Naletsana
a Ka dinako tse ding bara le baradibabo rona ba tshebeletsong ya nako e tletseng ba ka nna ba lokela ho tlohela dikabelo tsa bona kapa ba fumana kabelo e ntjha. Sehloohong sena re tlo ithuta hore na ke mathata afe ao ba kopanang le ona le hore na ba ka thuswa keng ho tlwaela kabelo e ntjha. Re tla boela re bone hore na ba bang ba ka etsa jwang ho ba kgothatsa le ho ba tshehetsa le hore na kaofela ha rona re ka sebedisa melaomotheo efe e tla re thusa ha re tobana le diphetoho bophelong ba rona.