Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a Le hoja Jesu e kile ya eba Mosuwe e Moholo ka ho fetisisa lefatsheng, batho ba bangata ba ne ba kgopiswa ke dithuto tsa hae. Ebe ke hobaneng? Re tlo bua ka mabaka a mane sehloohong sena. Re tla boela re bone hore na ke hobaneng ha batho ba bangata mehleng ena ba hanyetsa balatedi ba nnete ba Jesu ka lebaka la dintho tseo ba di etsang le tseo ba di buang. Taba ya bohlokwa le ho feta ke hore re tlo bona hore na ke hobaneng ha re lokela ho ba le tumelo e matla ho Jesu, e le hore re se ke ra kgoptjwa ka lebaka la hae.