Naletsana
a Ha re toba taba feela, esita le bona batho bao re reng ba na le boikarabelo, ba ke ke ba qoba ka ho felletseng ho susumetswa ke ba bang. Ka mohlala, re rata kapa re sa rate, ebang re nahana ka hore na bophelo bo qadile hokae, hore na re apara eng, batho ba tla dula ba re susumetsa ka tsela e itseng. Le ha ho le jwalo, re ka kgona ho ikgethela hore na re batla ho susumetswa ke mang.