Re Ithutang ho Basadi ba Hlahang ka Bibeleng?
Karabo ya Bibele
Ka Bibeleng ho na le basadi ba bangata bao re ka ithutang dintho tsa bohlokwa tseleng eo ba neng ba phela ka yona. (Baroma 15:4; 2 Timothea 3:16, 17) Sehlooho sena se tlo bua hakgutshwanyane ka ba bang ba basadi bao ho builweng ka bona ka Bibeleng. Ba bangata ba bona ke mehlala e metle eo re ka e latelang. Ha ba bang bona e le mehlala e re lemosang.—1 Bakorinthe 10:11; Baheberu 6:12.
Abigaile
Abigaile e ne e le mang? Abigaile e ne e le mosadi wa monna e mong wa morui ya kgopo ya bitswang Nabale. Le ha ho le jwalo, Abigaile yena o ne a ena le temoho, a ikokobeditse, a le motle ebile a rata Jehova.—1 Samuele 25:3.
O ile a etsang? Abigaile o ne a le bohlale ebile a ena le temoho mme seo se ile sa mo thusa ho qoba tlokotsi e neng e tla hlahela lelapa la hae. Yena le Nabale ba ne ba dula sebakeng seo Davida, e leng morena ya neng a tlo busa Iseraele, a neng a ipatile ho sona ha e ntse e le mmalehi. Ha Davida le banna ba hae ba ntse ba le moo, ba ile ba sireletsa mohlape wa Nabale wa dinku ho mashodu. Ha bahlanka ba Davida ba ilo kopa Nabale dijo, o ile a ba halefela mme a hana ho ba fa dijo. Davida o ile a halefa haholo. Ka hoo, yena le banna ba hae ba ile ba tswa ho ya bolaya Nabale le bahlanka bohle ba ntlo ya hae.—1 Samuele 25:10-12, 22.
Abigaile o ile a nka kgato kapele ha a utlwa hore na monna wa hae o entseng. O ile a fa bahlanka ba hae dijo hore ba di ise ho Davida le banna ba hae, yaba o ba sala morao ho ya kopa mohau ho Davida. (1 Samuele 25:14-19, 24-31) Ha Davida a bona mpho ya hae, o ile a hlokomela hore o ikokobeditse mme a mamela keletso ya hae, a ba a elellwa hore ke Modimo ya mo sebedisitseng ho mo thibela ho bolaya Nabale le bahlanka ba hae. (1 Samuele 25:32, 33) Nakwana ka mora moo, Nabale o ile a shwa mme Abigaile e ile ya eba mosadi wa Davida.—1 Samuele 25:37-41.
Re ka ithuta eng ho Abigaile? Le hoja Abigaile a ne a le motle ebile e le morui, o ne a sa inke e le motho wa bohlokwa haholo. E le ho boloka kgotso, o ne a ikemiseditse ho kopa tshwarelo ka phoso e sa etswang ke yena. O ile a kgoba matshwafo ha a ne a sebetsana le boemo bo ka nnang ba eba kotsi, a sebetsana le bona ka masene le ka sebete.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Abigaile, bala sehlooho se reng “O Ile a Sebetsa Taba ka Masene.”
Debora
Debora e ne e le mang? E ne e le moprofeta wa mosadi eo Modimo wa Iseraele, Jehova, a ileng a mo sebedisa ho phetha thato ya hae ditabeng tse neng di ama batho ba hae. Modimo o ile a ba a mo sebedisa ho rarolla mathata a neng a le teng hara Baiseraele.—Baahlodi 4:4, 5.
O ile a etsang? Ka sebete moprofeta enwa wa mosadi Debora o ile a tshehetsa barapedi ba Modimo. Ka tataiso ya Jehova, o ile a laela Barake hore a etelle pele masole a Baiseraele kgahlanong le bahatelli ba Bakanana. (Baahlodi 4:6, 7) Ha Barake a kopa Debora hore a tsamaye le yena, ha a ka a tshaba letho empa o ile a tsamaya le yena.—Baahlodi 4:8, 9.
Ka mora hore Modimo a thuse Baiseraele ho hlola, Debora o ile a qapa karolo ya pina eo ba ileng ba e bina le Barake e buang ka ketsahalo eo. Pineng eo o ile a bua ka karolo eo Jaele, e leng mosadi e mong ya sebete, a ileng a e bapala e le hore ho hlolwe Bakanana.—Baahlodi, kgaolo ya 5.
Re ka ithuta eng ho Debora? Debora o ne a itetse ebile a le sebete. O ile a kgothalletsa ba bang ho etsa se lokileng mahlong a Modimo. Ha ba ne ba mamela, o ne a ba babatsa.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Debora, bala sehlooho se reng “Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele.”
