34 Ha Akabe a ntse a busa, Hiele wa Mobethele a haha Jeriko botjha. Ha a ne a haha motheo wa yona, mora wa hae wa letsibolo e leng Abirame o ile a shwa mme ha a kenya mamati a yona, mora wa hae e monyenyane Segube le yena a shwa. Sena ke seo Jehova a ileng a se bua a sebedisa Joshua mora wa Nune.+