Naletsana
b DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona o tshwarwa a le ha hae. Mosadi wa hae le moradi wa hae ba mo shebile ha maponesa a tsamaya le yena. Ha morabo rona a ntse a le teronkong, badumedimmoho le bona ba ba le mosadi wa hae le ngwana wa hae borapeding ba lelapa. Mme le moradi wa hae ba kopa Jehova nako le nako hore a ba fe matla a ho mamella bothata bona. Jehova o ba fa kgotso le sebete. Ka lebaka leo, tumelo ya bona e ba matla mme e ba thusa hore ba mamelle ba thabile.