Naletsana
a Ke hobaneng ha bahlanka ba bang ba tshepahalang ba Jehova ba mo sebeleditseng ka dilemo tse ngata, ba se ba tlohetse ho mo sebeletsa? Modimo o ikutlwa jwang ka bona? Sehlooho sena se tla araba dipotso tsena. Se boetse se bua ka seo re ka ithutang sona tseleng eo Jehova a ileng a thusa ba bang ba batho ba mehleng ya Bibele ba sa kang ba etsa seo Jehova a itseng ba se etse.