Naletsana
a Ka ha ha re a phethahala, hangata re tatela ho ahlola batho ka seo re se bonang le seo ba se etsang. Ka lehlakoreng le leng, Jehova yena “o bona seo pelo e leng sona.” (1 Sam. 16:7) Sehlooho sena se tla bontsha ka moo ka lerato Jehova a ileng a tshwara Jonase, Elia, Hagare le Lota ka teng. Hape se tla re thusa ho bona ka moo re ka mo etsisang tseleng eo re tshwarang bara le baradibabo rona ka yona.