Naletsana
a Tyndale o sebedisitse lebitso “Iehouah” dibukeng tse hlano tse qalang tsa Bibele eo a e fetoletsweng. Ha nako e ntse e feta, puo ya Senyesemane e ile ya fetoha mme le mokgwa wa ho ngola lebitso la Modimo o ile wa fetoha. Mohlala, ka 1612, Henry Ainsworth o ile a sebedisa lebitso “Iehovah” ha a fetolela buka ya Dipesaleme. Ka 1639 ha a ntlafatsa phetolelo eo ya hae, o ile a sebedisa lebitso “Jehovah.” Ka tsela e tshwanang, bafetoledi ba Bibele ya American Standard Version e hatisitsweng ka 1901, ba ile ba sebedisa lebitso “Jehovah” hohle moo lebitso la Modimo le neng le hlaha teng ka Seheberu.