Ntlha e botlaaseng ba leqephe
a Ho bokellwa ha “dintho tsohle tse mahodimong” hoo Pauluse a buileng ka hona ho Baefese 1:10, ho fapane le ho bokellwa ha “bakgethwa” bao Jesu a buileng ka bona ho Matheu 24:31 le ho Mareka 13:27. Pauluse o ne a bua ka nako eo Jehova a tla beng a kgetha bara ba hae ka hore a ba tlotse ka moya o halalelang e le hore ba yo busa le Jesu. Jesu yena o ne a bua ka nako eo batlotsuwa ba setseng lefatsheng ba tla bokellwa ho ya lehodimong nakong ya mahlomola a maholo.