-
Nehemia 12:47Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
47 Mehleng ya Zorobabele+ le mehleng ya Nehemia, Baiseraele bohle ba ne ba fana ka menehelo ho dibini+ le ho balebedi ba dikeiti,+ ho ya ka seo ba se hlokang letsatsi le letsatsi. Ba ne ba boetse ba behella karolo e nngwe ka thoko bakeng sa Balevi+ mme Balevi le bona ba behella karolo e nngwe ka thoko bakeng sa ditloholo tsa Arone.
-