Delila
Delila e ne e le mang? E ne e le mosadi eo moahlodi wa Moiseraele, e leng Samsone a ileng a ratana le yena.—Baahlodi 16:4, 5.
O ile a etsang? O ile a amohela tjhelete ho tswa ho marena a Bafilista e le hore a eke Samsone, eo Modimo a ileng a mo sebedisa ho lopolla Baiseraele ho Bafilista. Bafilista ba ne ba sa kgone ho hlola Samsone hobane o ne a ena le matla a sa tlwaelehang. (Baahlodi 13:5) Ke ka hoo, marena a Bafilista a ileng a kopa Delila hore a ba thuse.
Bafilista ba ile ba fa Delila tjhelete e le hore a fuputse hore na Samsone o nka matla a hae a maholo hokae. Delila o ile a e amohela mme a leka ka makgetlo a mmalwa ho fihlela qetellong a mo jwetsa lekunutu la hore na o nka matla a hae a maholo hokae. (Baahlodi 16:15-17) Qetellong, Delila o ile a bolella Bafilista lekunutu la Samsone, yaba ba a mo tshwara le ho mo kenya teronkong.—Baahlodi 16:18-21.
Re ka ithuta eng ho Delila? Delila ke mohlala o re lemosang. O ile a dumella hore meharo e etse hore a be bolotsana, a se ke a tshepahala hape a se ke a ameha ka mohlanka wa Jehova Modimo.
Esthere
Esthere e ne e le mang? Ke mosadi wa Mojuda ya ileng a kgethwa ke Morena Asueruse wa Persia hore e be mofumahadi wa hae.
O ile a etsang? Mofumahadi Esthere o ile a sebedisa matla ao a neng a ena le ona ho thibela hore batho ba habo ba se ke ba bolawa ka sehloho. O ile a utlwela ka mangolo a nang le ditaelo a neng a rometswe a bile a ena le dintlha tsa hore Bajuda bohle ba pusong ya Persia ba tla bolawa neng. Leano lena le lebe e ne e le la Hamane, eo e neng e le tonakgolo. (Esthere 3:13-15; 4:1, 5) Ka thuso ya motswalae ya seng a hodile, Mordekai, Esthere o ile a beha bophelo ba hae kotsing yaba o bolella monna wa hae, Morena Asueruse, ka leano lena. (Esthere 4:10-16; 7:1-10) Asueruse o ile a dumella Esthere le Mordekai ho fana ka taelo e nngwe hape e neng e dumella Bajuda hore ba itwanele. Bajuda ba ile ba hlola dira tsa bona.—Esthere 8:5-11; 9:16, 17.
Re ka ithuta eng ho Esthere? Mofumahadi Esthere o ile a beha mohlala o motle wa sebete, boikokobetso le boinyenyefatso. (Pesaleme ya 31:24; Bafilipi 2:3) Le hoja a ne a le motle ebile e le mofumahadi, o ne a ikokobeditse a bile a kopa ba bang thuso. Ha a bua le monna wa hae, o ne a kgetha mantswe, a mo hlompha empa a le sebete. Ha Bajuda ba le kotsing, o ile a ba sebete mme a itsebahatsa e le e mong wa bona.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Esthere, bala dihlooho tse reng “O Ile a Emela Batho ba Molimo” le “O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse.”
Eva
Eva e ne e le mang? E ne e le mosadi wa pele ebile ke yena mosadi wa pele eo ho buuwang ka yena ka Bibeleng.
O ile a etsang? Eva ha a ka a mamela taelo ya Modimo e hlakileng. Jwalo ka monna wa hae, Adama, le yena o ne a phethahetse mme a ena le bolokolohi ba ho ikgethela le bokgoni ba ho bonahatsa makgabane a Modimo, jwalo ka lerato le bohlale. (Genese 1:27) Eva o ne a tseba hore Modimo o boleletse Adama hore ha ba ka ja sefate se itseng, ba tla shwa. Le ha ho le jwalo, o ile a thetswa mme a dumela hore a ke ke a shwa. Ha e le hantle, o ile a susumelletswa ho dumela hore dintho di ka mo tsamaela hantle haeba a sa mamele Modimo. Ka hoo, o ile a ja tholwana mme ha morao a susumelletsa le monna wa hae hore a e je.—Genese 3:1-6; 1 Timothea 2:14.
Re ka ithuta eng ho Eva? Eva ke mohlala o re lemosang wa kotsi ya ho dula o nahana ka takatso e fosahetseng. O ile a eba le takatso e matla ya ho nka seo e seng sa hae yaba ha a mamele taelo e hlakileng ya Modimo.—Genese 3:6; 1 Johanne 2:16.
Anna
Anna e ne e le mang? E ne e le mosadi wa Elkana ebile e le mme wa Samuele, eo e ileng ya eba moprofeta ya hlahelletseng Iseraeleng ya boholoholo.—1 Samuele 1:1, 2, 4-7.
