BATJHA BA A BOTSA
Nka ja Hantle Jwang?
E tlameha ebe o a tseba hore ho se je hantle ho ka etsa hore o se ke wa phela hantle mmeleng. Ha o sa je hantle ha o le monyane ho ka etsahala hore le ha o hodile o se ke wa ja hantle, ka hoo ke ha bohlokwa hore o itlwaetse ho ja hantle hona jwale.
Ho ja hantle ho bolelang?
Bibele e re bolella hore re be ba “itekanetseng mekgweng” mme seo se akarelletsa tsela eo re jang ka yona. (1 Timothea 3:11) O ntse o nahanne ka molaomotheo ona ke ha bohlokwa ho tseba hore . . .
Ho ja hantle ho akarelletsa ho ja dihlopha tsohle tsa dijo. Dihlopha tse hlano tsa dijo di akarelletsa dijo tse nang le lebese, diprotheine, ditholwana, meroho le dijothollo. Batho ba bang ha ba je dihlopha tse itseng tsa dijo mme ba nahana hore haeba ba etsa jwalo ba tla fokotsa mmele. Empa haeba o etsa sena mmele wa hao ha o na fumana dimatlafatsi tseo o di hlokang.
Leka sena: Etsa dipatlisiso kapa o bue le ngaka ya hao ho ithuta hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore o je dijo tse itseng. Ka mohlala:
Dikhabohaedreite di ka o fa matla. Diprotheine di ka thusa mmele wa hao hore o lwantshane le ho tshwaetsana le ho o thusa ho etsa le ho lokisa disele. Ha o ja mafura a itseng ka ho lekana a ka o thusa hore o se ke wa tshwarwa ke pelo mme a etsa hore o be le matla a lekaneng.
Brenda o re: “Ke leka ho ja dijo tse lekaneng dihlopheng tsohle tsa dijo. Hape ke nahana ha se phoso hore ka dinako tse ding motho a je disubitsi kapa dijo tse mafura. Empa ha ra lokela ho ja dijo tsena feela. Ka mehla ho molemo hore motho a be le tekatekano.”
A diet that is missing vital nutrients is like a chair that is missing a leg
Ho ja hantle ke ho qoba ho fetella. Sena se ka nna sa akarelletsa ho se je hantle, ho se je ka nako ebe o tlo ja dijo tse ngata ha morao kapa ho ikganela ho ja ntho eo o hlileng o e ratang.
Leka sena: Sheba hore na o jang ka kgwedi. O etsa dintho tseo ho buuweng ka tsona ka hodimo ka makgetlo a makae? O ka etsa diphetoho di fe e le hore o je hantle?
Hailey o re: “Ka matsatsi a mang ke ne ke ja dijo tse nang le di calorie tse ngata mme ka a mang ke ja tse nang le di calorie tse nyane. Qetellong ke ile ka etsa qeto ya hore ke se ke ka hlola ke bala hore na ke ja di calorie tse kae. Empa ke hlokomele hore ke se ke ka ja haholo le hore ke se ke ka ja haeba ke kgotshe. Ho nkile nako hore ke be le tekatekano empa hona jwale ke se ke kgona ho ja hantle.”
Nka etsang e le hore ke dule ke ja hantle?
Nahana esale pele. Bibele e re: “Ka sebele merero ya ya kgothetseng e tlisa molemo.” (Liproverbia 21:5) Haeba o batla ho ja hantle o tlameha ho ja dijo tse matlafatsang mmele.
Thomas o re: “Ho nka nako hore motho a je hantle mme hangata dijo tse matlafatsang mmele ke tse entsweng ka tlung. Le hoja ho ka ba thata ditlamorao e tla ba tse molemo mme seo se ka o bolokela le tjhelete.”
E ja dijo tse matlafatsang mmele ho ena le tse sa matlafatseng mmele. Bibele e re: “Sireletsa bohlale bo sebetsang.” (Liproverbia 3:21) Bohlale bo sebetsang bo ka o thusa hore o tsebe ditsela tse eketsehileng tsa hore o je dijo tse matlafatsang mmele tse ka o sebeletsang.
Kia o re: “Letsatsi le letsatsi ke leka ho ja dijo tse matlafatsang mmele ho ena le tse sa matlafatseng mmele. Ka mohlala, ho ena le hore ke je disubitsi ke ja apole. Ho se ho se hokae ke ne ke se ke ja dijo tse matlafatsang mmele letsatsi le letsatsi.”
O se ke wa lebella mohlolo. Bibele e re: “O je dijo tsa hao ka thabo.” (Moeklesia 9:7) Ho ja hantle ha ho bolele hore o ke ke wa thabela dijo tsa hao ebile ho boetse ha ho bolele hore o lokela ho tshwenyeha ka ntho e nngwe le e nngwe eo o e jang. Le haeba o batla ho fokotsa mmele, hopola hore morero wa hao ke hoba le bophelo bo botle.
Melanie o re: “Ke theotse mmele ka 15kg. Ho tloha ka nako eo ha ke so itime dijo kapa ka tlohela ho ja mofuta o itseng wa dijo ebile ha ke itime dijo tse tswekere. Ke ile ka hlokomela hore ho fokotsa mmele ha se ntho e tla etsahala ka pele le hore dijo tseo ke kgethang ho di ja di tla ama bophelo ba ka.”