-
Ruthe 4:11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
11 Yaba batho bohle ba neng ba le keiting ya motse le banna ba baholo ba re: “Re dipaki! E se eka Jehova a ka dumella mosadi ya kenang ka tlung ya hao ho ba jwalo ka Ragele le jwalo ka Lea, bao ka bobedi ba hahileng ntlo ya Iseraele.+ E se eka o ka atleha Efratha+ le ho etsa lebitso* le letle Bethlehema.+
-