O ile a etsang? Ha Anna a ntse a se na bana, o ile a kopa Modimo hore a mo tshedise. Monna wa Anna o ne a ena le basadi ba babedi. Mosadi wa hae e mong, Penina, o ne a ena le bana. Le hoja Anna a ne a se a ena le nako e telele a nyetswe, o ne a se na bana. Penina o ne a dula a mo soma, empa Anna o ile a rapela Modimo hore a mo tshedise. O ile a etsa boitlamo ho Modimo, a re haeba Modimo a ka mo fa mora, o tla fana ka yena hore a sebeletse tabernakeleng, e leng tente eo Baiseraele ba neng ba rapella ho yona.—1 Samuele 1:11.
Modimo o ile a arabela thapelo ya Anna mme o ile a ba le ngwana ya bitswang Samuele. Anna o ile a phethahatsa tshepiso ya hae mme a isa Samuele tabernakeleng ha e sa le moshanyana. (1 Samuele 1:27, 28) Selemo le selemo, o ne a mo etsetsa seaparo se se nang matsoho ebe o mo isetsa sona. Modimo o ile a hlohonolofatsa Anna ka bana ba bang hape ba bahlano e leng bashanyana ba bararo le banana ba babedi.—1 Samuele 2:18-21.
Re ka ithuta eng ho Anna? Dithapelo tsa Anna tse tswang pelong di ile tsa mo thusa hore a mamelle mathata. Thapelo ya hae ya teboho e tlalehilweng ho 1 Samuele 2:1-10 e bontsha hore o ne a ena le tumelo e matla ho Modimo.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Anna, bala sehlooho se reng “O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela.”
▸ Ho utlwa hore na ke hobaneng ha Modimo a ne a dumella sethepu mehleng ya boholoholo, bala sehlooho se reng “Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?”
Jaele
Jaele e ne e le mang? E ne e le mosadi wa Hebere, eo e neng e se Moiseraele. Jaele o ile a emela batho ba Modimo ka sebete.
O ile a etsang? Jaele o ile a nka bohato kapele ha molaodi wa lebotho la Bakanana, e leng Sisera, a fihla tenteng ya hae. Sisera o ne a hlotswe ntweng ke Baiseraele mme a batla moo a ka ipatang teng. Jaele o ile a mo memela tenteng ya hae hore a tlo ipata le ho phomola. Ha a ntse a robetse, o ile a mo bolaya.—Baahlodi 4:17-21.
Jaele o ile a phethahatsa boprofeta bo builweng ke Debora ha a re: “Jehova o tla etsa hore mosadi e be yena ya hlolang Sisera.” (Baahlodi 4:9) Ka lebaka la seo a se entseng, Jaele o ile a roriswa mme ha thwe ke “mosadi ya hlohonolofetseng ho feta ba bang.”—Baahlodi 5:24.
Re ka ithuta eng ho Jaele? Jaele o ile a nka bohato kapele mme a eba sebete. Pale ya hae e bontsha hore Modimo a ka laola dintho e le hore di phethahatse boprofeta.
Jezebele
Jezebele e ne e le mang? E ne e le mosadi wa Morena Akabe wa Iseraele. E ne e se Moiseraele mme a sa rapele Jehova empa o ne a rapela modimo wa Bakanana ya bitswang Baale.
O ile a etsang? Mofumahadi Jezebele o ne a rata ho laola batho, a le kgopo a bile a le mabifi. O ne a kgothalletsa batho ho rapela Baale le ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano bo neng bo amana le borapedi boo. Ka nako e tshwanang, o ne a leka ho fedisa borapedi ba Modimo wa nnete, Jehova.—1 Marena 18:4, 13; 19:1-3.
Jezebele o ne a bua leshano ebile a bolaya batho hore a fumane seo a se batlang. (1 Marena 21:8-16) Jwalo ka ha Modimo a ne a boletse, o ile a bolawa ka sehloho mme ha a ka a patwa.—1 Marena 21:23; 2 Marena 9:10, 32-37.
Re ka ithuta eng ho Jezebele? Jezebele ke mohlala o re lemosang. O ne a itshwere hampe ebile a ka etsa ntho e nngwe le e nngwe hore a fumane seo a se batlang. Lebitso la hae le emela mosadi ya se nang dihlong, ya itshwereng hampe le ya sa hlompheng bolaodi.
Lea
Lea e ne e le mang? E ne e le mosadi ya moholo wa mopatriareka Jakobo. Yena le ngwanabo Ragele, e ne e le basadi ba Jakobo.—Genese 29:20-29.
O ile a etsang? Lea le Jakobo ba ile ba eba le bara ba tsheletseng. (Ruthe 4:11) Jakobo o ne a batla ho nyala Ragele eseng Lea. Le ha ho le jwalo, ntate wa bona Labane o ile a etsa hore ho nyalwe Lea ho ena le hore ho nyalwe Ragele. Ha Jakobo a hlokomela hore o qhekelletswe hore a nyale Lea, o ile a bua le Labane. Labane o ile a ikarabella ka hore ha ho a tlwaeleha hore ho fanwe ka ngwanana e monyenyane pele ho e moholo. Beke ha morao, Jakobo o ile a nyala Ragele.—Genese 29:26-28.
Jakobo o ne a rata Ragele ho feta Lea. (Genese 29:30) Ka hoo, Lea o ile a monela ngwanabo mme a batla ho hlodisana le yena e le hore Jakobo a mo rate. Modimo o ile a bona ka moo Lea a ikutlwang ka teng yaba o mo hlohonolofatsa ka bana ba supileng e leng bara ba tsheletseng le moradi a le mong.—Genese 29:31.
Re ka ithuta eng ho Lea? Lea o ne a tshepile Modimo mme a mo rapela, le hoja a ne a ena le mathata ka lapeng, o ne a sa a dumelle hore a mo sitise ho bona ka moo Modimo a mo thusang ka teng. (Genese 29:32-35; 30:20) Tlaleho ya hae e re bontsha ka moo ho nyala basadi ba bangata ho neng ho sa atlehe le hoja Modimo a ile a ho dumella ka nakwana. Hona jwale o dumella hore monna kapa mosadi a be le molekane a le mong feela wa lenyalo.—Matheu 19:4-6.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Lea, bala sehlooho se reng “Barali ba Motho ba Mahlomoleng ba ‘Hahileng Ntlo ea Iseraele.’ ”
▸ Ho ithuta hore na ke hobaneng ha Modimo a ile a dumella sethepu ka nakwana mehleng ya boholoholo, bala sehlooho se reng “Na Modimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?”
Maretha
Maretha e ne e le mang? E ne e le kgaitsedi ya Lazaro le Maria mme boraro ba bona ba ne ba dula haufi le Jerusalema motseng wa Bethani.
O ile a etsang? Maretha e ne e le motswalle ya haufi wa Jesu mme Jesu “o ne a rata Maretha, Maria le Lazaro.” (Johanne 11:5) Maretha e ne e le mosadi ya ratang ho amohela baeti. Ka le leng, ha Jesu a ba etetse, Maria o ile a kgetha ho mamela Jesu ha Maretha a ntse a etsa mosebetsi wa lapeng. Maretha o ile a tletleba ho Jesu hore Maria ha a mo thuse. Ka mosa, Jesu o ile a lokisa tsela eo Maretha a nahanang ka yona.—Luka 10:38-42.
Ha Lazaro a kula, Maria le Maretha ba ile ba bitsa Jesu, ba kgodisehile hore o tla mo fodisa. (Johanne 11:3, 21) Empa Lazaro o ile a shwa. Puisano ya Maretha le Jesu e ile ya bontsha hore tsoho ya bafu e hlahang ka Bibeleng e tla ba teng le hore Jesu o na le matla a ho tsosa kgaitsedi ya hae bafung.—Johanne 11:20-27.
Re ka ithuta eng ho Maretha? Maretha o ne a thabela ho amohela baeti. A amohela keletso ebile a lokolohile ho ntsha maikutlo a hae le ho bua ka tumelo ya hae.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Maretha, bala sehlooho se reng “Ke Lumetse.”
Maria (mme wa Jesu)
Maria e ne e le mang? E ne e le ngwanana wa Mojuda mme e ne e ntse e le morwetsana ha a ima ka mohlolo le ho tswala mora wa Modimo, Jesu.
O ile a etsang? Maria o ile a etsa thato ya Modimo ka boikokobetso. Josefa o ne a mo lebelleditse nakong eo lengeloi le fihlang ho yena mme le mo bolella hore o ne a tla ima mme a tswale Mesia eo e leng kgale a tshepisitswe. (Luka 1:26-33) O ile a amohela boikarabelo boo a bo filweng ka ho rata. Ka mora hore Jesu a tswalwe, Maria le Josefa ba ile ba eba le bara ba bane le bonyane baradi ba babedi. Ka hoo, Maria ha a ka a dula e le morwetsana. (Matheu 13:55, 56) Le hoja a ile a thabela tokelo ena e ikgethang, ha ho mohla a ileng a batla ho roriswa, ebang e ne e le nakong ya tshebeletso ya Jesu kapa e le setho sa phutheho ya pele ya Bokreste.
Re ka ithuta eng ho Maria? Maria e ne e le mosadi ya tshepahalang ya ileng a amohela boikarabelo bo boholo ka ho rata. O ne a ena le tsebo e ikgethang ya Mangolo. Ho hakanngwa hore o ile a qotsa Mangolo ka makgetlo a ka bang 20 ha a ne a bua mantswe a tlalehilweng ho Luka 1:46-55.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Maria, bala sehlooho se reng “Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?”
Maria (kgaitsedi ya Maretha le Lazaro)
Maria e ne e le mang? Maria, Lazaro le Maretha, e ne e le metswalle e haufi ya Jesu.
O ile a etsang? Maria o ile a bontsha hore o ananela hore Jesu ke Mora wa Modimo. O ne a dumela hore Jesu a ka be a thibetse kgaitsedi ya hae, Lazaro ho shwa hape o ne a le teng ha Jesu a mo tsosa. Ngwanabo Maretha, o ile a utlwa bohloko ha a sa mo thuse ka mesebetsi ya ka lapeng empa a kgetha ho mamela Jesu. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a babatsa Maria ka hore o kgethile ho tseba haholwanyane ka Jehova ho tle pele bophelong ba hae.—Luka 10:38-42.
Maria o ile a bontsha Jesu kamohelo ya baeti ka ho mo tshela ka “oli e turu e nkgang ha monate” hloohong le maotong. (Matheu 26:6, 7) Batho ba bang ba neng ba le teng moo, ba ile ba qosa Maria ka hore o a senya. Empa Jesu o ile a mo buella ka ho re: “Kae kapa kae moo ditaba tsena tse monate tsa Mmuso di bolelwang teng lefatsheng lohle, ketso ya mosadi enwa le yona e tla bolelwa e le hore a hopolwe ka yona.”—Matheu 24:14; 26:8-13.
Re ka ithuta eng ho Maria? Maria o ne a ena le tumelo e matla. O ne a etelletsa borapedi ba Modimo ka pele ho dintho tse ding. Ka boikokobetso o ile a bontsha hore o ananela Jesu, esita le haeba ho ne ho ka mo hloka tjhelete e ngata.
Maria Magdalena
Maria Magdalena e ne e le mang? E ne e le morutuwa wa Jesu ya tshepahalang.
O ile a etsang? Maria Magdalena e ne e le e mong wa basadi ba mmalwa ba neng ba tsamaya le Jesu le barutuwa ba hae. O ile a eba seatla se bulehileng, a sebedisa tjhelete ya hae ho thusa Jesu le baapostola ba hae ka ditlhoko tsa bona. (Luka 8:1-3) O ile a latela Jesu ho fihlela qetellong ya tshebeletso ya hae mme o ne a le teng ha Jesu a bolawa. O ile a ba le tokelo ya hore e be e mong wa batho ba pele ba ileng ba bona Jesu ka mora hore a tsoswe.—Johanne 20:11-18.
Re ka ithuta eng ho Maria? Maria Magdalena o ile a tshehetsa Jesu ka seatla se bulehileng tshebeletsong ya hae mme o ile a dula e le morutuwa ya inehetseng.
Miriame
Miriame e ne e le mang? E ne e le kgaitsedi ya Moshe le Arone. Ke yena mosadi wa pele eo Bibele e mo bitsang moprofeta.
O ile a etsang? Jwalo ka moprofeta wa mosadi, mosebetsi wa hae e ne e le ho bolella batho melaetsa e tswang ho Modimo. O ne a thabela ho ba boemong bo hlahelletseng Iseraele mme o ile a bina pina ya tlholo le banna ka mora hore Modimo a timetse lebotho la Baegepeta Lewatleng le Lefubedu.—Exoda 15:1, 20, 21.
Nakwana ka mora moo, Miriame le Arone ba ile ba bua hampe ka Moshe. Ho hlakile hore ba ne ba susumetswa ke boikgohomoso le mona. Modimo “o ne a mametse,” mme o ile a kgalemela Miriame le Arone ka matla. (Numere 12:1-9) Ka mora moo, Modimo o ile a otla Miriame ka lepera hobane e ne e le yena ya qadileng ho bua hampe. Ha Moshe a kopa Modimo hore a fodise Miriame, Modimo o ile a mo fodisa. Ka mora ho kwallwa a le mong ka matsatsi a supileng, o ile a dumellwa ho kgutlela diahelong tsa Iseraele.—Numere 12:10-15.
Bibele e bontsha hore Miriame o ile a amohela kgalemelo eo. Dilemo tse makgolo ha morao, Modimo o ile a bua ka tokelo e ikgethang eo a neng a ena le yona, o ile a hopotsa Baiseraele, a re: “Ka romela Moshe, Arone le Miriame hore ba le tataise.”—Mikea 6:4.
Re ka ithuta eng ho Miriame? Pale ya Miriame e bontsha hore Modimo o mamela seo barapedi ba hae ba se buang ho ba bang le seo ba se buang ka batho ba bang. Hape re ithuta hore e le hore re thabise Modimo, re lokela ho qoba boikgohomoso le mona e leng dintho tse ka etsang hore re qetelle re sentse botumo bo botle ba batho ba bang.
Ragele
Ragele e ne e le mang? E ne e le moradi wa Labane ebile e le mosadi eo mopatriareka Jakobo a neng a mo rata haholo.
O ile a etsang? Ragele o ile a nyalwa ke Jakobo mme a mo tswalla bara ba babedi, bao e ileng ya eba karolo ya dihlooho tsa maloko a 12 a Iseraele ya boholoholo. Ragele o ile a kopana le monna ya neng a tlo mo nyala ha a ntse a disitse dinku tsa ntate wa hae. (Genese 29:9, 10) “O ne a le motle haholo” ha a bapiswa le ausi wa hae, Lea.—Genese 29:17.
Jakobo o ile a rata Ragele mme a dumela ho sebetsa dilemo tse supileng e le hore a ka mo nyala. (Genese 29:18) Le ha ho le jwalo, Labane o ile a qhekella Jakobo hore a nyale Lea pele, ka mora moo Labane o ile a dumella Jakobo hore a nyale Ragele.—Genese 29:25-27.
Jakobo o ne a rata Ragele le bara ba hae ba babedi ho feta Lea le bana ba hae. (Genese 37:3; 44:20, 27-29) Ka lebaka leo, basadi bana ba babedi ba ne ba hlodisana.—Genese 29:30; 30:1, 15.
Re ka ithuta eng ho Ragele? Ragele o ile a mamella boemo bo boima ka lapeng, a sa fellwe ke tshepo ya hore Modimo o tla utlwa dithapelo tsa hae. (Genese 30:22-24) Pale ya hae e bontsha kgatello eo lenyalo la sethepu le ka e bakang ka lapeng. Mohlala wa Ragele o re bontsha hore na Modimo o bohlale hakaakang ka hore ebe o ile a fana ka molaomotheo bakeng sa lenyalo wa hore monna a be le mosadi a le mong.—Matheu 19:4-6.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Ragele, bala sehlooho se reng “Baradi ba Motho ba Mahlomoleng ba ‘Hahileng Ntlo ya Iseraele.’ ”
▸ Ho ithuta hore na ke hobaneng ha Modimo a ile a dumella sethepu Hara batho ba hae ka nakwana, bala sehlooho se reng “Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?”
Rahaba
Rahaba e ne e le mang? E ne e le mosadi wa letekatse ya neng a dula Kanana motseng wa Jeriko mme e ile ya eba morapedi wa Jehova Modimo.
O ile a etsang? Rahaba o ile a pata Baiseraele ba babedi ba neng ba ilo hlwela naha. O ile a etsa sena hobane a ile a utlwela ka moo Jehova Modimo wa Iseraele a ileng a lokolla batho ka teng naheng ya Egepeta mme ha morao a ba pholosa ha ba ne ba hlaselwa ke Baamore.
Rahaba o ile a thusa banna ba dihlwela mme a ba kopa hore ba mo sireletse, yena le ba lelapa labo ha Baiseraele ba hlasela motse wa Jeriko. Ba ile ba dumela, empa ba ile ba mo fa ditaelo: O ne a lokela ho boloka seo ba neng ba tlo se etsa e le lekunutu, mme yena le ba lelapa labo ba ne ba lokela ho dula ka tlung ha Baiseraele ba hlasela, hape o ne a lokela ho haka thapo e kgubedu fensetereng e le ho tshwaya ntlo ya bona. Rahaba o ile a mamela ditaelo tsohle mme yena le ba lelapa labo ba ile ba pholoha ha Baiseraele ba hapa Jeriko.
Ha morao Rahaba o ile a nyalwa ke Moiseraele mme ya eba Moholoholo wa Morena Davida le Jesu Kreste.—Joshua 2:1-24; 6:25; Matheu 1:5, 6, 16.
Re ka ithuta eng ho Rahaba? Bibele e re Rahaba ke mohlala o motle wa tumelo. (Baheberu 11:30, 31; Jakobo 2:25) Pale ya hae e re bontsha ka moo Modimo a seng leeme a bileng a tshwarelang ka teng, hobane o hlohonolofatsa batho ba mo tshepang ho sa tsotellehe maemo a bona.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Rahaba, bala sehlooho se reng “Ho Ile ‘ha Bolelwa Hore o Lokile ka Mesebetsi.’ ”
Rebeka
Rebeka e ne e le mang? E ne e le mosadi wa Isaka ebile e le mme wa bara ba babedi ba mafahla, e leng Jakobo le Esau.
