14 Moprista Hilkia a tsamaya le Akikame, Akbore, Shafane le Asaia ba ya ho moprofeta Hulda.+ E ne e le mosadi wa Shalume mora wa Tikva e leng mora wa Harhase ya neng a ikarabella ka diaparo. O ne a dula Karolong ya Bobedi ya Jerusalema mme ba ile ba bua le yena moo.+