LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • This Week
La 11-17 August
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2025 | July

LA 11-17 AUGUST

DIPROVERBIA 26

Pina ya 88 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. Tsamaella Hole le “Motho ya se Nang Kelello”

(10 mets.)

“Motho ya se nang kelello ha a tshwanelwe ke tlhompho” (Pr 26:1; it-2-E 729 ¶6)

Hangata “batho ba se nang kelello” ba hloka ho kgalemelwa ka thata (Pr 26:3; w87 10/1 19 ¶12)

“Motho ya se nang kelello “ ha a tshepahale (Pr 26:6; it-2-E 191 ¶4)


TLHALOSO: Ka Bibeleng, polelwana e reng “motho ya se nang kelello” e hlalosa motho ya sa batleng ho mamela melao ya Jehova ya se nepahetseng le se fosahetseng.

Morabo rona e motjha o sekolong mme o tloha ka phatla e phahameng ho bana bao a kenang sekolo le bona ba shebileng fono.

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Pr 26:​4, 5—Ke hobaneng ha maele aa a mabedi a sa hanyetsane? (it-1-E 846)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

(4 mets.) Pr 26:​1-20 (th thuto ya 5)

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Sebedisa pampitshana ho qala moqoqo. (lmd thuto ya 1 ntlha ya 5)

5. Kgutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Tswela pele ka moqoqo o sebedisa pampitshana eo o e siileng leetong le fetileng. (lmd thuto ya 7 ntlha ya 4)

6. Ha o Etsa Barutuwa

(5 mets.) Thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a itokisetse ho pakela motho ya amanang le yena. (lmd thuto ya 11 ntlha ya 5)

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 94

7. Eba ‘Bohlale e le Hore o Tle o Pholoswe’ ka ho Etsa Thuto ya Botho

(15 mets.) Puisano.

Ditshwantsho: 1. Moradi wa bo rona o ithuta Bibele a le hae. O shebelletse video ya puo ya matsoho e hlahang ho jw.org khompiyutheng. 2. Morabo rona o ntse a bala fonong ya hae a kentse diheadphone ka nako ya kgefu mosebetsing. 3. Moradi wa bo rona ya hodileng o ntse a a sebedisa “JW Library” thaboleteng ya hae. 4. Moradi wa bo rona le mora wa hae e motjha ba sebedisa “JW Library” thaboleteng nakong ya diboka tsa hara beke.

Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Timothea bohlokwa ba Mangolo a halalelang ao a ileng a ithuta ona ho tloha boseeng. Mangolo ana a ile a hlalefisa Timothea e le hore a tle a pholoswe. (2Ti 3:15) Ho bohlokwa hore Mokreste e mong le e mong a ipehele nako ya ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo a ithutileng sona hobane dinnete tsa Bibele di bohlokwa. Empa ho thweng haeba re sa thabele ho bala?

Bala 1 Petrose 2:2 ebe o botsa bamamedi dipotso tse latelang:

  • Na ho ka kgoneha hore re ithute ho rata ho bala Bibele?

  • Re ka etsang hore re ‘hlaolele tabatabelo’ ya ho bala Lentswe la Modimo?—w18.03 29 ¶6

  • Dithulusi tsa elektronike tsa mokgatlo di re thusa jwang hore re rue molemo haholwanyane ha re ithuta Bibele?

Shebellang VIDEO ya Seo Mokgatlo o se Finyeletseng—Ditlhahiso Tsa ho Sebedisa JW Library ebe o botsa bamamedi dipotso tse latelang:

  • O ruile molemo jwang ka ho sebedisa JW Library®?

  • Ke dikarolo dife tsa JW Library® tseo o thabetseng ho di sebedisa?

  • Ke dikarolo dife tseo o batlang ho ithuta tsona le ho qala ho di sebedisa?

8. Thuto ya Bibele ya Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ya 8-9

Dintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ya 89 le Thapelo

Tse ka Hare
Tora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2025 | May

Sehlooho se Ithutwang sa 23: Beke ya la 11-17 August 2025

26 Lebitso la Jehova le Lokela ho Bolelang ho Rona?

Additional Reading

Other articles in this issue

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share