Buka ya Pele ya Samuele
5 Ha Bafilista ba hapa Areka+ ya Modimo wa nnete, ba ile ba e tlosa Ebenezere ba e tlisa Ashdode. 2 Bafilista ba ile ba nka Areka ya Modimo wa nnete ba e tlisa ka tlung* ya modimo wa bona Dagone mme ba e beha ka thoko ho Dagone.+ 3 Ha Baashdode ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba fumana Dagone a wetse fatshe ka sefahleho ka pela Areka ya Jehova.+ Ka hoo, ba nka Dagone mme ba mo kgutlisetsa sebakeng sa hae.+ 4 Ha ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba fumana Dagone a wetse fatshe ka sefahleho ka pela Areka ya Jehova. Hlooho ya Dagone le matsoho a hae ka bobedi a ne a kgaohile mme a wetse fatshe ka pela monyako. Ke karolo ya tlhapi feela* e neng e sa pomeha. 5 Ke ka lebaka leo baprista ba Dagone le bohle ba kenang ka tlung ya Dagone ba sa hateng monyako wa Dagone Ashdode ho fihlela letsatsing lena.
6 Jehova a fa Baashdode kotlo e boima mme a etsa hore batho ba dulang Ashdode le metseng e haufi le yona ba ruruhe methapo ya ka morao.*+ 7 Ha banna ba Ashdode ba bona se neng se etsahala ba re: “Tlosang Areka ya Modimo wa Iseraele ho rona hobane o re file kotlo e boima ha mmoho le modimo wa rona Dagone.” 8 Ba bitsa marena ohle a Bafilista mme ba a bokella ba re ho ona: “Re etseng ka Areka ya Modimo wa Iseraele?” Ba araba ba re: “Isang Areka ya Modimo wa Iseraele Gathe.”+ Ka hoo, ba isa Areka ya Modimo wa Iseraele moo.
9 Ka mora hore ba e ise moo, Jehova a halefela motse oo mme a etsa hore batho ba moo ba tshohe haholo. A etsa hore batho ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane ba ruruhe methapo ya ka morao.+ 10 Ka hoo, ba isa Areka ya Modimo wa nnete Ekrone+ empa hang ha Areka ya Modimo wa nnete e fihla Ekrone, Baekrone ba hweletsa, ba re: “Ba tlisitse Areka ya Modimo wa Iseraele ho rona hore ba re bolaye ha mmoho le setjhaba sa rona.”+ 11 Yaba ba bitsa marena ohle a Bafilista, ba a bokella ba re: “Tsamaisang Areka ya Modimo wa Iseraele. E kgutlisetseng sebakeng sa yona e le hore rona le setjhaba sa rona re se ke ra shwa.” Batho bohle motseng ba ne ba tshohile hore ba tlo shwa hobane Modimo wa nnete o ne a ba file kotlo e boima+ 12 mme batho ba neng ba sa shwa ba ne ba otlilwe ka ho ruruha ha methapo ya ka morao. Sello sa baahi bohle ba motse sa nyolohela mahodimong.