolwa hore Noe o kile a phela hobane ba mo kenyelleditse lethathamong la leloko la Iseraele. (1 Dikronike 1:4; Luka 3:​36) Bangodi ba dikosepele e leng Matheu le Luka ba kenyelleditse dintho tseo Jesu a ileng a di bua ka Noe le ka Morwallo.​—Matheu 24:​37-39; Luka 17:​26, 27.

    Moprofeta Ezekiele le moapostola Pauluse le bona ba ile ba bua ka Noe e le mohlala oo re ka o etsisang ka ha o ne a lokile ebile a ena le tumelo. (Ezekiele 14:​14, 20; Baheberu 11:7) Na e ne e tla ba ntho e utlwahalang hore bangodi baa ba re re etsise mohlala wa motho ya neng a sa ka a phela? Ho hlakile hore re ka etsisa mohlala wa Noe le wa banna le basadi ba neng ba ena le tumelo e matla ba hlahang ka Bibeleng hobane ke batho ba kileng ba phela.​—Baheberu 12:1; Jakobo 5:17.

  • Bibele e fana ka dintlha tse tobileng ka Morwallo. Tlaleho ya Bibele e buang ka Morwallo e ne e se tshomo hobane ha e qale ka mantswe a kang “Ba re e ne e re.” Ho ena le hoo Bibele e fana ka selemo, kgwedi le letsatsi leo Morwallo o qadileng ka lona. (Genese 7:​11; 8:​4, 13, 14) E boetse e a re bolella hore na areka eo Noe a ileng a e haha e ne e le kgolo hakae. (Genese 6:​15) Dintlha tsena tse hlahang ka Bibeleng di bontsha hore Morwallo o bile teng le hore ha se tshomo.​—Baheberu 12:1; Jakobo 5:17.

Ke hobaneng ha ho ile ha eba le Morwallo?

Bibele e re pele ho Morwallo Jehova o ile a bona hore “motho o etsa dintho tse ngata tse mpe.” (Genese 6:5) E tswela pele hore “lefatshe le ne le senyehile mahlong a Modimo wa nnete” hobane le ne le tletse ntwa le boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.​—Genese 6:​11; Juda 6, 7.

Bibele e re boholo ba mathata ana a ne a bakwa ke mangeloi a kgopo a ileng a theoha lehodimong ho tla etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano le basadi ba lefatsheng. Mangeloi ana a ile a ba le bana ba bitswang Banefilime, ba ile ba bakela batho mathata a mangata le mesarelo. (Genese 6:​1, 2, 4) Modimo o ile a etsa qeto ya ho fedisa batho bohle ba kgopo e le hore ho sale batho ba lokileng feela ho se na tshusumetso e mpe.​—Genese 6:​6, 7, 17.

Na batho ba ne ba tseba hore ho tlo ba le Morwallo?

E. Modimo o ile a bolella Noe se neng se tlo etsahala mme a mo laela hore a hahe areka hore a tle a bolokehe le lelapa la hae hammoho le diphoofolo. (Genese 6:​13, 14; 7:​1-4) Noe o ile a lemosa batho ka timetso e tlang empa ha ba a ka ba mo mamela. (2 Petrose 2:5) Bibele e re: “Ha ba a ka ba elellwa ho fihlela Morwallo o fihla, o ba hohola kaofela.”​—Matheu 24:​37-39.

Areka ya Noe e ne e le jwang?

Areka e ne e tshwana le lebokose le leholo haholo, e ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang 134, bophara ba dimithara tse ka bang 22 mme e le bophahamo ba dimithara tse ka bang 13. Areka e ne e entswe ka difate mme e tlotsitswe ka sekontiri ka ntle le ka hare. E ne e ena le mekato e meraro le dikamore. Ho ne ho ena le monyako lehlakoreng la areka le fensetere ka hodima monyako oo. Ho ne ho bonahala eka marulelo a areka a ne a phahame bohareng ho feta mahlakoreng e le hore metsi a se ke a dula marulelong.​—Genese 6:​14-16.

Setshwantsho se bontshang bolele ba areka ya Noe, bolele ba sefofane le bolele ba tlou

Noe o nkile nako e kae ho haha areka?

Bibele ha e bolele hore na Noe o nkile nako e kae ho haha areka empa ho bonahala ho mo nkile dilemo tse ngata ho e haha. Noe o ne a le dilemo tse fetang 500 ha mora wa hae wa letsibolo a hlaha. Ha ho eba le Morwallo o ne a le dilemo di 600.a​—Genese 5:​32; 7:6.

Ha Modimo a ne a jwetsa Noe hore a hahe areka bara ba hae ba bararo ba ne ba se ba hodile ba bile ba nyetse mme mohlomong e bile ka mora dilemo tse 50 kapa tse 60. (Genese 6:​14, 18) Ho latela kgakanyo ena, ke ho utlwahalang ho etsa qeto ya hore areka e qetilwe ka mora dilemo tse 40 kapa tse 50.

Dipale le ditshomo tse buang ka morwallo

Ho na le dipale tse ngata tse tlalehilweng lefatsheng ka morwallo, le hoja dipale tseo di fapana le tlaleho ya Bibele empa ho na le moo tse ding di tshwanang le tlaleho e fumanwang ka Bibeleng. Ho bonahala eka ha ditloholo tsa Noe di ntse di tlala lefatsheng, di ile tsa bua ka pale ya Morwallo mme ha morao ho bonahala eka pale ena e ile ya fetoha. Ha re hlahlobe mehlala e latelang.

Tshomo ya Bagerike: Ho na le banna le basadi ba ileng ba pholoha morwallo yaba ba laelwa hore ba ikatise ka hore ba akgele majwe ka mora bona yaba majwe ao a fetoha batho.

Tshomo ya Mahindu: Ho na le tlhapi e ileng ya eletsa monna hore morwallo o tlo timetsa batho, yaba tlhapi eo e laela monna hore a hahe sekepe. Monna o ile a pholoha morwallo hobane tlhapi e ile ya tataisetsa sekepe sebakeng se sireletsehileng.

Tshomo ya Bababilona: Monna le mosadi ba ileng ba pholoha morwallo ba ile ba fuwa moputso wa ho se shwe mme ya eba medimo.

Tshomo ya Amerika Bohareng: Monna, mosadi le bana ba bona ba ile ba pholoha morwallo ha batho ba bang kaofela ba ile ba fetoha ditlhapi.

a E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng mabapi le nako eo batho ba e phetseng jwalo ka Noe, bala sehlooho se reng “Na Batho ba Mehleng ya Bibele ba Hlile ba Phetse Nako e Telele Hakaalo?” Molula-Qhooeng wa December 1, 2010.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela