Naletsana
a Temana ya rona ya selemo ya 2020, e re kgothalletsa hore re “etse batho . . . barutuwa.” Bahlanka bohle ba Jehova ba tlameha ho mamela taelo ena. Ke jwang re ka kgothalletsang batho bao re ithutang Bibele le bona hore e be barutuwa ba Kreste? Sehlooho sena se tla re bontsha hore na ke jwang re ka ba thusang hore ebe metswalle ya Jehova. Re tla boela re bone hore na ke jwang re ka etsang qeto ya hore na re tla tswela pele re ithuta le bona kapa tjhe.