DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA
Pesaleme ya 46:10—“Tlohelang, Mme le Tsebe Hoba ke Nna Modimo”
“Ineheleng mme le tsebe hore ke nna Modimo. Ke tla tlotliswa hara ditjhaba. Ke tla tlotliswa lefatsheng.”—Pesaleme ya 46:10, Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.
“Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!”—Pesaleme ya 46:10, Bibele ya Sesotho
Tlhaloso ya Pesaleme ya 46:10
Modimo o batla hore batho bohle ba mo rapele le hore ba tsebe hore o na le tokelo ya ho laola lefatshe. Motho e mong le e mong ya batlang ho phela ka ho sa feleng, o lokela ho dumela hore Modimo o na le matla le tokelo ya bolaodi.—Tshenolo 4:11.
“Ineheleng mme le tsebe hore ke nna Modimo.” Diphetolelo tse ding tsa Bibele di hlalosa karolo e qalang ya polelo ena ka ho re “tlohelang.” Sena se ile sa baka ho se utlwisisane ka ha se fana ka mohopolo wa hore ke taelo ya hore ho tholwe ka kerekeng. Ho ena le hoo, polelo ya Seheberu “ineheleng mme le tsebe hore ke nna Modimo” ke taelo e tswang ho Jehovaa Modimo e yang ho batho ba ditjhaba tsohle, hore ba tlohele ho mo hanyetsa mme ba amohele hore ke yena feela ya lokelwang ke ho roriswa.
Taelo e tshwanang e fumaneha ho Pesaleme ya bobedi. Lengolong leo, Modimo o tshepisa ho nka kgato kgahlanong le ba mo hanyetsang. Ka lehlakoreng le leng, ba elang hloko bolaodi ba Modimo ba itshetlehile ka yena hore a ba tataise a ba fe matla le bohlale. “Ba balehelang ho yena,” ba a thaba ebile ba ikutlwa ba sireletsehile, haholo ha ba ena le mathata.—Pesaleme ya 2:9-12
“Ke tla tlotliswa hara ditjhaba. Ke tla tlotliswa lefatsheng.” Nakong e fetileng Jehova Modimo o ne a roriswa ha a sebedisa matla a hae a maholo ho sireletsa batho ba hae. (Exoda 15:1-3) Nakong e tlang, o tla roriswa haholo ke motho e mong le e mong ya mo rapelang le ya mamelang bolaodi ba hae.—Pesaleme ya 86:9, 10; Esaia 2:11.
Tlaleho ya Pesaleme ya 46:10
Buka e nngwe ya dipatlisiso e re Pesaleme ya 46 ke “pina e rorisang matla a Modimo ya sireletsang bahlanka ba hae.” Ha bahlanka ba Jehova ba ne ba bina Pesaleme ya 46, ba ne ba bontsha hore ba tshepile hore Jehova o tla ba sireletsa a be a ba thuse. (Pesaleme ya 46:1, 2) Mantswe a yona a ne a ba hopotsa hore Jehova o ne a dula a ena le bona.—Pesaleme ya 46:7, 11.
E le hore bahlanka bao ba Jehova ba ka matlafatsa tshepo ya bona ya hore Jehova Modimo o na le matla a ho ba sireletsa, mopesaleme o ile a ba kgothaletsa hore ba nahanisise ka dintho tse hlollang tseo Modimo a di entseng. (Pesaleme ya 46:8) Seo se ne se ba lemosa hore Modimo o na le matla a ho fedisa dintwa. (Pesaleme ya 46:9) Ha e le hantle Jehova o ile a fedisa dintwa mehleng ya Bibele ka hore a sireletse bahlanka ba hae kgahlanong le dira tsa bona. Bibele e tshepisa hore haufinyane Modimo o tla fedisa dintwa lefatsheng.—Esaia 2:4.
Na Jehova o ntse a thusa bahlanka ba hae le kajeno? Ho jwalo, moapostola Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste hore ba itshetlehe ka Jehova ha ba hloka thuso. (Baheberu 13:6) Mantswe a hlahang ho Pesaleme ya 46 a matlafatsa tshepo ya rona ya hore Modimo o na le matla a ho re sireletsa. Mantswe ao a boetse a re thusa hore re tadime Modimo e le “setshabelo sa rona le matla a rona.”—Pesaleme ya 46:1.
Shebella video e kgutshwanyane e latelang e akaretsang lengolo la Dipesaleme.
a Lebitso la Modimo ke Jehova. (Pesaleme ya 83:18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”