9 Ha e le tlōlo ea mofuta leha e le ofe,+ malebana le poho, esele, nku, seaparo, ntho leha e le efe e lahlehileng eo a ka reng ka eona, ‘Ke eona ena!’ taba ea bona ka bobeli e tla tlisoa ka pel’a Molimo oa ’nete.+ Eo Molimo a tla phatlalatsa hore o khopo o tla etsa puseletso e habeli ho oa habo.+