Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • hdu sehlooho 11
  • Sathelaete ya JW e Fihla le Moo Inthanete e sa Fihleng

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Sathelaete ya JW e Fihla le Moo Inthanete e sa Fihleng
  • Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Lebokose le Lenyane le Thusang Batho Hore ba Dule ba na le Tumelo e Matla
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • JW Broadcasting ‘E ya re Matlafatsa le ho re Thabisa!’
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Bala Tse Ding
Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
hdu sehlooho 11
Barababo rona ba isa thepa ya sathalaete phuthehong ya bona ka dibaesekele.

KA MOO MONEHELO WA HAO O SEBEDISWANG KA TENG

Sathelaete ya JW e Fihla le Moo Inthanete e sa Fihleng

1 APRIL 2021

Kgwedi e nngwe le e nngwe re lebella ka tjantjello ho shebella mananeo le divideo tse lokollwang ho JW Broadcasting. Empa barababo rona ba bangata ba Afrika ha ba kgone ho fumana mananeo ana ka Inthanete. Hobaneng?

Dibakeng tse ngata Afrika ha ho na Inthanete, ebile hangata moo e leng teng ya sokodisa kapa e turu haholo. Mohlala, molebedi wa potoloho wa Madagascar o ile a ya moo ho rekiswang Inthanete. O ile a patala tjhelete e ka bang R246 ha a downloada broadcasting ba kgwedi e le nngwe feela. Tjhelete eo e feta eo batho ba bang ba e kgolang ka beke.

Le hara mathata ana, batho ba bangata ba Afrika hona jwale ba se ba thabela ho shebella JW Broadcasting ba sa sebedise Inthanete. Ba kgona jwang?

Ho tloha ka 2017, ho ile ha etswa hore batho ba dulang ka borwa ho Sahara ba kgone ho shebella JW Broadcasting dithelevisheneng ka sathelaete. Ke mahala ho e shebella ebile e fumaneha nako yohle ka dipuo tse 16.

Ka 2018 ha barababo rona ba Mozambique ba kenya sathalaete ya JW Holong ya bona ya Mmuso

Bakeng sa hore tsena tsohle di kgonehe, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa patala konteraka ya ho hasa mananeo ka sathalaete. Sathalaete eo e sebediswa dinaheng tse 35 tse ka borwa ho Sahara. Konteraka eo e patalwa tjhelete e fetang R184 564 ka kgwedi. Ka dinako tse ding, ho patalwa tjhelete e fetang eo ha ho haswa mananeo a itseng. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba ka natefelwa ke dikopano kapa mananeo a kgethehileng a haswang ha ho etetswe lekala.

Baithaopi ba Lefapha la Meralo le Kaho Malawi ba shebelletse ba sebedisa sathelaete ya JW

Batho ba bangata esita le bao eseng Dipaki, ba shebella thelevishene ba sebedisa sathalaete ya JW ba ntse ba le malapeng. Ho ba nolofalletsa ho shebella, Diholong Tsa Mmuso tse fetang 3 670 ho kentswe thepa e kgonang ho hokela sathalaeteng e le hore bara le baradibabo rona ba ka kgona ho shebella JW Broadcasting ba le diholong. Haeba Holong ya Mmuso ho se ho ntse ho e na le thelevishene kapa projector, ditshenyehelo tsa thepa eo ho akarelletsa le ho e tlisa moo di ka etsa tjhelete e ka bang R1 080. Empa haeba holo e se na dintho tseo, thepa eo kaofela e ka rekwa ka tjheleteng e ka bang R8 185.

Bara le baradibabo rona ba leboha haholo ka kgaso ena. Moholo e mong wa Cameroon o re: “Lelapeng la rona, kgaso ena e tshwana le manna a neng a le lefelleng.” Morawabo rona Odebode wa Nigeria o re: “Re shebella dintho tse hlahang moo re le lelapa hararo ka beke. Bana baka ba dula ba tatetse ho tla shebella. Ebile ka dinako tse ding ha re ntse re shebeletse mananeo a mang, ba kopa hore re tjhentjhe ebe re shebella dintho tse hlahang sathalaeteng ya JW.” Rose ya dulang Nigeria le yena o re: “Ke thabile haholo hobane hona tjena ha ke sa qeta nako e ngata ke shebeletse ditaba, empa ke se ke e qeta ke shebeletse dintho tse hlahang sathalaeteng ya JW. Ha ke shebelletse ditaba, ke ne ke utlwa bohloko hoo high blood yaka e neng e phahama. Kgaso ya JW yona ya nkgatholla ebile e mpha kgotso. Ke e rata hona hoo. Ke tlhohonolofatso e tswang ho Jehova.”

Lelapa la Malawi le shebelletse divideo tsa bana tse haswang ka sathelaete ya JW

Molebedi wa potoloho wa Mozambique o re potolohong eo a leng ho yona, Diholo Tsa Mmuso di kentswe thepa e kgonang ho hokela sathalaeteng. Bara le baradibabo rona ba diphuthehong tseo ba fihla hora pele diboka di qala e le hore ba ka shebella kgaso ya JW.

Ka 2018, phutheho e Ethiopia le shebelletse JW Broadcasting e sa sebedisa Inthanete

Ka 2019, dibakeng tse robong, ho ile ha sebediswa sathalaete ho hasa dipuo tsa sehlooho tse ileng tsa fanwa ke setho sa Sehlopha se Busang kopanong ya matjhaba e neng e le Johannesburg, Afrika Borwa. Morawabo rona Sphumelele ya sebetsang lefapheng la Broadcasting lekaleng la Afrika Borwa o re: “Nakong e fetileng, dipuo tseo di ne di lokela ho haswa ka Inthanete. Empa ho ne ho hlokahala hore ebe moo Inthaneteng e sebetsang hantle mme jwale e ne e le turu. Empa ho hasa re sebedisa sathalaete ya JW ha ho bitse hakaalo ebile e sebetsa hantle.”

Re leboha menehelo e ntshwang bakeng sa ho tshehetsa mosebetsi o etswang lefatsheng lohle hobane e thusa bara le baradibabo rona ho shebella kgaso ya JW ba sebedisa sathalaete. Re leboha menehelo eo le faneng ka yona le sebedisa mekgwa e fapaneng e hlahang ho donate.jw.org.

Sathalaete ya JW le JW Box

Sathalaete ya JW e thusa batho ho sebella divideo thelevisheneng ba sebedisa sathalaete. JW Box e thusa bara le baradibabo rona ho downloada dingolwa le divideo ebe ba di kenya ka di sebedisweng tsa bona.

Haeba barababo rona ba kgona ho sebedisa JW Box ho downloada divideo, jwale ke hobaneng ha ho sa ntse ho e na le sathalaete? Dibakeng tse ding, ho thata ho fumana dintho tse ntjha tse ka ho JW Box hobane Inthanete ya sokodisa kapa e bitsa haholo. Ka hoo diofisi tsa makala di romela di USB tse tshetseng dintho tsa moraorao Diholong Tsa Mmuso. Empa ho nka nako. Sathalaete ya JW yona e dumella bara le baradibabo rona ho shebella lenaneo la kgwedi letsatsi feela ka mora hore le lokollwe. Ba kgona ho shebella ba ntse ba sena di fono tsa moraorao. Ba boetse ba kgona ho shebella mananeo a mang a kgethehileng.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela