Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • hdu sehlooho 33
  • Ho Thusa Bara ba bo Rona le ho Sireletsa Tikoloho

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ho Thusa Bara ba bo Rona le ho Sireletsa Tikoloho
  • Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Holo ya Dikopano e Phodileng
  • Ho Sebedisa Matla a Letsatsi
  • Ho Sebedisa Metsi a Pula
  • Diofisi Tsa Phetolelo di Thusa Batho ba Bangata
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • Ho Hlokomela Diholo Tsa Mmuso
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • Mosebetsi wa Kaho o Tlotlisang Jehova
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Ho Atleha ha Meaho Pele ho Sewa sa Corona
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
hdu sehlooho 33
Mora wa bo rona o kenya disolar.

KA MOO MONEHELO WA HAO O SEBEDISOANG KA TENG

Ho Thusa Bara ba bo Rona le ho Sireletsa Tikoloho

La 1 APRIL, 2025

Re le Dipaki Tsa Jehova, re a tseba hore haufinyane Jehova Modimo o tla lokisa tshenyo e bakilweng ke batho lefatsheng. (Tshenolo 11:​18) Le ha ho le jwalo, re etsa sohle seo re ka se kgonang ho hlokomela lefatshe. Ka mohlala, dibaka tsa rona tsa borapedi di hahilwe ka tsela e etsang hore tikoloho e se ke ya senyeha.

Tsela eo mehaho ya rona e entsweng ka yona e fokotsa tshenyo e ka bang teng tikolohong. Ho entswe seo jwang? Ke jwang menehelo e sebedisitsweng ha molemo?

Holo ya Dikopano e Phodileng

Qalong, Holo ya Kopano ya Matola e Mozambique e ne e bulehile ka mahlakoreng empa e ruletswe ka masenke. Marulelo ao a ne a etsa hore ho tjhese haholo. Mora wa bo rona wa moo o re: “Ho ne ho tjhesa hoo re neng re fufulelwa haholo mme hanghang ha mananeo a fela, re ne re mathela ka ntle hore re fumane moya o phodileng.” Ho ne ho hlakile hore bara le baradi ba bo rona ba hloka sebaka se hantle seo ba ka thabelang ho mamela ho sona.

Ho ile ha rarollwa bothata bona ka tsela e ke keng ya senya tikoloho ka hore ho kenngwe dintho tse fehlang moya, le tse etsang hore marulelo a se ke a kenya motjheso o mongata. Dintho tsena tse fehlang moya ha di hloke motlakase hore di sebetse ebile e le nngwe ke R923.50.

Dintho tse fehlang moya Holong ya Kopano ya Matola

Tharollo ena e fihletsweng e ile ya etsa hore ho be le moya o hlwekileng mme hape ya fokotsa le mongobo. Hona jwale bara le baradi ba bo rona ba se ba thabela lenaneo. Mora wa bo rona eo re buileng ka yena pejana o re: “Hona jwale, ha re sa mathela ka ntle ha lenaneo le fela. Ho ena le hoo, re dula ka hara mohaho mme re thabela botswalle. Ha re dutse ka holong ena e ntjha ekare re dutse tlasa moriti o phodileng wa sefate se seholo!”

Bara le baradi ba bo rona ba thabela kopano Holong ya Kopano ya Matola.

Bara ba bo rona ba se ba thabela dikopano ntle ho tshitiso

Ho Sebedisa Matla a Letsatsi

Dibakeng tsa rona tse ngata tsa borapedi ho kentswe disolar e le hore ho ka sebediswa matla a letsatsi. Molemo wa sena ke hore ha re sebedise motlakase o entsweng ka dintho tse senyang tikoloho, jwalo ka mashala. Ho boetse ho sebediswa menehelo hantle.

Ka 2023, disolar di ile tsa kenngwa ofising ya lekala ya Slovenia. Diphesente tse 30 tsa motlakase o sebediswang o tswa ho disolar. Haeba ho ka etsahala hore motlakase o tswang ho disolar o be mongata ho feta o hlokahalang, o setseng o fokoletswa phepelong ya mmasepala. Ho sebedisitswe R6 649 200 ho kenya disolar tsena. Ka ha ha ho sa sebediswa tjhelete e ngata ho reka motlakase, ka mora dilemo tse nne ho tla bolokwa tjhelete e ngata ho feta e sebedisitsweng ha ho ne ho kenngwa disolar tsena.

Disolar tse kentsweng mehahong ya lekala ya Slovenia.

Mehaho ya lekala ya Slovenia

Ka 2024, disolar le beteri e kgolo di ile tsa kenngwa ofising ya lekala ya Sri Lanka. Tjhelete e sebedisitsweng moo ke R55 410 000, mme boholo ba motlakase ke o entsweng ka matla a letsatsi. Seo se tla etsa hore tjhelete e tla bolokwa ka mora dilemo tse tharo e be ngata ho feta e sebedisitsweng ha ho ne ho kenngwa disolar tseo. Ho ile ha boela ha kenngwa disolar ofising ya lekala ya Netherlands ka selemo sona seo. Ho sebedisitswe tjhelete e ka bang R20 317 000 mme diphesente tse 35 tsa motlakase o sebediswang ke o tswang ho disolar. Tjhelete e tla bolokwa ka mora dilemo tse robong e tla kwahela ditshenyehelo tse sebedisitsweng ha ho kenngwa disolar tseo.

Disolar tse kentsweng mehahong ya lekala ya Netherlands.

Mehaho ya lekala ya Netherlands

Ho ile ha boela ha kenngwa disolar diofising tse ngata tsa phetolelo naheng ya Mexico. A re nahaneng ka mohlala wa ofisi ya phetolelo ya Tarahumara (Central) sebakeng sa Chihuahua. Le hoja mariha ho bata haholo le hlabula ho tjhesa haholo, bara ba bo rona ba ne ba qoba ho sebedisa dintho tse futhumatsang kapa tse etsang hore ho phole hobane motlakase o ne o tura haholo. Mora wa bo rona Jonathan, ya sebetsang ofising eo ya phetolelo o re: “Re ne re apara dikobo le diphahlo tse boima mariha, ha hlabula teng re ne re bula difensetere.”

Ka 2024, ho ile ha kenngwa disolar ofising ya phetolelo, mme tjhelete e ileng ya sebediswa ke R396 735.60. Ka mora dilemo tse hlano, tjhelete e tla bolokwa e tla kwahela ditshenyehelo tsa ha ho kenngwa disolar tsena. Bara ba bo rona ba se ba sebetsa hamonate ba sa tshoenyeha ka motjheso kapa serame. Jonathan o re: “Hona jwale re se re kgona ho sebetsa haholo ebile re thabile. Re boetse re thaba haholo ha re hopola hore tikoloho ha e senngwe ebile menehelo e sebediswa hantle.”

Baradi ba bo rona ba ofising ya phetolelo e Tarahumara (Central) ba sebetsa ba thabile

Ho Sebedisa Metsi a Pula

Diholong tse ding tsa Mmuso Afrika, ha ho bonolo ho fumana metsi. Ka lebaka leo, bara ba bo rona ba lata metsi hole haholo le Holo ya Mmuso. Dibakeng tse ding, tikoloho e a senyeha ebile ho turu haholo ho fumana metsi, ka ha bara ba bo rona ba tlameha ho a reka le ho a lata ka teraka.

E le ho thusa bara ba bo rona, ho ile ha kenngwa ditanka tse kgolo e le ho bokeletsa metsi a pula Diholong tse ngata tsa Mmuso Afrika. Pele ho kenngwa ditanka tseo, bara ba bo rona ba ithuta boemo ba lehodimo ba sebaka seo, e le hore ba di kenye ka tsela e tla bokeletsa metsi a mangata. Ho sebediswa tjhelete e kaalo ka R11 082 ho isa ho tse R55 410 ho kenya tanka Holong ya Mmuso ka nngwe. Le ha ho le jwalo, ditanka tsena di fokotsa ditshenyehelo ka ha ha ho hlokahale hore bara ba bo rona ba patale metsi.

Tanka ya metsi Holong ya Mmuso e Phuthaditjhaba, Afrika Borwa

Ditanka tsena di tswetse bara ba bo rona molemo. Noemia, moradi wa bo rona ya tswang Mozambique, o re: “Re ne re tsamaya sebaka se selelele e le hore re ka fumana metsi, mme re ne re fihla dibokeng re kgathetse haholo. Tlhokahalo ya metsi e ne e etsa hore ho be thata le hore feela re hlape matsoho. Empa hona jwale re se re kgona ho hlapa matsoho, ebile ka ha ha re sa tsamaya sebaka se selelele, re kgona ho thabela diboka. Re leboha haholo!”

Moradi wa bo rona wa Afrika Borwa le mora wa hae ba hlapa matsoho ka metsi a pula

Tjhelete ya ho lefella dintho tsee, e tswa hokae? Ke menehelo e ntshwang ho donate.jw.org bakeng sa mosebetsi oa lefatshe lohle. Re a leboha ka menehelo ya lona e tswang pelong.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela