Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwbq sehlooho 166
  • Na Tjhelete ke Motso wa Mefuta Eohle ya Dintho Tse Mpe?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Na Tjhelete ke Motso wa Mefuta Eohle ya Dintho Tse Mpe?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Karabo ya Bibele
  • Bibele e reng ka tjhelete?
  • Bibele e re hlokomedisa eng ka ho rata tjhelete?
  • Keletso ya Bibele e buang ka tjhelete e ka re tswela molemo jwang?
  • Ho Sebedisa Tjhelete Hantle
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Dintho Tse ka o Thusang Hore o Kgotsofale
    Fadimehang!—2021
  • Bibele e Reng ka Mosebetsi le Tjhelete?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 166
Motho ya nanabelang tjhelete e ngata.

Na Tjhelete ke Motso wa Mefuta Yohle ya Dintho Tse Mpe?

Karabo ya Bibele

Tjhe. Bibele ha e re ho ba le tjhelete ho fosahetse kapa hona hore tjhelete ke yona e bakang dintho tsohle tse mpe. Qotsulo ya Bibele e reng “tjhelete ke motso wa mefuta yohle ya dintho tse mpe” ha ya fella ebile e etsa hore batho ba be le maikutlo a fosahetseng. Ha e le hantle Bibele e re “lerato la tjhelete ke motso wa mefuta yohle ya dintho tse mpe.”a​—1 Timothea 6:10.

  • Bibele e reng ka tjhelete?

  • Bibele e re hlokomedisa eng ka ho rata tjhelete?

  • Keletso ya Bibele e buang ka tjhelete e ka re tswela molemo jwang?

  • Ditemana tsa Bibele tse buang ka tjhelete

Bibele e reng ka tjhelete?

Bibele e re tjhelete e ka ba molemo ha e sebediswa ka bohlale hape e ka ba “tshireletso.” (Moeklesia 7:12) Ho ekelletsa moo, Bibele e babatsa batho ba fanang ho akarelletsa le ba fanang ka tjhelete.​—Liproverbia 11:25.

Le ha ho le jwalo, Bibele e re re be hlokolosi hore tjhelete e se ke ya ba yona ntho e tlang pele bophelong ba rona. E re: “Mokgwa wa lona wa bophelo e ke e be o se nang lerato la tjhelete, ha le ntse le kgotsofaletse dintho tse teng.” (Baheberu 13:⁠5) Ntho eo re ithutang yona ke hore tjhelete le maruo ha di ya lokela ho tla pele bophelong ba rona. Ho e na le hoo, re lokela ho ikemisetsa ho kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona e leng dijo, diaparo le bodulo.​—1 Timothea 6:8.

Bibele e re hlokomedisa eng ka ho rata tjhelete?

Batho ba meharo ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng. (Baefese 5:5) Lebaka ke hobane meharo ke mofuta o mong wa borapedi ba ditshwantsho kapa borapedi bo fosahetseng. (Bakolose 3:5) Lebaka le leng ke hobane batho ba meharo ba tsitlella ho fumana dintho tseo ba di batlang mme ba hlokomoloha melaomotheo. Liproverbia 28:20 e re: “Ya potlakelang ho fumana maruo a ke ke a dula a hloka molato.” Ba ka ba ba iphumana ba entse ditlolo tsa molao tse kang ho qhekella, ho khothotsa, bolotsana, ho kwetela le ho bolaya.

Le haeba tjhelete e sa susumelletse motho hore a etse dintho tse mpe, e ka ba le ditlamorao tse seng monate. Bibele e re “ba ikemiseditseng ho rua ba wela molekong le lerabeng le ditakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi.”​—1 Timothea 6:9.

Keletso ya Bibele e buang ka tjhelete e ka re tswela molemo jwang?

Haeba re sa etse dintho tse kgahlanong le thato ya Modimo hore feela re be le tjhelete, re tla ba le boitlhompho le kamohelo mahlong a Jehova a be a re tshehetse. Jehova o re ho batho ba batlang ho mo kgahlisa e le kannete: “Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.” (Baheberu 13:5, 6) O boetse o re tiisetsa hore “motho wa diketso tse tshepahalang o tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata.”​—Liproverbia 28:20.

Ditemana Tsa Bibele Tse Buang ka Tjhelete

Moeklesia 7:12: ‘Tjhelete ke tshireletso.’

Tlhaloso: Ha re sebedisa tjhelete hantle e ka molemo ho rona hobane re ka ikutlwa re sireletsehile.

Luka 12:15: “Esita le ha motho a e na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe dinthong tseo a nang le tsona.”

Tlhaloso: Tjhelete ha se ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ebile e ke ke ya etsa hore u fumane bophelo bo sa feleng.

1 Timothea 6:10: “Etswe lerato la tjhelete ke motso wa mefuta yohle ya dintho tse mpe mme ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba kgelositswe tumelong mme ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”

Tlhaloso: Ha ho phoso ho ba le tjhelete. Empa batho ba ratang tjhelete, ba etsang hore e be yona ntho e tlang pele bophelong ba bona ba ipakela mathata. Ba ka ba le mathata a malapa a arohanang le ho kula ka lebaka la ho sebetsa ka thata hore ba be le tjhelete e ngata.

Baheberu 13:5: “Mokgwa wa lona wa bophelo e ke e be o se nang lerato la tjhelete, ha le ntse le kgotsofaletse dintho tse teng.”

Tlhaloso: Ho e na le hore re etsa sohle ho lelekisa maruo, re tla be re le bohlale haeba re kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona.

Matheu 19:24: “Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho e na le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”

Tlhaloso: Jesu o ne a qeta ho mema mohlankana ya ruileng hore e be molatedi wa hae. Mohlankana enwa o ile a hana hobane o ne a sitwa ho arohana le maruo a hae. Ka hoo, Jesu o ne a fana ka temoso. Motho ya behang maruo pele ho Modimo o ba kotsing ya ho lahlehelwa ke bophelo bo sa feleng.

a Temana ena e ka hlaloswa e le: “Lerato la tjhelete ke motso wa mefuta yohle ya dintho tse kotsi.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela