Naletsana
a Sehloohong sena re tlo ithuta hore na Jesu o ile a thusa batho jwang hore e be barutuwa ba hae le hore na re ka mo etsisa jwang. Re tla boela re bone hore na re ka sebedisa buka e ntjha ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! jwang. Buka ena e etseditswe ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba kolobetswe.