Naletsana
e Ba bang ba re Pauluse o ne a bua ka ketsahalo ena ha a re ho Bakorinthe, “re ne re bile re sa kgodiseha hore na re tla phela kapa tjhe.” (2 Bakor. 1:8) Le ha ho le jwalo, mohlomong o ne a nahanne boemo bo bong bo neng bo le kotsi ho feta bona. Ha Pauluse a re “ke lwanne le dibata Efese,” mohlomong o ne a bua ka diphoofolo tse hlaha lebaleng la dipapadi kapa a bolela batho ba neng ba mo hanyetsa. (1 Bakor. 15:32) Ho ka etsahala hore o ne a bolela dibata tsa sebele kapa tsa tshwantshetso.