Laboraro, la 8 October
Nke ke ka o tlohela.—Baheb. 13:5.
Sehlopha se Busang se ntse se kwetlisa bathusi dikomiting tse fapafapaneng tsa Sehlopha se Busang. Bathusi bana ba tshepahalang ba na le boikarabelo bo boholo ka hara mokgatlo wa Jehova. Ba kwetlisitswe hantle ho tswela pele ka mosebetsi wa bona wa ho hlokomela dinku tsa Kreste. Ka mora hore batlotsuwa kaofela ba ye lehodimong ho elella qetellong ya mahlomola a maholo, batho ba Jehova ba lefatsheng ba tla tswela pele ba mo sebeletsa ka botshepehi. Re leboha Jehova ka boetapele ba Jesu Kreste hobane barapedi ba Modimo ba tla tswela pele ba mo rapela. Ke nnete hore ka nako eo, re tla hlaselwa ke Gogo wa Magogo, e leng dinaha tse ikopantseng. (Ezek. 38:18-20) Empa tlhaselo eo ya nakwana, e ke ke ya atleha hobane e ke ke ya etsa hore batho ba Modimo ba kgaotse ho mo rapela. Jehova o tla ba pholosa. Ponong, moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo” ba dinku tse ding tsa Kreste. Johanne o ile a bolellwa hore “bongata bo boholo” bo pholohile “mahlomola a maholo.” (Tshen. 7:9, 14) Bongata bo boholo bo tla dula bo sireletsehile. w24.02 5-6 ¶13-14
Labone, la 9 October
Le se ke la sitisa moya wa Modimo hore o sebetse ho lona.—1 Bathes. 5:19.
Re ka etsang e le hore re fumane moya o halalelang? Re ka kopa hore Jehova a re fe wona, ra ithuta Lentswe la hae le ho sebedisana le mokgatlo wa hae o tataiswang ke moya o halalelang. Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re be le “ditholwana tse behwang ke moya o halalelang.” (Bagal. 5:22, 23) Ke batho ba nahanang dintho tse nepahetseng le ba itshwereng hantle feela bao Modimo a ba fang moya wa hae o halalelang. A ka kgaotsa ho re fa moya wa hae o halalelang haeba re nahana ka dintho tse fosahetseng ebile re di etsa. (1 Bathes. 4:7, 8) E le hore re nne re fumane moya o halalelang, ha re a lokela ho “bua hampe ka boprofeta.” (1 Bathes. 5:20) Temaneng ena lentswe “boprofeta” le bolela melaetsa eo Jehova a re fang yona a sebedisa moya wa hae o halalelang. Melaetsa eo e akareletsa e buang ka letsatsi la Jehova le ka moo le potlakileng ka teng mehleng ena. Ha re a lokela ho nahana hore letsatsi la Jehova kapa Armagedone e ke ke ya tla mehleng ena eo re phelang ho yona. Ho ena le hoo, re dula re nahana ka lona ka hore re tswele pele ho “sebeletsa Modimo ka botshepehi” le ka ho dula re itshwere hantle.—2 Pet. 3:11, 12. w23.06 12 ¶13-14
Labohlano, la 10 October
Mohato wa pele wa ho fumana bohlale ke ho hlompha Jehova.—Diprov. 9:10.
Re lokela ho etsang haeba ka tshohanyetso setshwantsho sa pornography se ka hlaha disebedisweng tsa rona tsa elektronike? Hanghang feela re se tlose. Re ka nolofallwa ho etsa jwalo haeba re hopola hore ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke setswalle sa rona le Jehova. Ditshwantsho tse ding di ka etsa hore re be le takatso ya ho etsa boitshwaro bo bobe le hoja e se pornography. Ke hobaneng ha re lokela ho di qoba? Hobane ha re batle ho etsa letho le ka etsang hore re nahane ka ho etsa boitshwaro bo bobe. (Mat. 5:28, 29) Morabo rona David eo e leng moholo ya dulang naheng ya Thailand o re: “Ke ye ke ipotse hore na le hoja ditshwantsho tsena e se pornography, na Jehova a ka thaba ha a mpona ke dula ke di shebile. Ho ipotsa potso ena ho nthusa hore ke etse dintho hantle.” Ho tshaba ho etsa eng kapa eng e ka utlwisang Jehova bohloko ho tla re thusa hore re etse dintho ka bohlale. Ho hlompha Jehova ke “mohato wa pele” wa ho ba “bohlale.” w23.06 23 ¶12-13