O ile a etsang? Rebeka o ile a etsa thato ya Modimo, le hoja ho etsa jwalo ho ne ho le thata. Ha a ntse a kga metsi, monna e mong o ile a mo kopa metsi a nowang. Ka potlako, Rebeka o ile a mo fa ona a ba a kopa ho kgella dikamele tsa monna eo metsi. (Genese 24:15-20) Monna eo e ne e le mohlanka wa Abrahama, mme o ne a tsamaile leeto le lelelele e le hore a fumanele mora wa Abrahama, e leng Isaka, mosadi. (Genese 24:2-4) O ile a boela a rapella hore Modimo a mo hlohonolofatse. Ha a bona ka moo Rebeka a neng a sebetsa ka thata a bile a amohela baeti ka teng, o ile a lemoha hore Modimo o arabetse thapelo ya hae, mme a hlokomela hore ke mosadi ya nepahetseng bakeng sa Isaka.—Genese 24:10-14, 21, 27.
Ha Rebeka a utlwa lebaka leo mohlanka eo a tlileng ka lona, o ile a dumela ho kgutla le yena hore e ilo ba mosadi wa Isaka. (Genese 24:57-59) Ha morao, Rebeka o ile a ba le mafahla a bashanyana. Modimo o ile a mo senolela hore moshanyana ya moholo, e leng Esau, o tla sebeletsa ya monyane, e leng Jakobo. (Genese 25:23) Ha Isaka a batla ho hlohonolofatsa letsibolo la hae e leng Esau, Rebeka o ile a sebetsa ka thata ho netefatsa hore tlhohonolofatso eo e ya ho Jakobo, e leng se neng se dumellana le seo a tsebang hore ke thato ya Modimo.—Genese 27:1-17.
Re ka ithuta eng ho Rebeka? Rebeka o ne a ikokobeditse, a sebetsa ka thata ebile a amohela baeti. Makgabane ana a ile a etsa hore e be mme, mosadi ya molemo le morapedi wa Modimo wa nnete.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Rebeka, bala sehlooho se reng “Ke Ikemiselitse ho Tsamaea.”
Ruthe
Ruthe e ne e le mang? E ne e le mosadi wa Momoabe ya ileng a tlohella medimo le naha ya habo hore e tle e be morapedi wa Jehova naheng ya Iseraele.
O ile a etsang? Ruthe o ile a bontsha lerato le ikgethang ho matsale wa hae, Naomi. Naomi, monna wa hae le bara ba hae ba babedi, ba ne ba ile naheng ya Moabe ho baleha tlala e neng e le Iseraele. Qetellong, bara ba hae ba ile ba nyala basadi ba Bamoabe e leng Ruthe le Orpa. Le ha ho le jwalo, ha nako e ntse e ya monna wa Naomi le bara ba hae ba babedi ba ile ba hlokahala, yaba ba siya bahlolohadi bao ba bararo.
Naomi o ile a etsa qeto ya ho kgutlela Iseraele ka ha komello e ne e se e fedile. Ruthe le Orpa ba ile ba kgetha ho tsamaya le yena. Empa Naomi o ile a ba kopa hore ba kgutlele ho beng ka bona. Orpa o ile a kgutla. (Ruthe 1:1-6, 15) Le ha ho le jwalo, Ruthe o ile a sala le mme matsale wa hae. O ne a rata Naomi mme a batla ho rapela Modimo wa Naomi, e leng Jehova.—Ruthe 1:16, 17; 2:11.
Ruthe o ile a ba le botumo bo botle motseng wa ha bo Naomi wa Bethlehema ka ha e ne e le ngwetsi e neng e sebetsa ka thata. Monna e mong wa morui ya bitswang Boase, o ile a kgahlwa ke Ruthe. O ile a ba seatla se bulehileng yaba o fa Ruthe le Naomi dijo. (Ruthe 2:5-7, 20) Ha morao, Ruthe o ile a nyalwa ke Boase mme ya eba moholoholo wa Morena Davida le Jesu Kreste.—Matheu 1:5, 6, 16.
Re ka ithuta eng ho Ruthe? Ka ha Ruthe o ne a rata Naomi le Jehova, o ile a tloha ha habo a ba a siya le lelapa labo. O ne a sebetsa ka thata, a itetse ebile a tshepahala le hoja a ne a ena le mathata a mangata.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Ruthe, bala dihlooho tse reng “Ke Tla ea Moo U Eang Teng” le “Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa.”
Sara
Sara e ne e le mang? E ne e le mosadi wa Abrahama ebile e le mme wa Isaka.
O ile a etsang? Sara o ile a tloha motseng o neng o ruile wa Ure hobane o ne a ena le tumelo ditshepisong tseo Modimo a neng a di etseditse monna wa hae Abrahama. Modimo o ile a bolella Abrahama hore a tlohe Ure a ye naheng ya Kanana. Modimo o ile a mo tshepisa ho mo hlohonolofatsa le ho etsa hore e be setjhaba se seholo. (Genese 12:1-5) E ka nna yaba Sara o ne a le dilemo di 60 ka nako eo. Ho tloha ka nako eo, Sara le monna wa hae ba ile ba phela bophelo ba ho hloma ditente le ho di hlomolla ba ya sebakeng se seng ka mora se seng.
Le hoja bophelo ba hloma o hlomolle bo ile ba beha Sara kotsing, o ile a tshehetsa Abrahama ha a ntse a latela tataiso ya Modimo. (Genese 12:10, 15) Sara o qetile dilemo tse ngata a se na ngwana, mme taba eo e ne e mo utlwisa bohloko haholo. Le ha ho le jwalo, Modimo o ne a tshepisitse hore o tla hlohonolofatsa bana ba Abrahama. (Genese 12:7; 13:15; 15:18; 16:1, 2, 15) Ha nako e ntse e ya, Modimo o ile a tiisa hore Sara o tla ba le ngwana le Abrahama. O ile a ba le ngwana a se a fetile dilemo tsa ho beleha. O ne a le dilemo di 90, mme monna wa hae a le dilemo di 100. (Genese 17:17; 21:2-5) Ba ile ba reha ngwana wa bona Isaka.
Re ka ithuta eng ho Sara? Mohlala wa Sara o re ruta hore ka mehla re ka tshepa hore Modimo o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae, esita le tseo ho bonahalang eka di ke ke tsa etsahala. (Baheberu 11:11) Mohlala wa hae jwalo ka mosadi o totobatsa hore basadi ba lokela hore ba hlomphe banna ba bona.—1 Petrose 3:5, 6.
▸ Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Sara, bala dihlooho tse reng “U Mosali ea Nang le Ponahalo e Ntle” le “Modimo o ne a mo Bitsa ‘Kgosatsana.’ ”
Morwetsana wa Moshulame
Morwetsana wa Moshulame e ne e le mang? E ne e le morwetsana ya motle wa mahaeng mme ke motho ya ka sehloohong bukeng ya Bibele ya Sefela sa Difela. Bibele ha e bolele lebitso la hae.
O ile a etsang? Morwetsana enwa wa Moshulame o ile a dula a tshepahala ho modisa ya neng a mo rata. (Sefela sa Difela 2:16) Le ha ho le jwalo, botle ba hae bo ikgethang bo ile ba hapa tlhokomelo ya Morena Solomone wa morui, ya ileng a leka ho hapa maikutlo a hae. (Sefela sa Difela 7:6) Le hoja batho ba bang ba ile ba kgothalletsa ngwanana enwa hore a kgethe Solomone, morwetsana enwa wa Moshulame o ile a hana. O ne a rata modisana enwa wa boemo bo tlase, mme o ile a mo tshepahalla.—Sefela sa Difela 3:5; 7:10; 8:6.
Re ka ithuta eng ho morwetsana wa Moshulame? O ne a ikokobeditse ho sa tsotellehe hore na o motle hakae le hore na batho ba mo thahasella hakae. Ha a ka a dumella hore dithaka tsa hae, maruo kapa botumo di susumetse maikutlo a hae a lerato. O ile a laola maikutlo a hae mme a dula a hlwekile boitshwarong.
Mosadi wa Lota
Mosadi wa Lota e ne e le mang? Bibele ha e re bolelle lebitso la hae. Empa e re bolella hore o ne a ena le baradi ba babedi le hore yena le ba lelapa la hae ba ne ba dula Sodoma.—Genese 19:1, 15.
O ile a etsang? Ha a ka a mamela taelo ya Modimo. Modimo o ne a rerile ho timetsa Sodoma le metse e haufi le yona ka lebaka la boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. Ka ha Lota o ne a lokile, Modimo o ne a mo rata a bile a rata le lelapa la hae, ke ka hoo a ileng a romela mangeloi a mabedi hore a ba pholose ha a timetsa motse wa Sodoma.—Genese 18:20; 19:1, 12, 13.
Mangeloi ana a ile a bolella Lota le ba lelapa la hae hore ba balehe ba sa hetle, ho seng jwalo ba ne ba tla shwa. (Genese 19:17) Mosadi wa Lota o ile a “hetla mme a fetoha seemahale sa letswai.”—Genese 19:26.
Re ka ithuta eng ho mosadi wa Lota? Pale ya hae e re hlokomedisa kotsi ya ho rata dintho tse bonahalang, hoo re ka qetellang re sa mamele Modimo. Jesu o ile a mo qotsa e le mohlala o lemosang, ha a re: “Hopolang mosadi wa Lota.”—Luka 17:32.
Nako eo Basadi Bana ba ka Bibeleng ba Phetseng ka Yona
Morwallo (2370 B.C.E.)
Exoda (1513 B.C.E.)
Morena wa pele wa Iseraele (1117 B.C.E.)
Kolobetso ya Jesu (29 C.E.)
Lefu la Jesu (33 C.E.)