Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwyp sehlooho 94
  • Ke Itshwara Jwang ha ke Eletswa?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ke Itshwara Jwang ha ke Eletswa?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Itlhahlobe
  • Ke hobaneng ha ke hloka ho eletswa?
  • Nka amohela keletso jwang?
  • Ho ba le Mamello
    Fadimehang!—2019
  • Na ke Motho ya sa Batleng ho Etsa Diphoso Hohang?
    Batjha ba a Botsa
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 94
Batho ba mmalwa ba tshwaya art ya ngwana diphoso.

BATJHA BA A BOTSA

Ke Itshwara Jwang ha ke Eletswa?

  • Itlhahlobe

  • Ke hobaneng ha ke hloka ho eletswa?

  • Nka amohela keletso jwang?

  • Dithaka tsa hao di reng?

Itlhahlobe

Ka dinako tse ding re hloka ho eletswa, e leng se tla re thusa hore re ntlafatse mosebetsing wa rona kapa tseleng eo re itshwarang ka yona. O ntse o nahanne ka seo, a re hlokomele maemo ana a latelang.

  1. ● Titjhere ya hao e o bolella hore ha wa ipha nako e lekaneng ho etsa mosebetsi wa hao wa sekolo. O re: “O hloka ho ipha nako e lekaneng ya ho etsa dipatlisiso.”

    O itshwara jwang ha o eletswa?

    1. Ha ke e amohele. (‘Titjhere enwa ha a nthate.’)

    2. Ke a e amohela. (‘Ke tla sebedisa keletso ya hae nakong e tlang.’)

  2. ● Mme wa hao o bolella hore kamore ya hao e bohlaswa le hoja o qeta ho e kolomaka.

    O itshwara jwang ha o eletswa?

    1. Ha ke e amohele. (‘Ha ho na mohla a kgotsofalang.’)

    2. Ke a e amohela. (‘Ke a dumela hore nkabe ke lekile ho kolomaka hantle.’)

  3. ● Ngwaneno e monyane o o bolella hore ha a rate ha o ntse o mo laela.

    O itshwara jwang ha o eletswa?

    1. Ha ke e amohele. (‘Ke mang yena hore a tjho jwalo ho nna?’)

    2. (‘Mohlomong nka leka ho mo buisa hantle.’)

Batjha ba bang ba tshwana le mahe, ba thubeha ka pele le ha ba bontshwa phosonyana e nyane feela. Na le wena o jwalo? Haeba ho jwalo, o a fetwa! Hobaneng? Hobane ho ithuta ho amohela keletso ke ntho ya bohlokwa e ka o thusang hona jwale le ha o se o hodile.

Moshanyana o bontsha motswalle wa hae hore lerapo la hae la seeta le fasollohile e le hore a se ke a wa mme a intsha kotsi.

O se ke wa fetwa ke ntho eo o hlokang ho e utlwa hobane feela o sa batle ho e utlwa

Ke hobaneng ha ke hloka ho eletswa?

  • Hobane ha o a phethahala. Bibele e re: “Etswe kaofela re kgoptjwa ha ngata.” (Jakobo 3:2) Ka lebaka leo, kaofela ha rona re hloka ho eletswa.

    David o re: “Ke leka ho hopola hore kaofela ha re a phethahala mme re dula re etsa diphoso. Ka hoo ha ke bontshwa phoso eo ke e entseng, ke leka ho ithuta ho yona le ho qoba ho e pheta hape.”

  • Hobane o ka kgona ho ntlafatsa. Bibele e re: “Fa motho ya bohlale mme o tla hlalefa haholo.” (Liproverbia 9:9) Ho amohela keletso ho ka o thusa.

    Selena o re: “Ke ne ke sa rate ho eletswa. Ke ne ke nahana hore seo se etsa ke hlahe ke le motho ya mobe. Empa hona jwale ke amohela keletso ebile ka dinako tse ding ke ya e kopa. Ke batla ho tseba hore na ke lokela ho ntlafatsa hokae.”

Ke nnete hore ho bonolo ho amohela keletso ha o e kopile. Empa ha o sa e kopa, ho ba thata. Natalie o re: “Ke ile ka utlwa bohloko ebile ka nyahama, ha ke ne ke fumana karete e neng e mpha keletso eo ke neng ke nahana hore ha ke e hloke. Ke ne ke sebetsa ka thata, empa ntho eo ke ileng ka e fumana ke kgalemelo!”

Na o kile wa etsahallwa ke ntho e tshwanang? Haeba ho jwalo, ke jwang o ka amohelang keletso nakong e tlang?

Nka amohela keletso jwang?

  • Mamela.

    Bibele e re: “Mang kapa mang ya tshwarang dipolelo tsa hae o na le tsebo, mme motho ya nang le temoho o na le moya o kgutsitseng.” (Liproverbia 17:27) O se ke wa kena motho ya ntseng a bua le wena hanong mme o se ke wa potlakela ho araba e le hore o se ke wa bua ntho eo o tla ikwahlaela yona ha morao!

    Sara o re: “Ha motho a nkeletsa ekare nka ikemela. Empa ke lokela ho ithuta diphosong le ho etsa dintho hantle nakong e tlang.”

  • Mamela keletso, eseng motho ya o fang yona.

    Ho ka ba bonolo hore o tshwaye motho ya o fang keletso diphoso. Ho ka ba molemo hore o mamele keletso ya Bibele e reng ‘o potlakele ho utlwa, o diehe ho bua, o diehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) Hangata ha motho a o fa keletso, ho na le ntho eo a e hlokometseng. O se ke wa fetwa ke ntho eo o hlokang ho e utlwa hobane feela o sa batle ho e utlwa.

    Edward o re: “Ke ne ke halefa ha batswadi ba ka ba mpontsha phoso ya ka, e be ke re ‘ke a tseba, ke a tseba.’ Empa haeba ke ba mamela mme ke sebedisa keletso ya bona, ke etsa dintho hantle.”

  • Amohela hore o etsa diphoso.

    Taba ya hore o fuwe keletso ha e bolele hore o hlolehile. Empa ho bolela hore o na le diphoso jwalo ka motho e mong le e mong. Esita le motho ya o fang keletso, o ntse a hloka keletso nako le nako. Ha e le hantle, Bibele e re: “Ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya tswelang pele ho etsa se molemo.”​—Moeklesia 7:20.

    Sophia o re: “Motswalle wa ka o ile a mpha keletso eo ke neng ke nahana hore ha ke e hloke. Ke ile ka mo leboha hore e be o ile a mpolella nnete, empa ke ne ke utlwile bohloko. Ha nako e ntse e ya, ke ile ka hlokomela hore na ke hobaneng ha a ne a mpha keletso eo. Ke leboha hore o ile a nkeletsa, hobane ke ile ka bona hore na ke lokela ho ntlafatsa hokae, e leng ntho eo nkabeng ke sa e tsebe.”

  • Ikemisetse ho etsa diphetoho.

    Bibele e re “mang kapa mang ya elang kgalemelo hloko o masene.” (Liproverbia 15:5) Ka hoo, ha o amohela keletso ho tla ba bonolo hore o se ke wa utlwa bohloko mme o amehe ka ho ntlafatsa phoso eo o e bontshitsweng. Ngola dintho tseo o batlang ho ntlafatsa ho tsona mme o shebe na o ntlafaditse hakae ka mora dikgwedi tse itseng.

    Emma o re: “Keletso e tsamaisana le nnete hobane o hloka hore o se ke wa ithetsa e le hore o amohele diphoso, o kope tshwarelo mme o ithute hore na o tla ntlafatsa jwang.”

Ntlha ya bohlokwa: Bibele e re: “Tshepe e leotswa ka tshepe. Ka ho tshwanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e mong.” (Liproverbia 27:17) Keletso e tshwana le thulusi e ka o leotsang hona jwale le nakong e tlang.

Dithaka tsa hao di reng?

Renato.

Renato o re: “Ha se ka mehla o ka fuwang keletso ke motho ya moholo. O ka e fuwa ke thaka ya hao kapa motho ya monyane ho wena, empa seo ha se bolele hore ha ho na ntho eo o ka ithutang yona ho motho eo. Ho ka etsahala hore e be motho eo o wa o utlwisisa mme o batla hore o ntlafatse. Nka keletso e nngwe le e nngwe eo o e fumanang e le ya bohlokwa.”

Shae.

Shae o re: “Batho ba bangata kajeno ba utlwiswa bohloko ke dintho tse nyane mme ba batla hore ha motho a bua le bona, a kgethe mantswe a hae hantle. Seo se etsa hore ba se ke ba nkella batho ba bang hloohong le hore ba se ke ba amohela keletso. Ke hlokometse hore haeba motho a amohela keletso, seo se mo tswela molemo ha mmoho le batho ba bang.”

Tlhahlobo: Ke Itshwara Jwang ha ke Eletswa?

Mamela. O se ke wa kena motho ya ntseng a bua le wena hanong. O se ke wa potlakela ho araba e le hore o se ke wa bua ntho eo o tla ikwahlaela yona ha morao.

Mamela keletso, eseng motho ya o fang yona. Potlakela ho mamela mme o se ke wa tatela ho ipuella. Dikeletso di ka o thusa hore o ntlafatse bophelong.

Amohela hore o etsa diphoso. Taba ya hore o fuwe keletso ha e bolele hore o hlolehile. Empa ho bolela hore o na le diphoso jwalo ka motho e mong le e mong.

Ikemisetse ho etsa diphetoho. Lokisa phoso eo o e bontshitsweng. Ngola dintho tseo o batlang ho ntlafatsa ho tsona mme o shebe hore na o ntlafaditse hakae ka mora dikgwedi tse itseng.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela